Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Ho ka sebelisoa eng bakeng sa litšoantšetso boikhopotsong ba Sejo sa Morena sa Mantsiboea, ’me litšoantšetso tsee li ka tšoaroa joang?
Boikhopotso ba selemo le selemo ba Sejo sa Morena sa Mantsiboea (Sehopotso) ke oona mokete feela oo Bakreste ba laeloang ke mangolo hore ba o boloke. Jesu o o theile bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E., kamorao ho ho keteka Paseka ea Sejode. Ka pel’a hae e ne e le lijo tse sa tšoaneng tse sebelisoang sejong sa Paseka. Tlaleho ea Luka e re:
“[Jesu] a ntoo nka bohobe, ’me eitse hobane a lebohe, a bo ngoatha, a ba nea bona, a re: Hona ke ’mele oa ka, o neeloang lōna; etsang hona hore le tie le ’ne le nkhopole. A etsa joalo le ka senoelo, ha ba se ba laletse, a re: Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.”—Luka 22:19, 20.
Molimo o ne o laetse Bajode hore ba sebelise “bohobe bo se nang litomoso” nakong ea Paseka. (Exoda 12:8) Kahoo ‘mahobe’ ao Jesu a neng a e-na le oona e ne e le mahobe a sa lomosoang. A ne a entsoe ka koro e se nang letsoai kapa senoko sefe kapa sefe se seng, hobane a ne a emela “mahobe a mahlomola.”—Deuteronoma 16:3.
Lipaki tsa Jehova kajeno li sebelisa “bohobe” bo joalo. Mabakeng a mang ho rekoa “matzos” tsa Sejode ’me li sebelisoe, ho hlokomeloa hore ho rekoa “matzos” tse sa eketsoang ka letho, lintho tse kang eiee, ’mela kapa mahe. “Matzos” tsa liphaphatha, tse omelelitsoeng tse sa nōkoang ke tsona tse loketseng. Kapa ho ka ’na ha etsoa bohobe bo sa lomosoang. Tekanyetso e nyenyane ea phoofo ea koro e sa sefuoanga e ka tsoakoa le metsi a seng makae. Hlama e mongobo o lekaneng e aloa hore e be tšesanyane joale e besoe ka pane e sephara (e tlotsitsoeng oli hasesane) ho fihlela bohobe bo oma metsi.
Tšoantšetso e ’ngoe eona? Lekholong la pele la lilemo C.E. Bajode ba ne ba amohetse ho sebelisoa ha veine sejong sa Paseka. Jesu o buile ka “se beoang ke morara” se neng se sebelisoa boikhopotsong boo. (Luka 22:18) Batho ba bang ba bolela hore Jesu o ne a sa bue ka veine empa ka lero la morara le sa lomosoang. Leha ho le joalo, lero le joalo la morara le ne le ke ke la lula le sa bela ho fihlela Paseka ea selemo se latelang, nakong ea selemo (ka leboea ho lefatše), kahoo Jesu o tlameha e be o ne a bua ka veine. Veine ea morara o mofubelu ekaba tšoantšetso e loketseng mali a Jesu. Kaha ‘mali a bohlokoa’ a Kreste a ne a lekane ka ho loketseng, Sehopotsong ha hoa lokela ho sebelisa veine e tsoakiloeng kapa e fetotsoeng ka boranti, e kang “sherry,” “port” le “muscatell,” kapa liveine tse ling tsa tafole tse tsoekere. (1 Petrose 1:19) Leha e le hore ekaba ho loketseng ho sebelisa veine e nang le matsoai kapa litlama-tlama, e kang “vermouth” le “Dubbonnet,” kapa liveine tse ling tse fanang ka takatso ea lijo. Ho e-na le hoo, veine e sa natefisoang e khubelu e kang “Chianti,” “Burgundy” kapa “claret” e loketse, kapa veine e khubelu e iketselitsoeng e sa natefisoang, e sa nokoang kapa e sa tsoakoang.
