Ke Mang ea Tšepahalang?
Boitsebiso bo sehlohong sena le tse peli tse latelang tse tla ithutoa bo ile ba fanoa ka letsatsi la pele la Likopano tsa Setereke tsa “Botšepehi ’Musong” tsa Lipaki tsa Jehova. Likopano tsena tsa Bokreste tse ileng tsa tšoaroa karolong e ka leboea le e ka boroa ea lefatše ka Iikhoeli tse fetileng tse robong, ba bileng teng ho tsona ke batho ba 3 028 796, ka ba 33 627 ba kolobelitsoeng. Ho nakong ho hlahloba mona Iijo tsena tse ntle tsa moea, joalokaha ho ntse ho etsoa litokisetso bakeng sa “mokete” o mong hape o enneng bakeng sa lehlabula le tlang Likopanong tsa Setereke tsa “’Nete ea ’Muso.”
EA TOTOBETSENG ka ho fetisisa bokahohleng bohle ka tšoaneleho ea botšepehi ke ’Mōpi ka boeena! Libopuoa tsohle tse bohlale tsa hae li fumane tšoaneleho ena ho eena. Ho batho ba nkang botšepehi e le ntho ea bohlokoa ka mokhoa o phahameng a ka lebelloa hore a etse ka botšepehi linakong tsa ha ho hlokahala. Kahoo, a sa etse ka boikhohomoso, mohlanka oa mopatriareka Abrahama, ntate moholo oa marena, a ipiletsa ho Jehova e le Molimo oa morena oa hae hore a bontše botšepehi ba hae bo lerato. (Genese 24:14) Setloholo sa Abrahama, Davida, ha se le moleng oa borena holim’a Iseraele, se buile ka phihlelo ea sona e bohloko ’me sa re pesalemeng e tobisitsoeng ho Jehova: “Ea molemo u mo etsa ka molemo.” (2 Samuele 22:26; Pesaleme ea 18:25) Hape, moprofeta Moshe ea neng a emela Morena oa leholimo, Jehova, sechabeng sa Iseraele, o ile a phahamisa botšepehi ho Jehova Molimo ha a hlohonolofatsa lesika la boprista la Levi ’me a re:
“Thummime tsa hao le Urime tsa hao li ho mokhethoa oa hao [Levi] ea u ratang, eo u mo lekileng Massa, eo u mo tsekisitseng metsing a Meriba; ea itseng bakeng sa ntat’ae le ’m’ae: Ha kea ka ka ba bona: ’me ha a tsebe banab’abo, leha e le bana ba hae ha a ba tsebe; hobane ba tiisitse lentsoe la hao [Balevi], ’me ba bolokile selekane sa hao.”—Deuteronoma 33:4, 5, 8, 9.
Ntle ho ho tsila-tsila moprofeta Moshe o ne a ka kopanela ho bina pina e qapiloeng lilemo tse 1 600 hamorao e reng “Sefela sa Moshe, mohlanka oa Molimo, le sefela sa Konyana [Jesu Kreste],” seo mantsoe a sona a reng: “E meholo, ea babatseha, mesebetsi ea hao, Morena Molimo o matla ’ohle! Oho, Morena oa lichaba, litsela tsa hao li lokile hakakang, ke ’nete feela! Ea sa tl’o u tšaba ke ha e le mang, Morena? Ea sa tl’o tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ea halalelang [tšepahalang] ke uena u ’notši. ’Me lichaba tsohle li tla tla, li khumame maotong a hao, kahobane likahlolo tsa hao li beiloe pepeneneng.”—Tšenolo 15:1-4.
Mopesaleme Davida le eena o ile a hakanyetsa litšoaneleho tseo tsa Molimo hona moo, hobane o ngolile hore: “Jehova o lokile litseleng tsa hae tsohle, o mohau [o tšepahala, NW] liketsong tsa hae tsohle.” (Pesaleme ea 145:17) Jehova o tla nka nyeoe ea ba mo rapelang le ba mo sebeletsang e le Moahloli ea Phahameng, joalokaha lengeloi ho tlalehoa le re ho eena: “U lokile, Morena, ea leng teng, ea neng a le teng, ea halalelang [ea tšepahalang, NW], ha u ahlotse joalo.”—Tšenolo 16:4, 5.
