Na re ka Fumana bo Nepahetseng?
HA RE tseba hore na ho se tšoane ha bolumeli ho qalile hokae, ho bonolo ho arabela potso ena: Bolumeli bo nepahetseng ke bofe? Ka ho hlakileng, bolumeli ba ’nete mohlala oa bona o ke ke oa saloa morao ho ea fihla bofetoheling bo ileng ba etsetsoa Mohloli oa ’nete oa bophelo.
Encyclopedia of World Religions e fana ka tlhaloso e khahlisang e ka re thusang mona. E re: “Bolumeli ba lefatše bo ka aroloa ka likoto tse peli—ba boprofeta le ba mehlolo . . . ba boprofeta [bo bonahala bo simolohile ho] Bajode.”
Ho latela tlaleho ea Bibele, baholo-holo ba Bajode ha baa ka ba fetohela Mohloli oa ’nete oa bophelo le ba bang Babele. Lesika la bona la akarelletsa banna ba kang Sema, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ba neng ba tsejoa ka ho khomarela borapeling bo hloekileng ba Molimo. Ha e le hantle, Abrahama o bitsoa “motsoalle oa Molimo,” Molimo oa ’nete oo lebitso la oona e leng Jehova joalokaha ho qaqisa Bibele. (Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18; Jakobo 2:23) Na ho na le batho kajeno ba rapelang Jehova ka tsela eo Abrahama a neng a etsa ka eona?
Lesika la Barapeli ba ’Nete
Ka baka la ho tšepahala ha Abrahama, Jehova Molimo a tšepisa hore bana ba hae ba tla qetella e le sechaba se khethehileng mahlong a Hae. Tšepiso ena e ile ea phethahatsoa ho Baiseraele ba boholo-holo. Ba utloa Molimo o re: “Ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse ling kaofela, etsoe lefatše lohle e le la ka.”—Exoda 19:5.
Ka lilemo tse telele borapeli ba Jehova bo ile ba lula bo phela lefatšeng ka Bajode, le hoja hangata ba ne ba oela sebeng le bokoenehing. Leha ho le joalo, Jehova nako le nako o ne a ba bolella hore o tla ba rōmela lenqosa le khethehileng le tla tlisetsa batho pholoho. Kamorao ho lilemo tse 1 500, la hlaha. E ne e le Jesu Kreste.
Ka bomalimabe, nakong eo Jesu a fihlang ka eona, Bajode ba ne ba khelohile haholo ho Jehova. Ba ne ba ntse ba ipolela hore baa mo rapela, empa, joalokaha Jesu a ile a bolella ba bang ho baetapele ba bona ba bolumeli: “Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang.” (Mattheu 15:1, 6) Kaha Bajode ba ile ba hanyetsa Jesu, Molimo oa ba lahla. Jesu a ba hlokomelisa: “’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla bea litholoana tsa oona.”—Mattheu 21:43.
Bokreste
“Sechaba” seo sa bonahala e le phutheho ea Bokreste. Bana ke ba ileng ba amohela Jesu Kreste ha Bajode ka kakaretso ba mo lahla, ’me Molimo o hlohonolofatsa ba tšepahalang bakeng sa tumelo ea bona. Nakoana hamorao ho lefu la Jesu, ka mohlolo Molimo oa nea balateli ba Jesu matla a ho bua ka lipuo lisele—e seng ka ho itlatlarietsa ka ntho e sa utloahaleng empa ka lipuo tsa sebele tseo ba bang ba neng ba li utloisisa. Lipheko, litsoho le mehlolo e meng tsa eketsa matla ’neteng ea hore ruri mona, e ne e le “sechaba” se sebelisoang ke Molimo.—Ba-Heberu 2:4; bapisa Liketso 2:1-4; 3:1-10; 9:32-41; 20:7-12.
U ka ’na ua re: ‘Kannete Bokreste bo ferekane joaloka bolumeli bo bong le bo bong ba lefatše kajeno. Ho na le lihlopha tse makholo-kholo tse ipitsang Bokreste, empa kaofela li fapana e ’ngoe ho tse ling ’me lia hanyetsana. Hona ho bile teng joang?
Pale e bontša hore Bakreste ba bangata ba ile ba etsisa se ileng sa etsoa ke Bajode. Ba koeneha. Ba tsoaka molaetsa oa Jesu le lithuto tse tsoang bolumeling bo bong. Ke kahoo ba ileng ba qala ho ruta lithuto tse kang batho ba bararo ho molimo o le mong (Boraro-bo-bong), tse qalehileng mehloling eo e seng ea Bojode le eo e seng ea Bokreste.
Hantle-ntle lithuto tsee li ne li tsoa kae? Ka Boraro-bo-bong, seithuti se seng sa ngola: “Ha ho kae kapa kae ka Testamenteng e Ncha moo ho hlahang lentsoe ‘boraro-bo-bong.’ Khopolo ena Kereke e inketse eona hosele lilemong tse makholo a mararo kamorao ho lefu la Morena oa rōna; ’me maikutlo ana ho hang ke a bohetene.” (The Paganism in Our Christianity, ea Arthur Weigall) Ho ka ’na ha boleloa joalo ka thuto ea ho se shoe ha moea, tšebeliso e atileng ea litšoantšo, ho rateha ha bolepi ba linaleli le lithuto tse ling tse ngata tse tloaelehileng le mekhoa ea Bojakane. Mohloli oa tsona o ke ke oa fumanoa borapeling ba pele ba Mohloli oa ’nete oa bophelo empa bofetoheling boo ba boholo-holo ba bolumeli ba Mesopotamia.
Leha ho le joalo, hase Bakreste bohle ba silafetseng. Jesu ka boeena o hlile a lemosa ka bokoenehi bona, empa a tšepisa hore bolumeli ba ’nete bo tla pholoha ho fihlela qetellong. (Mattheu 13:18-30) E be joale re ka bo fumana hokae kajeno?
Ho Fumana Bolumeli ba ’Nete
Jesu o fane ka molao oa ho hlokomela bolumeli ba ’nete. O itse: “Sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate.” Tholoana e mpe e ne e tla tsebahatsa bolumeli ba bohata, ’me litholoana tse ntle li ne li tla senola ba ’nete.—Mattheu 7:15-20.
Tholoana e tla beoa ke bolumeli ba ’nete ke efe? Lesakana le mona le bontša letoto la tse ling tsa litholoana tse joalo, joalokaha re li bolelloa ke Bibele. Ha u le bapisa le bolumeli bohle boo u bo tsebang rea tiisa u tla potlakela ho hlokomela hore na ke bofe bo nang le ’nete le hore na ke bofe bo se nang ’nete.
Leha ho le joalo, ho tla hlokahala hore u hlahlobe letoto ka hloko. Ka mohlala, u tla hlokomela hore letšoao le leng la bolumeli ba ’nete ke ho ba le ‘lerato la ’nete.’ Joale, bolumeli bo bongata bo bolela hore bo na le lerato le joalo. Empa haeba har’a litho tsa bolumeli ho atile ho qhekella khoebong, boitšoaro bo bobe, kapa boikhabi, na kannete lia ratana? ’Me haeba li ikemiselitse ho bolaeana litsekisanong kapa lintoeng, lerato la tsona ke la ’nete hakae? Ka ho tšoanang, letšoao le leng ke hore “sohle seo ba se lumelang se theiloe Bibeleng.” Koana, litho tsa bolumeli bo bongata ba Bojakane li nahana hore ho joalo ka seo ba se lumelang. Empa na u tseba ka bolumeli boo litho tsohle tsa bona li ikhathatsang ho phetla Libibele tsa tsona ho bona haeba hona ke ’nete ka seo li se lumelang?
Haeba u e-na le mathata patlong ea hao, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.
Ruri ho molemo ho batla bolumeli ba ’nete. Motho ka tlhaho o utloa hore ho hlokahala bophelo bo molemo ho feta boo a bo thabelang hona joale. Bolumeli ba ’nete bo ka re lebisa ntlheng eo ea bophelo. Ka tlhaho re botsa lipotso tse kang: “Morero oa bophelo ke ofe?” “Ke hobane’ng ha re le teng?” Bolumeli ba ’nete bo ka re kopanya le Mohloli oa bophelo bohle, Jehova Molimo ea tla re arabella lipotso tseo. Ho feta moo, ba bang ho rōna ka linako tse ling re ee re hloke tataiso ka tsieleho ho rarolleng mathata ao re talimanang le oona letsatsi ka letsatsi. Bolumeli ba ’nete bo ka re tataisa ka tsela e joalo.
E, ho na le bolumeli ba ’nete, ’me re ka bo fumana. Ha re etsa joalo re tla tleloa ke melemo ea ka ho sa feleng, hobane Bibele e-ea re tšepisa: “Ba batlang Jehova ha ba haelloe ke molemo leha o le mong.”—Pesaleme ea 34:10.
[Lebokose le leqepheng la 8]
MATŠOAO A KHETHOLLANG BOLUMELI BA ’NETE
□ Ba bo sebelisang ba ratana kannete.—Johanne 13:35.
□ Sohle seo ba se lumelang se theiloe Bibeleng.—Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17
□ Ba rapella hore Molimo o halaletse lebitso la oona.—Mattheu 6:9; Pesaleme ea 83:18.
□ Ba bolela ’muso oa Molimo lefatšeng lohle.—Mattheu 24:14.
□ Ba ikarotse litabeng tsa lefatše.—Jakobo 1:27; Johanne 17:14.
□ Ba etelletsa pele ’muso oa Molimo le ho loka ha oona bophelong ba bona.—Mattheu 6:33.
□ Ba hlaolela tholoana ea moea oa Molimo.—Ba-Galata 5:22, 23.
□ Ba mamela melao eohle ea batho e sa hananeng le molao oa Molimo.—Ba-Roma 13:1-7.