Leshano la Pele—Ke Mang ea le Buileng?
MOTSENG o mong o ka boroa ho Afrika banna ba babeli ba ne ba palame koloi ba feta mateanong a litsela. Mabone a laolang sephethe-phethe a le matala, empa ba emisoa ke molaoli oa sephethe-phethe ea ileng a botsa: “Ke hobane’ng ha le feta mabone a le mafubelu?” Banna bao ba latola taba eo ka bobeli. Empa malaoli a re: “E be le re ha ke bone?” Eaba o qala ho ba ngolla tekete. Moqhobi a arabela ka bonolo: “Ho na le E mong holimo ea tsebang seo u se etsang.” Molaoli a tsila-tsila . . . eaba o-oa tsamaea.
E, lepolesa le ne le qala leshano, Na e be hoa makatsa? Le hanyenyane. Leshano le metse ka metso har’a batho. Joalokaha ho ee ho thoe: “Ha u bua leshano hangata le batho ba tla u kholoa.” Ke seo mapolotiki a mangata a lumellanang le sona, ’me likelellong tsa ba bangata lipolotiki li amana haufi haholo le leshano.
Batho ba bua leshano ka lebaka la mabaka a sa tšoaneng. Mokreste ea tšepahalang eo e neng e le khale a sa sebetse o ile a etsa kōpo ea mosebetsi femeng e ’ngoe. Empa mookameli a mo hlokomelisa hore: “Hore u rekise thepa ea ka u tlameha u qale leshano ho feta ba bang!” Eaba Mokreste o hana mosebetsi oo.
Le bona batho ba bolumeli, ha ba sa itšoarella melaong ea bomolimo, ba qala leshano. Na u hopola bohato ba baetapele ba bolumeli ba Bajode ha ba utloa hore Jesu oa Nazaretha o tsohile? Ba fana ka limpho tsa qeko ho masole a neng a lebetse lebitla la Jesu hore a re: “Barutuoa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utsoitse re robetse.”—Mattheu 28:12-15.
Empa ho bonahala hore leshano hase tlhaho ea batho. Dr. Lewis Thomas o ngolile hore: “Kamoo ke ho utloisisang kateng, motho a ke ke a qala leshano, leha le le lenyenyane hakae a sa nyarohe ka bokong hore lirōmela-melaetsa tsa hae li sebetse ka tšohanyetso, kapa maro a susumelletsang methapo ea hae ketsong a sebetse ka mokhoa o itseng . . . Ka lebaka lena ho qala leshano ke ntho e imelang leha re ho etsa ho itšireletsa kapa ho itopolla, kapa ho baleha taba, kapa hore re fumane phaello.” (Discover, Tšitoe 1980) Bohato bona bo nkoang ke ’mele ke bona bo hlokomelisang hore ho qaliloe leshano.
Ha e le mona ho qala leshano ho imela maikutlo hakana, ho qalehile joang?
Ke Mang Ea Buileng Leshano la Pele
Jesu Kreste o boletse hore na raleshano oa pele ke mang, ’me a bontša hore e ne e se motho. A re: “Ha [Satane] a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.” (Johanne 8:44) Kahoo raleshano oa pele ke Satane Diabolose. Ke neng ha a qala ho bua leshano? Ho ea ka Bibele, ke nakoana hoba moloko oa motho o be teng.
Ketsahalo e tlalehiloe bukeng ea Bibele ea Genese, ’me ho batho leshano e ne e le taba ea bophelo kapa lefu. Molimo o ile oa bontša motho oa pele Adama hore hore a ’ne a phele ho itšetlehile ka kutlo. A nea Adama molao o bonolo hore a o boloke ’me a mo bolella hore haeba a ka hlōleha ho boloka molao oo ‘o tla shoa.’ Empa Satane ka tšenyo a qala leshano ’me a re: “Le ke ke la shoa.” Leo ke la pele har’a mashano a libillione a ’nileng a utloahala lefatšeng lena.—Genese 2:17; 3:4.
Kajeno ba bangata ha ba kholoe tlaleho eo ea Bibele. Empa Jesu, motho ea nang le ’nete ho feta bohle ba kileng ba phela o ile a tiisa hore tlaleho eo ea Genese ke pale ea ’nete e seng tšōmo. (Mattheu 19:4, 5) Ka sebele, re sa sesa har’a liphello tsa leshano leo. La bolela tlokotsi bakeng sa moloko oa motho.