Baholo phuthehong ea Lipaki tsa Jehova ba lokela ho lokisetsa pele ho nako ho fumana bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu, ba hlahloba ho tiisa hore seo ba se fumanang se loketse. Matsatsi a kamorao ho boikhopotso ba Sejo sa Morena sa Mantsiboea ha ho hlokahale ho talima bohobe bo setseng le veine li khethehile kapa li halalela, hobane e ntse e le lijo tse itšoanelang le tse ling. Hape, ha ho lebaka la ho boloka botlolo eitseng ea veine bakeng sa selemo le selemo bakeng sa boikhopotso, ntle leha ho le thata ho fumana veine e loketseng.
Batho ba bang, ha ba neeletsoa litšoantšetso nakong ea boikhopotso ba Sehopotso, ba ’nile ba itšoara joalokaha eka li na le matla a khethehileng. Ka mohlala, batho ba seng bakae ka morero ba ’nile ba sekamisetsa lihlooho tsa bona bohobeng kapa ba fofonela litšoantšetso. Hona ha hoa lokela.
Nakong ea ho ikhopotsa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, bohobe le veine li tšoantšetsa ’mele oa Jesu oa nama le mali a hae a bohlokoa. (Mattheu 26:26-28) Kahoo, ha li fetisoa, motho ka mong o lokela ho ela hloko ka ho hlompha se emeloang ke bohobe le veine; Bamameli ba teng empa ba sa je litšoantšetso ba ka fetisa pleiti kapa galase ho ea ho motho ea latelang feela, ba hopotse haholoholo ka sehlabelo sa Jesu, se ka koahelang libe tsa rōna le ho etsa hore re be le tebello ea bophelo bo sa feleng.—1 Johanne 2:2; 1 Ba-Korinthe 11:23-26.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phoofo ea koro ke eona e ntle hobane ke eona eo Bajode ba neng ba e sebelisetsa mahobe a bona a se nang litemoso. Empa haeba ho le thata ho fumana phoofo ea koro, bohobe bo sa lomosoang bo entsoeng ka reisi, mabele kapa phoofo ea sejo sefe kapa sefe se lithollo e ka sebelisoa.
◼ Hobane’ng ha Setefane, ho Liketso 7:14, a bolela hore ho ne ho na le batho ba 75 lapeng la Jakobo ha ba fallela Egepeta, athe Genese 46:26 e re ba ne ba le 66 ’me Genese 46:27 e bua ka ba 70?
Ho na le likarabo tse ngata tse ka fanoang. E ’ngoe ke hore Liketso 7:14 e theiloe ho Greek “Septuagint Version,” ’me e ’ngoe ke hore Setefane o kopanyelelitse basali ba robong ba bara ba Jakobo.
Pele a re ke re hlokomeleng seo Setefane a se bolelang, joalo ka ha ho tlalehiloe ho Liketso 7:14: “Eaba Josefa o romela ho lata Jakobo, ntat’ae, le ba mofuta oa hae kaofela, e le batho ba mashome a supileng a metso e mehlano.” Re hopotse seo, re ka hlahloba seo tlaleho ea Genese e se bolelang ka ho fallela ha lelapa la Jakobo Egepeta.
Genese 46:8 e qala ka hore: “Mabitso a bara ba Iseraele ba ileng Egepeta ke ana: Jakobo le bara ba hae. “Ebe ho latela lethathamo la ba tsoileng ho Jakobo, ho kopanyeletsa le litloho-tloholoana tsa hae. Taba e fella ka mantsoe ana: “Batho kaofela ba tlileng le Jakobo Egepeta, ba tsoileng lethekeng la hae, e ne e le batho ba mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng ka ntle ho basali ba bara ba Jakobo. Bara ba Josefa, bao a ba tsoaletseng naheng ea Egepeta, ba ne ba le babeli. Batho kaofela ba ntlo ea Jakobo ba neng ba tle Egepeta ba ne ba le mashome a supileng.”—Genese 46:26, 27.
Lethathamo la 66 la bana ba Jakobo le ile la eketsoa ka litsela tse ngata. Liithuti tse ling li ile tsa kopanyeletsa bara ba Juda Ere le Onane haesita le litloholo tsa hae Hetsrone le Hamule. (Genese 46:12) Tse ling ha lia ka tsa kopanyeletsa Ere le Onane, hobane ba ne ba se ba shoele nakong eo ho falleloang Egepeta. (Genese 38:6-10) Liithuti tse ling tsa Bibele li ile tsa kopanyeletsa Dina, eo ho bonahalang a sa ka a nyaloa hohang, kapa mohlomong Eliabe, mora oa Rubene ea boleloang ho Numere 26:8. Ho ba 66 ba tsoileng ho Jakobo ho ka boela ha kopanyeletsoa Jakobo esita le Josefa le bara ba hae ba babeli (bana ba bararo ba qetellang e se karolo ea ba falletseng Egepeta). Ena ke tsela eo ka eona kakaretso ea 70 e fumanoang.
Morutuoa Setefane ka ho tiileng o ne a tseba hore Mangolo a Seheberu a bolela hore batho ba 66 ba lelapa la Jakobo ba ile ba fallela Egepeta. Ke ka baka la’ng, he, ha Liketso 7:14 e bolela hore Setefane o itse ke ba 75?
Bahlalosi ba bang ba Bibele ba bolela hore Setefane mohlomong o theile hlaloso ea hae ho phetolelo ea Greek “Septuagint” ea Genese 46:27. Phetolelo eo e fana ka lenane la batho ba bangata hobane ho temana ea 20 e kopanyeletsa mabitso a mahlano (bara ba bararo ba Manasse le Efraime le litloholo tse peli) ba sa boleloang Bibeleng ea Seheberu. Kapa, haeba Setefane ka boeena o ne a na le khopolo ea Seheberu ea 66 kelellong, ha Luka a ngola buka ea Liketso ka Segerike o ne a ka ’na a fana ka palo e fanoeng ke “Septuagint,” hobane phetolelo eo ea Segerike e ne e sebelisoa hohle.
Empa leha Setefane ka boeena a buile ka 75 kapa palo eo e tsoang phetolelong ea Segerike ea Genese 46:26, palo eo e ka etsoa hore e lumellane le palo ea Seheberu ea 66 ka ho kopanyeletsa basali ba bara ba Jakobo, bao Genese 46:26 ka ho khethehileng e reng ha ba kopanyeletsoa.
Ke ka baka la’ng ha ho tla baloa feela basali ba robong? Ho bara ba 12, mosali oa Josefa o ne a ke ke a kopanyeletsoa, hobane e ne e le mo-Egepeta ’me ha a ka a latoa ke Josefa. (Liketso 7:13-15) ’Me nakong eo ho falloang ka eona mosali oa Juda o ne a se a shoele. (Genese 38:12) Hoo ho tla etsa hore ho sale bonyane basali ba 10. Mosali oa Simeone oa mo-Heberu o ne a shoele le eena, hobane mora oa hae oa ho qetela, Saule, o hlalosoa e le “mora oa mosali oa moKanana.” (Genese 46:10) Kapa palo ea robong e ne e tla nepahala haeba Benyamine, mora e monyenyane ho bohle, o ne a e-so nyale ha lelapa le fihla Egepeta. Haeba hona ho joalo, bara ba Benyamine ba boleloang ho Genese 46:21 ba ile ba tsoaloa kamor’a ho falla empa ba kentsoe lethathameng ka baka la karolo eo ba neng ba tla ba le eona molokong le sechabeng. (Bapisa Ba-Heberu 7:9, 10.) Ka hona, haeba basali ba bara ba robong ba Jakobo ba kopanyeletsoa kakaretsong ea 66 e boleloang ho Genese 46:26 Bibeleng ea Seheberu, re tla ba le kakaretso ea 75, joalo ka ha “Septuagint” e bolela leha re bala ho Liketso 7:14.
Ho hlakile hore le hoja ho le teng litsela tse utloahalang tsa ho utloisisa Liketso 7:14, hammoho le lipalo tse boleloang ho Genese 46, re ke ke ra hatella maikutlo a rōna litabeng tsohle. Ka hona re na le lebaka le leng hape la ho lebella nako eo Molimo o tla tsosa bahlanka ba oona ba boholo-holo, hobane re tla khona ho ithuta ho bona ka ho toba liketsahalo tse nepahetseng tsa mangolo a mangata.—Johanne 5:28, 29.