Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 8/15 maq. 4-6
  • Bo Qalile Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bo Qalile Hokae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qaleho ea Bona Bohle
  • Bolumeli Bo Qalile Joang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Karolo 2:2369-1943 B.C.E.—Setsomi, Tora, le Uena!
    Tsoha!—1989
  • Bolumeli bo Bongata Hakana!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na re ka Fumana bo Nepahetseng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 8/15 maq. 4-6

Bo Qalile Hokae?

LE HOJA bolumeli ba lefatše bo arohane haholo, bo na le ho tšoana ho hongata. Ka mohlala, bolumeli ba litaola ba Amerika e ka boroa, bolumeli ba merabe ba Afrika, bolumeli bo boholo ba Bochabela, bolumeli ba batala ba Australia—ha e le hantle, hoo e ka bang bolumeli bohle—bo lumela hore ho na le karolo ea moea ea motho e pholohang lefu la ’mele oa nama. Hape, bolumeli bo bongata bo na le tumelo ea hore ho teng meea e sa bonahaleng e ka etsang batho hantle kapa hampe.

Na hape u hlokometse hore ho sebelisoa ha litšoantšo ho atile hakae? Hape, bolumeli bo bongata bo sebelisa bonohe kapa bolepi ba linaleli. ’Me paleng eohle bolumeli bo bongata bo na le melimo ea boraro-bo-bong e kang oa Bojakane.

Na u nahana hore ho bonolo hore e be bolumeli boo kaofela bo iqapetse mekhoa e tšoanang joalo ea bolumeli bo bong le bo bong moo bo leng bong? Kapa na e be ho ka etsahala hore e be bo fumane maikutlo a bona mohloling o tšoanang? Ka sebele, hona ho utloahala haholo. Empa mohloli oo o tšoanang ke ofe?

Ho arabela sena, re tlameha ho bua ka hore na bolumeli bo tsoile hokae. Ena ke taba eo liithuti tsa pale li sa e utloisiseng hantle. The World Encylopedia e bolela hore: “Liithuti tse itseng li bile le likhopolo tsa hore na bolumeli bo qalehile joang mehleng ea pele ho ngoloa se etsahalang. Ha ho khopolo le e ’ngoe e ileng ea amoheloa ke liithuti kaofela.” Leha ho le joalo, ho na le matla a matle a re bolellang ka tšimoloho ea bolumeli. Matla ao ke Bibele.

Qaleho ea Bona Bohle

Joalokaha u tseba, Bibele ke buka e neng e hlomphuoa hohle ka nako e ’ngoe. Mehleng ena, ka bomalimabe, palo ea batho ba e balang e ntse e qepha. Empa ha re bua ka bolumeli, re ke ke ra etsa joalo ka tsela e khotsofatsang haeba re sa ee Bibeleng, hobane, ha re bua ka bolumeli, e amme batho ho feta buka leha e le efe e ’ngoe.

Hape, ntle ho eng kapa eng, Bibele e hlalosa ka matla kamoo bolumeli bo qalehileng hobane e na le tlaleho ea banna ba phetseng haufi haholo le se etsahetseng ho feta rōna. Ha re nahaneng ka seo Bibele e se bolelang ’me re bapise seo re se fumaneng le tse ling tsa likhopolo tsa liithuti tsa kajeno.

Bibele e re bolella hore qalehong motho o ne a lumela ho Molimo o le mong. Hona ha hoa itsoela ho eena. Ho latela tlaleho, Molimo o itšenotse ho motho qalehong e le Mohloli o moholo oa bophelo. Oa fana ka thuso le tataiso, e le hore motho a ka atlehisa tsela ea hae bophelong. (Genese 1:26–2:25) Kahoo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e qalile feela ka bolumeli bo le bong. Joale boemo bo ferekaneng ba kajeno bo qalile joang?

Ho ea ka Bibele, hona ho qalile ka ho fetohela Mohloli oo oa pele. Bukeng e lilemo li 3 000, monna ea bitsoang Nimrode o tsebahatsoa e le eena moqali oa bofetoheli. Nimrode a iphetola mohahi oa metse e meholo, a haha metse e meholo sebakeng sa boholo-holo se tsejoang e le Mesopotamia. Kajeno sebaka seo ke karolo ea Iraq. E meng ea metse eo a ileng a e haha e ne e bitsoa Babele, Ereke, Akkade, le Kalne.—Genese 10:10-12.

Dr. Robert M. Adams, ha a ngola makasineng ea Scientific American, o bitsa ho hahoa ha metse e meholo “‘khanyetso’ ea bobeli e khōlō tsoelopeleng ea motho.” Kaha metse eo Nimrode a e hahileng ke e meng ea pele e hlokomeloang ke Bibele, re ka ananela hore na monna enoa o ne a e-na le tšusumetso e kaakang.

Ke motseng oa Babele (kapa Babylona) o qetelletseng e le oona o moholo ho eo ea boholo-holo moo Bibele e bolelang ka boiteko ba ho tšoephola thato ea Molimo eo o neng o e boleletse batho hore ba ate ba tlale lefatše. Batho ba re: “Tlong joale, re ikhahele motse le tora, hloro ea eona e fihle leholimong, ’me re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetsoa lefatšeng lohle.” (Genese 11:4) Leha ho le joalo, ka baka la ho kenella ha Molimo ba sitoa ho phetha morero oa bona ’me ba ’na ba qhalana le lefatše, ba ntse ba tsamaea le maikutlo a bona a bolumeli ba bofetoheli.