Ka puo ea moprofeta Moshe le mopesaleme Davida, lentsoe la Seheberu bakeng sa “botšepehi” leo re buisanang ka lona le na le mohopolo oa mosa, oa ho ba mosa ka tsela e ratang. Bafetoleli ba bang ba Bibele ba ikhethela ho ngola lentsoe la Seheberu (hhesʹed) e le “mosa o lerato.” Ke tsela e mosa ea ho sheba litaba ha re talima botšepehi e le mosa, e le ntho e akarelletsang lintho tse itseng tse ke keng tsa hlokomolohuoa, e le hore botšepehi e se be ntho e batang, ntho e theiloeng feela molaong kapa tokeng. Ke tšoaneleho ea botho e susumetsoang ke lerato le kananelo.
Re hopola kamoo morena e mong oa naheng ea Kanana a ileng a bona hore Molimo oa ’nete o na le Abrahama ea neng a jakile moo, eaba o tla ho Abrahama a re: “Ntlhapanyetse mona joale” ka Molimo, hore u ke se ke ua etsa ka bohata ho ’na, leha e le ho bana ba ka, leha e le ho litloholo tsa ka; le hore kamoo ’na ke u etselitseng ka molemo, u etse joalo ho ’na le ho naha eo u jakileng ho eona.” (Genese 21:22, 23) Hape re hopola kamoo hamorao ha Abrahama a rōma mohlanka oa hae Eliezere hore a fumanele mora ea ratoang oa hae Isaaka mosali, mohlanka enoa a ileng a rapela Jehova Molimo a re: “A e ke e re moroetsana eo [ke mo hlalositseng] . . . e ke e be eena eo u mo laoletseng Isaaka, mohlanka oa hao, ’me ke tle ke tsebe ka hoo hobane u etselitse mong a ka ka mohau [ka botšepehi, NW].”—Genese 24:14.
Ho Tšepahala ho Eng?
Mopatriareka Abrahama a phethahatsa seo a se hlapantseng hore o tla se etsetsa morena eo oa naheng ea Kanana, ’me Jehova Molimo a phethahatsa se mohlanka oa Abrahama, Eliezere a mo kōpileng sona thapelong, a nea Isaaka mosali ea nepahetseng. Leha ho le joalo, ka holim’a tsohle, Molimo o Holimo-Iimo Jehova o tšepahala ho eng? ’Musong oa hae, boreneng ba hae, hobane ka nepo ke eena Morena bokahohleng bohle boo a bo bōpileng. A ke ke a itatola seo a hlileng a leng sona. Phethahatsong ea selekane sa hae se sa fetoheng le Abrahama, e bile Morena holim’a lesika le khethehileng la bana ba Abrahama sechaba sa Iseraele, haholo ha Molimo o se lokolla bohlankeng naheng ea Egepeta le ho ba tlisa Lefatšeng la Pallo ka 1467 B.C.E. Joale, ka lilemo tse 350, Molimo oa ba nea baemeli ba hae ba bonahalang e le baahloli ho tla fihlela mehleng ea Moahloli Samuele. Nakong eo ka eona ’m’ae, Anna, a mo hlahisang tšebeletsong e halalelang ea Molimo tabernakeleng ea hae e halalelang e Shilo, a bolela boprofeta bo supang moreneng oa kamoso ea bonahalang sechabeng sa Iseraele, a re: “Jehova o tla ahlola lipheletso tsa lefatše; o tla nea morena oa hae matla, a emise lenaka la motlotsuoa oa hae!”—1 Samuele 2:10.
Mehleng eo ea Moahloli Samuele, Baiseraele ba kōpa hore puso e fetoloe. Ba bolella Moahloli Samuele hore: “Re beele morena, hore a re ahlolele.” Hona ha hoa ka ha sulafalla Samuele feela empa le eena Jehova Molimo. A re ho Samuele: “Ha ba lahle uena, ba lahlile ’na, hore ke se ke ka ’na ka ba morena oa bona.” (1 Samuele 8:1-7) Molimo oa ba lumella hore ba be le morena ea bonahalang oa motho, Saule mora oa Kishe. Leha ho le joalo, Molimo ha o ka oa tlohela borena ba hae ho bona. Ka morero oa selekane sa oona, Molimo oa ipaka o tšepahala boreneng ba oona bo sa bonahaleng ba leholimo holim’a batho bao o ba khethileng. Morena oa bona oa bobeli oa motho ke eo e neng e kile ea e-ba molisa, Davida, mora oa Jese oa motse oa Judea oa Bethlehema.
Botšepehi bo ile ha hlahella joang nakong ea borena ba Davida? Hona ho ne ho tšoantšetsa eng? Hona khang ea botšepehi e re ama joang kajeno? Sehlooho se latelang se tla re arabella lipotso tsena.