Bolumeli bo Bongata Hakana!
HAEBA ho le teng Molimo o le mong feela, ke hobane’ng ha bolumeli bo le bongata hakaale? Na ho na le mohla u kileng ua makalla see? Batho ba bangata ba nahanang ba ’nile ba ipotsa. ’Me ho thata ho fumana karabo. Boemo ba bolumeli lefatšeng bo ferekane haholo. Nahana ka lintlha tse ling.
Ho Na le Bolumeli Bo Bokae? Ho thata ho ho bolela. Empa bo bongata haholo. Merabe e meng e rapela melimo ea libaka. Ba bangata ba Bochabela ba rapela baholo-holo ba bona. Ba bang ba na le molimo o le mong feela; Mahindu a na le limillione tsa eona. Batho ba bangata Bojakaneng ba lumela ho boraro-bo-bong—batho ba bararo ho molimo o le mong. Batho ba bang ke balumeli feela ba hlile ha ba na tumelo e tiileng ho molimo ofe kapa ofe ho hang.
Na Bolumeli Bohle ke Litsela Tse sa Tšoaneng Tsa ho Rapela Molimo o le Mong? Batho ba bangata ba lumela joalo. Empa joalokaha linnete tse tsoa boleloa li bontša, hona hase ’nete. Ntle ho moo, le litšobotsi tsa melimo e rapeloang ha li tšoane. Bolumeli bo bong bo na le melimo eo ho lumeloang hore e iphapanyelitse batho. Bo bong bo na le melimo e tletseng boiphetetso, empa bo bong bo talima melimo ea bona e le molemo. Ka ho totobetseng, bolumeli bona ha bo bue kaofela ka molimo o le mong.
Na ho na le Lintho tse Tšoanang Bolumeling Bohle? Ho sa tsotellehe ho se tšoane, ho na le ho tšoana ho hongata hoo re tla buisana ka hona hamorao. Leha ho le joalo, hona joale, re ka ka ra re: Bolumeli bo bongata bo ruta hore ho na le matla a phahametseng motho (le hoja bo sa lumellane hore na matla ao ke afe). Bolumeli bo bongata bo fana ka tataiso hore na motho o lokela ho itšoara joang bophelong bona ba hona joale (le hoja tataiso eo e fapana ka bolumeli). ’Me bolumeli bo bongata bo ruta ka “pholoho” ea mofuta o itseng, kapa tšepo ea bophelo boo ho bona mahlomola a rōna a hona joale a tla beng a felile (le hoja bo fapana ka hore na “pholoho” eo ke ea mofuta ofe).
Na ho na le Hoo re ka Ithutang Hona ho See? Batho ka kakaretso ho totobetse hore ba utloisisa hore ho na le monyetla oa ho thabela bophelo bo molemo ho feta boo re nang le bona hona joale. Leha ho le joalo, batho ka bomong ba ikutloa ba se boemong bo lekaneng ba ho talimana le mathata a ba talimileng ’me ba bona hore ho hlokahala matla a phahameng hore a ba thuse.
Empa ke hobane’ng ha ho le teng bolumeli bo bongata hakana bo fanang ka keletso e hanyetsanang, motho a ka ea kae bakeng sa thuso ee eo a e hlokang ka ho totobetseng? Hantle-ntle bolumeli bona bo hanyetsanang bo tsoa kae kaofela ha bona? Na ho na le tsela ea ho bolela hore na ke bofe bo nepileng?