Hona ho ema joang le likhopolo tsa hona joale tsa liithuti?

Pele: Encyclopedia Americana e re: “Liithuti li batla li lumellana kaofela hore tsoelopele ea pele eo re e tsebang e hlahile har’a Masumeria Mesopotamia.” Dr. Gideon Sjoborg, sehloohong se ho Scientific American o lumela ka hore: “Kamoo ho tsebisahalang, metse ea pele e meholo e qalehile . . . Sekhutlong se Nonneng, karolo e ka bochabela e akarelletsang Mesopotamia.” Kahoo, bahlalefi ba lumela hore batho ba qalile ho haha metse e meholo ka nako e tšoanang le eo Bibele e e bolelang.

Sa bobeli: Mabitso le libaka tsa boholo ba metse eo Bibele e reng e hahiloe ke Nimrode li tloaelehile ho baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo.

Sa boraro: Baahi ba Mesopotamia ba tsebisahala ka ho haha litora tse khōlō ka merero ea bolumeli. Ba li bitsa ziggurats. Koana, tora ea sebele eo ho boleloang ka eona ho Genese khaolo ea 11 e ne e sa phethoa. Empa baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo ba epollotse litora tse ngata tse phethiloeng tseo mohlomong li neng li tšoana le eo.

Sa bone: Lebitso “Nimrode” ha lea fumanoa ka ntle ho Bibeleng ka boeona, empa libuka tse ling tsa tsebo li amahanya lebitso le molimo o moholo oa Babylona, Marduke. Litlhaku “MRD” tse hlahang lebitsong le leng le le leng, li bonahala e le motso, kapa karolo e hlalosang haholo ea mantsoe ka bobeli. Haeba kamano ena e nepahetse, e tlameha e be Nimrode o ne a rapeloa joaloka molimo, joalokaha lilemo hamorao bo-Sesare ba Roma le bo-Faro ba Egepeta ba ne ba rapeloa joaloka melimo.

Koana, baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo ba fumana ho sa fellang hantle ka lintho tse etsahetseng khale hakaalo. Mesaletsa e mengata ea tseo ba li epollang e boemong bo seng botle haholo, ’me ho thata ho li hlalosa ka nepo. Ntle ho pelaelo bopaki bo bongata bo lahlehile ka ho sa feleng. Kahoo, seithuti sa Bibele ha sea itšetleha ka ho epolloa ha mesaletsa ea tsa boholo-holo ho paka hore tlaleho ea Bibele ke ’nete.a Leha ho le joalo, hoa hlokomeleha hore lekala lena la thuto ea mahlale le tiisitse kakaretso ea liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng.

Hape hoa hlokomeleha hore pale ena ea boholo-holo e re thusa ho utloisisa litšobotsi tsa pono ea bolumeli ba lefatše kajeno. Joang? Ka hore baahi ba Mesopotamia ba ne ba le matla bolumeling kamorao ho bofetoheli boo ba pele. Ba ne ba lumela hore motho o na le karolo ea moea e pholohang lefu. Ba ne ba lumela bademona ka matla. Ba ne ba sebelisa litšoantšo. Ba ne ba noha, ba lepa le linaleli, ba bile ba e-na le melimo e meraro ho o le mong. Tsena ke litumelo tse tšoanang le tseo batho ba nang le tsona ka tloaelo hona joale.

Na hona ho bolela hore bolumeli ba Mesopotamia ea boholo-holo bo ile ba ata le ho susumetsa bolumeli ho pota lefatše? Liithuti tse ngata li fihletse qeto eo. Ho Handbooks of the History of Religions, Moprofesa Morris Jastrow o buile hore “maikutlo a matla a entsoeng lefatšeng la boholo-holo ke lipontšo tse tsotehang tsa maikutlo a bolumeli Babylonia.”

Bukeng The Worship of the Dead, Col. J. Garnier o ngotse: “E seng feela Baegepeta, Bakalde, Bafonesia, Bagerike le Baroma, empa le Bahindu, Mabudha, . . . Magoth, Maanglo-Saxon, Madruid, Mamexican le Maperuvian . . . kaofela e tlameha e be maikutlo a bona a bolumeli a qalehile mohloling o le mong le setsing se tšoanang. Kae le kae re fumana ho tšoana ho makatsang ka ho fetisisa litokelong, litšebeletsong, mekhoeng, lineanong, le ka mabitso le likamano tsa melimo le melimotsana ea bona.” Ka ho totobetseng, ha Bababylona bao ba pele ba qobelloa ho fallela lefatšeng lohle ba ile ba ea le maikutlo a bolumeli ba bona malapeng a bona a macha.

Empa na boitsebiso bona bo ka re thusa ho fumana bolumeli bo nepahetseng kajeno?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa mabaka a tiileng a hore na ke hobane’ng ha Bibele e ka amoheloa e le ’nete, bona buka Is the Bible Really the Word of God?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]

Melimo e meraro ho o le mong. Tšebeliso ea litšoantšo. Bolepi ba linaleli. Boteng ba meea e sa bonahaleng. Karolo ea moea ea motho e pholohang lefung. Litumelo tsena li tloaelehile bolumeling linaheng tse ngata

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

BABYLONA EA BOHOLO-HOLO

Mohaho oa Bamaya

Boraro-bo-bong ba Hindu

Boraro-bo-bong ba Bojakane

Ho Rapeloa ha Maria

Borapeli ba baholo-holo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela