Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 7/1 leq. 32
  • E Fana ka Matla a Boitšoaro

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Fana ka Matla a Boitšoaro
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 7/1 leq. 32

E Fana ka Matla a Boitšoaro

Mocha oa Brazil o hlalosa kamoo buka “Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona” e etsang sona seo. A Ngola:

“Libekeng tse tsoa feta motsoalle a nkōpa hore ke bale buka ea boitšoaro bo bobe ’me ka hana. E mong eo re kenang sekolo le eena o ne a le teng ’me a makala ha ke hana eaba o botsa mabaka a ho hana ha ka ho bala buka eo. Ka mo hlalosetsa hore na Bibele e re’ng ka ho bala lintho tse joalo ’me, ha ke bona thahasello ea hae, ka tsoela pele ho mo hlalosetsa seo Bibele e se bolelang ka bosodoma le ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa.

A botsa, ‘U ithutile see sohle hokae?’

“Ka mo bontša buka ea “Bocha ba Hao,” eo a ileng a e amohela, ’me ka qalisa thuto ea Bibele le eena nakong ea phomolo ea motšehare. Motsoalle enoa oa ka ea lilemo li 14 o se a tlohetse ho tsuba, kamorao ho libeke tse seng kae feela tsa ho ithuta.”

U ka fumana buka ena e ntle eo ho eona ho ntšitsoeng tse fetang limillione tse 18. Itlatsetse feela le ho rōmela setlankane sena.

Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, e maqephe a 192 Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Ke kentse lisente tse 90.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela