Lintšing Tsa Harmagedone
KA LILEMO tse ka bang likete tse ’nè le halofo, liphutheho tse peli tse khōlō li bile ntoeng. Matla ao li tla oelana ka oona qetellong a tla lihela lefatše lohle ntoeng e mpe ho feta tsohle tse kileng tsa e-ba teng. Bibele e re ke “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” Empa, mohlomong, e tsebahala hamolemo haholo ka lebitso le tšosang haholoanyane la Harmagedone.a—Tšenolo 16:14, 16.
Hase kamehla ntoa ena e ileng ea tsejoa ka lebitso leo. Empa ntoa e tla ama lipeō tse peli tse boletsoeng ho Genese 3:15, moo re balang: “[’Na Molimo] ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”
Butle-butle, Jehova Molimo a senola hore matla a neng a poteletse ka noha, eo mantsoe a kaholimo a neng a tobisitsoe ho eona, e ne e le a sebopuoa se sa bonahaleng sa moea se ileng sa bitsoa “Diabolose le Satane.” (Tšenolo 12:9) “Peō” ea hae—ea leholimo le ea lefatše—ke phutheho e matla e itsetsepetseng ka matla lefatšeng lohle. (Johanne 8:44; Ba-Efese 6:12; Ba-Heberu 2:14) “Mosali” eo Jehova Molimo a buang ka eena ke phutheho ea hae e kang mosali ea leholimo. (Ba-Galata 4:26) Le eona e na le “peō” kapa bana, ’me phutheho ea Satane Diabolose e ba hloile.
Lebaka Leo Ntoa e Leng Tlamo
Ka hore Satane a thetse batsoali ba rōna ba pele hore ba nahane hore ba ka ipusa, o ile a ferekanya Paradeise ea khotso eo motho a neng a phela ho eona. (Genese 3:1-6) A fana ka maikutlo a hore Molimo ke ’musi oa moithati le ea sa lokelang eo melao ea hae le metheo e sa hlokahaleng kahobane ke lithibelo tse sehlōhō. ’Musi oa bokahohle o ne a ke ke a mamella ketselletso ena e etsetsoang lebitso la hae le botumo. Haeba Molimo o ne o ka etsa joalo o ne o tla bonahala o se na matla, ’me bokahohleng bohle bo ne bo tla qetella bo senyehile.
Ka hona, ka lebaka la lebitso la oona, Molimo o tla nka bohato, o ke ke oa lumela hore lebitso la oona le silafatsoe ka ho sa feleng kapa hore borena ba oona ba bokahohleng bo nyelisoe. (Bapisa Esaia 48:11, 12.) Ho hlōla phutheho ea Satane Harmagedone ho tla hlatsoa lebitso la Molimo Jehova le phahametseng mabitso ’ohle. (Pesaleme ea 83:18) ’Me kaha ho loana le Satane ho tla fella ka lefu la batho ba bangata haholo, ntoa ea Molimo e tla senya phutheho e bonahalang ea lefatšeng ea Satane, kapa tsamaiso ea lintho. Hona e tla ba ‘mahlomola a maholo’ ao Jesu Kreste a hlileng a a bolela ho Mattheu 24:21, 22 ’me ‘batho’ ba bang tla pholosoa ho oona. Boiteko ba motho ba ho ipusa bo ‘sentse’ lefatše ka lintoa, tšilafalo, le tse joalo. Empa Harmagedone e “tla senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ka ho tlosa basenyi, Molimo o tla hleka tsela bakeng sa Paradeise.
Empa, ntoa ea Molimo e tla loana neng hona joang? Ba bangata ba lumela hore e tla qhoma Bochabela bo Hare, haholo ka lebaka la se etsahetseng moo ka la 14 Motšeanong, 1948. Ka letsatsi leo Iseraele e ile ea ipolela hore ke sechaba—bohato boo ba bonahala e le tlhōlo ho batho bao ka makholo a lilemo ba ileng ba hasoa le lefatše, ba hlorisoa le ho batla ba felisoa ho hang lefatšeng. ’Me le hoja qalehong boemo ba sechaba bo ne bo sa tsitsa, ka lilemo tse mashome a mararo sechaba se senyenyane se eme hantle Bochabela bo Hare bo tletseng mofere-fere. Ho tsoaloeng ha Iseraele oa kajeno ba bangata ba bona ho kenella ha letsoho la Molimo le pontšo e tiileng ea hore Harmagedone e haufi.
E, hase baruti bohle ba nang le maikutlo ana. “Ke lumela hore ke tšenyo ea nako ho leka ho tobisa lipontšo le liketsahalo tsa kajeno boprofeteng ba [Bibele] le ho leka ho li qobella sechabeng se le seng,” ho its’alo moruti e mong oa Presbyterian. Leha ho le joalo, libuka tse ngata, libaesekopo le baboleli ba TV ba hōlisa pono e ratehang ea hore Bochabela bo Hare ke sebaka sa kamoso sa Harmagedone.
Empa na Harmagedone e tla hle e loanele Bochabela bo Hare? Ha e le hantle, ‘ntoa ena ea Molimo o matla ’ohle’ e tla loanoa joang? Ke eng e tla e qholotsa? Motho a ka pholoha Harmagedone joang? ’Me ke eng e tla latela ntoa eo e khōlō?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Seheberu “Harmagedone” le hlile le supa boemo ba tšoantšetso ba lefatše boo ho bona mabotho a khobokanetseng ho loana. Empa tšebelisong e tloaelehileng, le se le bua ka ntoa ka boeona.