Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 9/1 leq. 9
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Temoso ka ho Laetsana
  • Katekisema e Sitisa Likelello
  • Na ho Ngolehile Liphatseng tsa Lefutso?
  • Na Lipaki Tsa Jehova li na le Melao eo li Lokelang ho e Latela ha li Ratana?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Nka Qala ho Laetsana Neng?
    Tsoha!—2007
  • Ho Intša ka Sekhukhu—Ho Kotsi Hakae?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na ke se ke Loketse ho Intša?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 9/1 leq. 9

Ho Nyarela ka Litabeng

Temoso ka ho Laetsana

“Lefereho ke ntho ea nako e telele, empa ho laetsana e le mokhoa har’a batho ke phetoho e tlang le lekholo la lilemo la bo20,” kamoo ho bolelang sehlooho ho Sunday Telegraph ea London se reng “Ho Laetsana ho Kotsi.” Ka ho toba haholo, sehlooho se supa hore “nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše le kamorao ho eona, ho ile ha qaloa ke liithuti liunivesithing tsa Ivy League tsa Amerika. . . . Ha tumisoa ke libaesekopo, ha tlala hohle kapele.” Kaha “sepheo sa bohlokoa sa lenyalo sea haella,” ho laetsana ha kajeno ho fetohile “boithabiso ba bohata,” kamoo sehlooho se bolelang. Liphello tse “kotsi” ke life? “Tsena e ka ba lipelaelo, ho ngongoreha, ho kula, ho kula kelellong, maloetse, bana ba matšeo, ho ntšoa ha limpa, le hona ho leka ho ipolaea. ’Me e ke keng ea hlokomolohuoa ke hore selemo le selemo ho kotuloa manyalo a tlang pele ho nako a ahloletsoeng ho felella ka bohloko ba tlhalano.” Ho latela sehlooho, ho laetsana motho a sa le monyenyane ho atisa ho sesefatsa lithahasello tsa motho le khōlo ea botho.

Kahoo, ho e-na le ho tšoasoa ke “phetoho” ena le “boithabiso ba bohata” bacha ba Bakreste ke hantle ha ba sebelisa hamolemo bolokolohi boo ba nang le bona le matla ao ba a thabelang ho hōlisa le ho atolosa lithahasello tsa bona, le mahlale, le ho ithuta botsoalleng ba Bokreste. Ka ho etsa joalo ba ‘ipokellela ka bohlale letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.’—1 Timothea 6:19.

Katekisema e Sitisa Likelello

Ho ruta katekisema ea Roma K’hatholike likolong tsa mathomo ho etsa hore liithuti “li horeletsehe kelellong ’me ho tsoela pele ha eona ho tla butle,” kamoo ho hakanyang Serge Larivee oa Univesithi ea Montreal ha a ne a botsoa haufinyane. Ho ea ka Toronto Star, Larivee, mohlophisi oa La Revue Canadienne de Psycho-Pedagogie, o ile a thea qeto ea hae lipampiring tsa se entsoeng haufinyane lipatlisisong tse lekholo ’me sa hatisoa. Mabapi le polelo ea hore thuto e joalo “e tla etsa hore bana ba kene kamanong e phelang le ea botho le e mong le e mong oa batho ba bomolimo (ba thuto ea boraro-bo-bong),” Larivee o-oa botsa: “Na u kile ua leka ka tsela ea botho ho kena kamanong e phelang le ea botho le batho ba bararo ba sa bonahaleng ba etsang motho a le mong?”

Pherekano le tšitiso ea kelello tse hlahisoang ke ho pheta ntle ho ho nahana lithuto tsa Kereke ho fapane hole le melemo e tlisoang ke ho ithuta ho theiloeng Lentsoeng la Molimo, Bibele. Mopesaleme o re: “Molao oa Jehova o lokile, o khatholosa moea; bopaki ba Jehova boa tšepeha, bo hlalefisa sethoto.” ’Me ka ho fumana ‘tsebo ea Molimo; . . . masene aa u lebela, kutloisiso e-ea u boloka.’ (Pesaleme ea 19:7; Liproverbia 2:5-11) Empa, ha baeta-pele ba bolumeli ka bobona ba furalla Bibele ’me ba ruta lineano tsa batho le mahlale ba ka lebella ho nea ba bang eng, leha e le ba banyenyane kapa ba baholo? “Bonang, ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe?”—Jeremia 8:9.

Na ho Ngolehile Liphatseng tsa Lefutso?

Ha a hlahloba buka Genetic Prophecy, Malcolm Browne o ngolile ka Pulungoana, 1981 tokollong ea makasine ea Discover: “Ka lekhetlo la pele ho qala ho bonahala ho ka etsahala ho bona kaheho ea lesea le s’o hlahe le ho noha ka mokhoa o sa hlakang hantle bokamoso ba lona—hore na le tla phela joang le hore na le tla ameha hakae ke maloetse, matla a lona lipapaling, seo le tla se rata, lithahasello tsa lona le matla a ho sebelisana le batho ba bang, hore na le tla phela halelele hakae, ’me, le hore na le tla ba bohlale hakae.”

Ka sena, ba bang ba ka ’na ba fihlela qeto ea hore tsela eo motho a tla phela ka eona e reroa pele ke hore na o hahehile joang. Leha ho le joalo, le eena mongoli oa buka o ikutloa hore “liphatsa tsa lefutso li fana ka maikutlo, empa tikoloho [eo motho a phelang ho eona] e-ea phethahatsa.” Ho feta moo, Bibele e bontša hore motho, a bōpiloe “ka setšoantšo sa Molimo,” o neiloe matla a maholo a ho ikhethela ka bolokolohi. (Genese 1:27) Lefutso le ka sekamisetsa motho tseleng eitseng, empa kholiso ea hae, haholo-holo tsela eo a sebelisang bolokolohi ba hae ka eona le ho khetha lintho ke tsona tse qetellang li rerile hore na phello ke efe. Kahoo, ka Moshe, Jehova Molimo o ile a bolela ka ho hlakileng: “Ke beile pel’a hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao.”—Deuteronoma 30:19.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela