Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 9/1 maq. 5-8
  • U ka ba Moahelani ea Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka ba Moahelani ea Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho Tse ka “Etsoang” Boahelaning
  • Lintho tse “ke Keng Tsa Etsoa” Boahelaning
  • Matla a Boahelani
  • Baahelani ba Molemo ke ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Etsahetse Joang ka Boahelani?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • “U Rate Moahelani oa Hao Joalokaha U Ithata”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Fana ka Bopaki Joaloka Moahelani ea Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 9/1 maq. 5-8

U ka ba Moahelani ea Molemo

HA BATHO ba baholo ba bua hamonate ka mehla ea bona, u nahana hore ba hopotse eng? Tabeng ea moruo o bonahalang, boiketlo le melemo kapa litšebeletso tsa bongaka, mehleng e fetileng ho ne ho se hotle hakaalo bakeng sa batho ba bangata. Ho ne ho se lithelevishene, lithelefono le likoloi kapa lintho tse ling tseo batho ba bangata ba ka fumanang ho le thata ho phela ntle ho tsona ka bongata bo bokaalo. Ke eng e neng e le ntle hakaalo mehleng eo? Ntle ho pelaelo ba hopotse ka boahelani bo neng bo le teng ka nako eo.

Le hoja tšireletseho ea tsa lichelete e ne e fokola haholo, batho ba ne ba thusana. Kamoo batho ba bangata ba baholo ba phetang litaba, ho sa tsotellehe hore na motho o ne a futsanehile hakae, kamehla o ne a e-na le ho honyenyane hoo a ka ho kalimang eo a ahisaneng le eena. Haeba motho a ne a kula haholo, bao a ahisaneng le bona ba ne ba mo phallela, ka lintho tse kang ho pheha kapa ho hlokomela bana. Haeba monna a ne a e-na le ntho e khōlō eo a e etsang tlung ha hae, bao a ahisaneng le bona ba ne ba kena ho tla thusa.

Leha ho le joalo, ha mebuso e ntse e etsetsa batho lintho tse ngatanyana, motho ha a sa hloka motho e mong hakaalo. Leha ho le joalo, ho sa ntsane ho hlokahala hore re phele le bao re ahisaneng le bona. Khale Bibele e ne e lemose hore “motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši.” (Liproverbia 18:1) Motho ea hanang ho itsoakanya le ba bang qetellong o hloka botsitso, le ho iketsa mokhelo ho hang.

Ke ’nete, hangata ha re khethe bao re ahisaneng le bona, le bona ha ba re khethe. ’Me “litloaelano tse mpe” li fela li “bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Empa ha re ithuta ho phela le bona ka bohlale, ho tla ba molemong oa bona le oa rōna. Hona ho akarelletsa eng?

Lintho Tse ka “Etsoang” Boahelaning

Ho ba moahelani ea molemo ho hloka kutloisiso. Lintho tse fapaneng li amoheleha libakeng tse fapaneng. Haeba re tsoa libakeng tse kathoko moo batho ba etelanang haholo, mohlomong re tlameha ho lokisa ha re fallela motseng o moholo ’me re ke ke ra etsa joalo. Metseng e meng e meholo libaka tseo ho ahiloeng ho tsona li tsoakane, li e-na le batho ba nang le semelo se sa tšoaneng. Ba bang ba itšoara ka tsela eo re sa e tloaelang, empa ha feela e se khathatso ea letho kahoo kapa e se kotsi lelapeng la motho, u ba nyatsa ka life?

Moahelani ea molemo hape o lokela ho ba botsoalle. Ho hloka nako e kae ho lumelisa motho ka ho bososela hoseng kapa ha u teana le eena ka har’a “lift”? Sefahleho leha se ka ba seng se hlasimolohileng se ka etsa hore sehlopha sa batho se ikutloe hamolemo.

Ho ba botsoalle, hape ho tla re hloka hore re ithute mabitso a batho ba re potolohileng. Ha re bitsa bao re ahisaneng le bona ka mabitso, ’me re bontša hore re ba talima e le batho ka bomong, ho bonolo hore le bona ba re phuthulohele.

Hape ho hlokahala hore moahelani ea molemo a bontše kameho. Haeba motho e mong ea haufi a kula, ho bontša kameho ho hopola ho mo botsa hore na o ikutloa joang le ho bua mantsoe a seng makae a matšeliso. Mohlomong re ka ba ra mo etsetsa le ntho e ’ngoe ho mo fokoletsa boima. Hape, haeba ho e-na le motho ea seng a hōlile ea phelang haufi le rōna, ke hobane’ng ha re sa leke hore re mo nahanele haholo? Ka mohlala, ha re ea mabenkeleng, mohlomong ho na le ntho eo re ka e rekelang ea hōlileng. Haeba ho bonahala lebone le sa time ka nako e telele ha hae, kapa monyako o setse o butsoe ka nako e telele, ke eng ha u sa fapohele ho bona hore na ha ho letho le senyehileng?

Ho thoe’ng haeba re ka bona bonokoane bo etsahala kapa ho etsahala ntho e ’ngoe e bonahalang e fosahetse? Hangata ha ho bohlale ho itšohlometsa litabeng u iketsa mohale ’me u leka ho sebetsa taba. Batho ba koetlisitsoeng hangata ba etsa hoo hamolemo ho re feta. Empa bonyane kameho ea boahelani e tla re qhoba hore re tsebise sepolesa kapele, ’me mohlomong le ho ela hloko lintho tse ka se thusang hamorao.

Tataiso e molemo ea ho sebelisana le bao u ahisaneng le bona ke se bitsoang molao o moholo: “Ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Kahoo, haeba re bona bothata bo amang eo re ahisaneng le eena, ’me re ipotsa hore na re ka nka bohato Joang, ipotse: ‘Nka rata ha motho e mong a etsa joang ha e le ’na ea boemong boo?’ Karabelo e tla thusa hore re etse qeto e bohlale.

Ka lekhetlo le leng motho a botsa Jesu: “Oa heso ke mang?” Jesu a arabela ka ho pheta setšoantšo sa ‘Mosamaria ea molemo.’ A bolela hore moahelani kapa oa habo motho kannete ke ea tla thusa ha a bona ho hlokahala. Ha re bontša botsoalle, kutloisiso le kameho ka bao re ahisaneng le bona, re tla be re latela mohlala oo o motle.—Luka 10:29-37.

Lintho tse “ke Keng Tsa Etsoa” Boahelaning

Hape ho na le lintho tse itseng tse ke keng tsa etsoa ke moahelani ea molemo. Hona ho tsoaloa ke hobane a nahanela. Ka mohlala, a ke ke a letsa sea-le-moea sa hae kapa thelevishene e phahame haholo hoo e utluoang ke bohle bao a ahisaneng le bona. O tla boloka ntlo ea hae le mathoko a eona a le makhethe a hloekile, kahoo a sa senye ponahalo ea sebaka seo a ahileng ho sona.

Monna ea bohlale o kile a ngola khale: “U se ke ua itloaetsa haholo lapeng la oa heno, e se re mohlomong a tenoa ke uena, a ba a u hloea.” (Liproverbia 25:17) E, le hoja ho eta ka nako eitseng ho ka thabeloa, hangata bao ho ahisanoeng le bona ba ka khathala ke motho ea tlang nako le nako.

Joale hape moapostola Pauluse o ile a hlokomelisa ka ba ‘chalakang le malapa’ ’me ba fetohile ‘basebi le ba itšunyang litabeng tsa ba bang.’ (1 Timothea 5:13) Re qoba ho seba ho atileng le tšenyo ea mabitso ha re fokotsa nako eo re etelang bao re ahisaneng le bona ka eona. Ntle ho moo, kajeno batho ba bangata ba belaela hore ha ba na nako e lekaneng ho etsa lintho tsohle tseo ba batlang ho li etsa. Nako e sebelisoang ho beng botsoalleng bo tlōlisang e ka ba ho tela ho etsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo.

Moahelani ea molemo o hlompha ba mo potolohileng ’me o sebelisana le bona ka bonolo. Kahoo a ke ke a fetola mathata a manyenyane ntho e khōlō. Mantsiboea a lehlabula le leng Amsterdam ntate o ile a ferekanngoa ke lerata la sea-le-moea ka mose ho tsela se neng se sitisa bana ba hae ho robala. Ka bonolo mosali oa hae a etsa tlhahiso ea hore a ee ’me a hlalosetse eo a ahisaneng le eena bothata. Eo a ahisaneng le eena, ha a utloa ka bothata bo boleloang ka kutloisiso a thabela ho sebelisana le eo. A tima sea-le-moea sa hae, a bolela hore: “Ha nke ke mamela lerata leo la lipolotiki bonneteng!” Hoo e ka beng e bile boemo bo bobe ha faposoa ka ho bo sebetsa ka bonolo, ’me bana ba fetoha metsoalle e molemo.

Qetellong, ho hlokahala re lemohe le ho tsitsa. Ba bang bao re ahisaneng le bona ba ka ’na ba e-ba le mekhoa e mebe. Ba tsuba, ba rohakana kapa ba phela ka boitšoaro bo bobe. Libakeng tse ling bacha ba sebelisa lithethefatsi le ho itlhophisa ka lihlopha tsa botlokotsebe. Kahoo re lokela ho lekanya boahelani ba rōna le ho tiisa hore ha re tšoaetsoe mekhoa e mebe rōna le bana ba rōna. E, ho ba moahelani ea molemo ho akarelletsa lintho tse ngata.

Matla a Boahelani

Mathoasong a 1980 John o iphumane e le moholo phuthehong ea Lipaki tsa Jehova sebakeng seo ho sona boikutlo ba boahelani bo neng bo senyehile ho hang. E ne e le motseng oa Oklahoma, U.S.A. Ho ne ho bolailoe mocha oa motho e motšo, ’me baahi ba moo ba batšo ba ba le maikutlo a hore sepolesa ha se etse letho ka taba eo. Ha tsoha ntoa e matla ea merabe, ka likulo li fapakana.

Empa ntlo ea John ea tšoana le seliba lehoatateng har’a morusu oo. Le hoja eena le mosali oa hae le morali ea tlase lilemong ba ile ba tlameha ho robala e le hore ba qobe ho otloa ke likulo tse fetang, ha bona ho ne ho se teng lehloeo la bomorabe. Ha e le hantle, lelapa lena la ba basoeu la kopanela tširelo le ngoanana oa motho e motšo le lelapa la Bamexico. Mosali oa John a re: “Kea tseba hore khathatso e teng; hase hore ha ke bone. Empa motheong oa litšebelisano tsa rōna le batho—ba batšo le babasoeu—kamano e ntle.”

E, lelapa lena le ne le ahisane hamolemo le batho ba le potolohileng. Le ne le ba bontšitse hlompho, ho nahanela ’me ka baka leo le bona ba ne ba hlomphuoa. Ha baa ka ba bontšoa lehloeo la bomorabe.

Matsatsi a seng makae kamorao ho ntoa eo, nakong ea ho bolela ka ntlo-lentlo (tšebeletso ea boahelani eo Lipaki Jehova kaofela li kopanelang ho eona), ha etsahala hore ba etele beng ka moshemane eo ho shoa ha hae ho ileng ha baka mofere-fere. Ka tsela ea botsoalle ba bolela masoabi a bona ’me ba thusa kahohle kamoo ba neng ba ka khona. Ba bua ka tšepo e tiileng ea tsoho le tebello ea ho phela haufi lefatšeng leo ho lona e mong le e mong e tla ba moahelani ea molemo. Lefatše leo le hlalosoa temaneng ea buka ea Bibele ea Esaia: “Ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”—Esaia 11:9.

Bohle kaofela ruri re ka rata ho phela lefatšeng le kang leo. Empa, ha re ntse re le emetse, re lokela ho phela le lintho kamoo li leng kateng. Leha ho le joalo, haeba, joaloka John le lelapa la hae, re etsa lintho ka mokhoa o leka-lekaneng, ka tsela ea boahelani ho batho bao re phelang har’a bona, re ba nahanela le ho ba hlompha, re tla fumana bophelo bo thabisa haholo. Hona ho tseba mang?—mohlomong bao re ahisaneng le bona ba tla ba le moea oa boahelani haholo ho rōna.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela