Lentsoe la Molimo lea Phela
Lebaka la Hore Maretha a Kholoe Tsoho
HA A utloa hore Jesu o-oa tla, Maretha a matha ho ea mo khahlametsa. A re, “Morena, hojane ua ba teng, khaitseli ea ka a ka be a sa ka a shoa.” Ha Jesu a bona masoabi a hae a mo tšelisa ka mantsoe ana: “Khaitseli ea hao o tla tsoha.” Maretha a arabela joalokaha u bona mona: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.”—Johanne 11:17-24.
Ke hobane’ng ha Maretha a bile le tumelo e matla hakaalo hore khaitseli ea hae Lazaro o tla tsoha? Ka mohlala, o ne a tseba hore khale lilemong tse fetileng baprofeta ba Molimo Elia le Elisha ba ne ba ile ba tsosa bana e mong le e mong ho bona ka matla a Molimo. (1 Marena 1:17-24; 2 Marena 4:32-37) Hape o ne a tseba hore monna ea shoeleng o ne a ile a phela hape ha a akheloa ka sekoting ’me a thetsa masapo a Elisha ea shoeleng. (2 Marena 13:20, 21) Empa ho neng ho matlafalitse tumelo ea hae haholo tsohong ke hore Jesu ka boeena o ne a ile a ruta ka eona le ho e etsa.
Lilemo tse seng peli pele ho moo Jesu o ne a itse: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.” (Johanne 5:28, 29) Ho tla fihlela nakong eo ha ho tlaleho ea Bibele ea hore Jesu o ne a kile a tsosa motho. Empa nakoana kamorao ho moo a tsosetsa mora ea mong oa mohlolohali oa Naine bophelong. Litaba tsena tsa ea fihla Judea, hoo Maretha a neng a li utloile. (Luka 7:11-17) Hamorao kannete Maretha a boela a utloa ka litlaleho tsa ho tsosa ha Jesu morali oa Jairuse ea lilemo li 12.—Luka 8:40-56.
Empa Maretha o ne a ntse a sa lebella hore Jesu a tsose khaitseli ea hae ka nako ena. Ke ka baka leo a itseng: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.” Joale a tsosa Lazaro le hoja a ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele e le hore a hatise ho Maretha karolo eo a nang le eona ho tsoseng bafu. Jesu a re: “Ke ’na tsoho le bophelo.”—Johanne 11:24-27, 38-44.
Rōna kajeno re na le lebaka le matla haholoanyane le ho kholoa tsoho. Hobane’ng? Haholo ka lebaka la ho tsosetsoa ha Jesu Kreste bophelong. “Molimo o tsositse Jesu eo; ’me rōna kaofela re lipaki tsa taba eo,” kamoo ho boletseng Petrose. (Liketso 2:32) Ha ho pelaelo ea hore Kreste o tsohile bafung, hobane kamorao ho moo o iponahalitse a phela ho ba bangata ba barutuoa ba hae, ka lekhetlo le leng ho ba ka bang 500. (1 Ba-Korinthe 15:3-8) Barutuoa ba hae ba ne ba lumela tsoho ka matla hoo ba neng ba utloisisa ho talimana le mahloriso le lona lefu hore ba sebeletse Molimo. Na tumelo ea hao ke ea mofuta oo tsohong?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10, 11]
LITSOHO TSE ENTSOENG KE:
Elia
Elisha
“Morena . . . Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho.”
Jesu
Lazaro ‘o-oa tsoa’