Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 9/1 maq. 3-4
  • Baahelani ba Molemo—Rea Ba Hloka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baahelani ba Molemo—Rea Ba Hloka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka ba Moahelani ea Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Baahelani ba Molemo ke ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Etsahetse Joang ka Boahelani?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Likenyelletso Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 9/1 maq. 3-4

Baahelani ba Molemo—Rea Ba Hloka

HASE Khale haholo ha mosali oa Toronto, Canada, a ea mabenkeleng ’me a sia liphahlo tsa hae tseo a li hlatsoang ka beke le beke terateng hore li ome. Liphahlo tsa sala li oela fatše a sa ile. Eo a ahisaneng le eena a li bona hore li oele, li nkile litšila ’me a mo hlatsoetsa tsona hape le ho li khutlisetsa terateng.

Na u ahisane le batho ba joalo? Ka bomalimabe ba se ba haella kajeno. Litaba tse seng li tloaelehile ke tse kang tsena tse neng li ngotsoe hape li tsoa Toronto ka mosali moholo eo letsoho la hae le ileng la manama setofo se chesang. A bokolla hore a mpe a thusoe, empa bao a ahisaneng le bona ba se ke ba mo tsotella, ’me ha a ka a fumana thuso ka matsatsi a mabeli. Letsoho la tlameha ho khaoloa.

Ho phela sebakeng seo batho ba ahisaneng ho sona ba tsotellanang ho eketsa tšireletseho le mofuthu bophelong. Baahelani ba molemo ba re phehela lijo ha re kula, ba tlisa bana ba rōna lapeng ha ba lahlehile, ba re thusa har’a litlokotsi tse nyenyane le tse khōlō, ba re tlela le lintho tse seng kae ha ba ea mabenkeleng ho ea reka, ba alosa matlo a rōna ha re le sieo ’me ba etsa hore bophelo bo be monate haholo hoseng ho hong le ho hong ha ba re “Lumelang.” E le ha le rōna re ba etsa ka ho tšoanang.

Mehleng e fetileng baahelani ba joalo e ne e le ntho e tloaelehileng e seng mohlolo. Le kajeno u ka ’na ua ba fumana libakeng tse kathoko le metseng e menyenyane. Empa metseng e meholo libaka tse tsoetseng pele tseo ho luloang ho tsona ke mohlolo ha li e-na le baahelani ba tsotellanang; ’me kaha batho ba bangata kajeno ba phela metseng e meholo, batho ba bangata ha ho mohla ba kileng ba tseba ho phela har’a baahelani ba tsotellanang. Seithuti sa kelello se ile sa hlokomela hore: “Haeba u phela matlong a hirisoang a Toronto, u ka shoa ua ba ua rapalla moo ka likhoeli pele ho na le motho ea hlokomelang. Ho ne ho se joalo pele.” Ho joalo le ka metse e mengata e meholo. Ka lehlakoreng le leng la lefatše mohlankana oa lesooa o ile a shoa ka ntlong eo a e hirileng motseng o moholo. Setopo sa hae ha sea ka sa fumanoa ho fihlela kamorao ho selemo le likhoeli tse tšeletseng!

Seithuti sa kelello se boletse hore ho ne ho se joalo nakong e fetileng. Phetoho ee e bakiloe ke eng?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela