Ho Etsahetse Joang ka Boahelani?
KE HOBANE’NG ha batho ba hahileng pel’a rōna ba se ba sa itšoara joale ka bao re ahisaneng le bona? Bafuputsi ba litaba ba bolela mabaka a mangata, a mangata ho oona a amana le tsela eo ho pheloang ka eona kajeno.
Ho se lule sebakeng se le seng ke le leng. Batho ba bangata ba fetola libaka tseo ba lulang ho tsona hangata. Ka tsela ena ba na le nako e fokolang haholo ea ho tseba bao ba ahisaneng le bona le ho haha moea oa boahelani.
Metse e se nang batho le eona ho boleloa ka eona. Ho na le libaka tseo lelapa kaofela le leng mosebetsing kapa sekolong motšehare. Mantsiboea le teng le tsoela sebakeng se seng kapa le lula le khutsitse le potile thelevishene. Lelapeng la mofuta ona, litho tsa malapa hangata ha li tsebane e le tsona re se re sa bue ka bao li ahisaneng le bona.
Boqapi ba libaka le ho hlophisoa ha metse le tsona li na le karolo ea tsona ea molato. Libaka tse hirisoang tse lefelloang haboima li qaptjoa libakeng tsa batho ba ikhonang. Batho ba malapa ba phelang ho tsona ha ba na kamano e kaalo-kaalo ea nama le bao ba ahisaneng le bona.
Boiphahamiso ba ho ba lekunutung le bona bo molato. Libakeng tse ling ho ba lekunutung ho nkoa e le ntho e phahameng haholo. Moahi oa sebaka se seng o ile a bolela hore “u ke ke ua kokota monyakong oa motsoalle ua re u chakile.” Mosali e mong o ile a eteloa ke mohlolohali eo a ahisaneng le eena a sa mo lebella a bolela hore o hlorile. Mosali eo a mo leleka ka ho se mo nahanele, a tenoa ke hore o khathatsana le boikhutso ba hae. Bosiung bona boo mohlolohali ea hlorileng a ipolaea.
Bonokoane ke lebaka le leng le boleloang. Ho tšaba bonokoane ho entse hore libaka tse ling tseo ho ahiloeng ho tsona li fetohe literonko tsa bosiu, moo ka tšabo malapa a inotlellang ka tlung ha letsatsi le likela, ’me ba toailang ka ntle ba seng bakae.
Lintho tsena tsohle ntle ho pelaelo li tlatselitse ho theoheng ha boikutlo ba boahelani. Empa lintho tse ling tse etsahetseng li tlameha e be li na le mabaka a tebileng. Sebakeng se seng moroetsana o ile a hatakeloa ke monna ka metsotso e mashome a mararo. A mo hlasela ka makhetlo a mararo ’me qetellong a mo hlaba ka thipa, a mo bolaea. Ba mashome a mararo a metso e robeli bao a ahisaneng le bona ba utloa ha a bokolla kapa ba bona ha a hlaseloa, empa ba hlokomoloha ntho eohle. Ke a le mong feela ea ileng a bitsa sepolesa, empa ho se ho se thuso. Ho iphapanyetsa bao ho ahisanoeng le bona ka sehlōhō joalo ho tloaelehile.
Ho hloka botho ho joalo ho senola lipha tse tebileng ho batho ba amehang. Seithuti sa Bibele se hopola ka boprofeta ba moapostola Pauluse ka mehla ea rōna: ‘Batho e tla ba baithata, le ba ratang leruo, . . . ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba sa tsebeng ho itšoara, . . . ba hloeang ba molemo, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.’—2 Timothea 3:2-4.
Ho phethahala ha mantsoe ana ho bolela hore re phela linakong tse thata haholo, ’me boikutlo boo bo ka ’na ba bonahala haholo sebakeng seo u phelang ho sona. Leha ho le joalo, ha ho lebaka la hore re se ke ra nka bohato ba ho etsa batho ba re potolohileng hamolemo. Ho ka ’na ha hotetsa karabelo e mofuthu. Tsela e bohlale ea ho ba moahelani ea molemo ke efe kajeno?