Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 9/15 maq. 4-6
  • Leshano la Pele—Kamoo le u Ammeng Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leshano la Pele—Kamoo le u Ammeng Kateng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo oa Lefatše Lena
  • Bophelo bo ne bo le Joang Paradeiseng?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Ba Lelekoa Paradeiseng
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Sebe sa Tšimolohong e ne e le Eng?
    Tsoha!—2006
  • Sehlooho se Seholo sa Bibele
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 9/15 maq. 4-6

Leshano la Pele—Kamoo le u Ammeng Kateng

KA 1981 India, terene e ne e atamela borokho ha moqhobi a hlokomela ka tšohanyetso hore khomo e seporong. A e khina ka matla. Mabili a terene a tsoa seporong ’me makareche a supileng a tletseng batho a hohlomela ka nōkeng. Ha shoa batho ba fetang 800. Kahoo ketsahalo e nyenyane—khomo ka seporong sa terene—ea baka kotsi e khōlō. Ho etsahetse ntho e tšoanang le eo Edeneng, tšimo ea Molimo.

Edene e tlameha e be e ne e le sebaka se khahlehang. Se e-na le lifate, lipalesa, liphoofolo le linonyana ka mefuta e sa tšoaneng haholo. Ho e-na le tumellano le khutso. E le paradeise ka sebele. Adama le Eva e tlameha e be ba ne ba nyakallela mosebetsi o tsoileng matsoho oa Molimo. ’Me litebello tsa bona e le tse thabisang. Molimo oa re ho bona: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Ho phaella moo, ba ne ba e-na le bolumeli bo bonolo empa e le bo phahameng: Ho etsa thato ea Molimo.

Le mangeloi a ne a thahasella haholo tšimoloho ena e thabileng ea moloko oa motho. Empa lengeloi le leng e ne e le mokhelo. Thahasello ea lona e ne e tletse boikhabi. La lakatsa hore batho ba rapele lona ’me la loha leano la hore le tšoane le “molimo,” kapa morena, oa lefatše. Kahoo la fetoha Satane, e leng lebitso le bolelang “sera.”—Bona Luka 4:5-8; 2 Ba-Korinthe 4:4.

Jehova Molimo a bolella Adama hore a se ke a ja tholoana ea sefate se itseng. Ena e ne e le teko e bonolo. Adama le Eva ba ne ba ka bontša hore ruri ba batla ho sebeletsa Molimo ka ho e khahlametsa. Ho feta moo, Jehova o ile a lemosa: “Mohla u se jang [sefate se hanetsoeng], u tla shoa.” (Genese 2:17) Mpho ea bophelo bo sa feleng e ne e sa rereloa bafetoheli ba sa mameleng.

Mona Satane a bona monyetla oa hae: A leka Eva ka noha hore a je tholoana e hanetsoeng, a re: “Le ke ke la shoa.” Eaba o re ka sefate seo: “Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joale ka melimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:4, 5) Ke tlhahiso e phatsimang hakaakang—ho tšoana le Molimo! Empa Satane o ne a le leshano. Leha ho le joalo, Eva a mo kholoa ’me ka baka la ho se mamele a ja tholoana e hanetsoeng. Hamorao, a e fa Adama ea ileng a kopanela le eena sebeng. Phello ea e-ba efe?

Taba eo ea makhaola-khang ea khelosa moloko ’ohle oa motho ’me ea isa kotsing. Banyalani bao ba babeli ba pele ba lahleheloa ke paradeise kapele. Kamor’a nako, ba boela ba lahleheloa ke bophelo ba bona ’me ba khutlela lerōleng leo ba neng ba bōpiloe ka lona. (Genese 3:19) Ka masoabi, bana bohle ba bona—moloko oa motho—ba ile ba tsoalloa kantle ho paradeise joalo, le ho tsoalloa sebeng le lefung.—Ba-Roma 5:12.

Ha bonahala eka Satane o hlōtse. Joale e ne e le “molimo,” ’me moloko oa motho o setse eena morao ho e-na le ’Mōpi. Empa o ne a hlile a sa hlōla. E ne e mpa e le eena ea otlileng ka setebele sa pele khohlanong e tsoetseng pele ho tla fihlela kajeno. Jehova a potlakela ho tšoephola liphello tsa leshano la Satane. A re ho Satane: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”—Genese 3:15.

Ka sena ho boleloa boprofeta ba pele Bibeleng, hore qetellong Satane o tla hlōloa ke “peō” eitseng. Peō eo ke mang? Hoo e bile sephiri ka nako e telele.

Molimo oa Lefatše Lena

Ntle ho mekhelo e seng mekae, bana ba Adama le Eva ba ikhethela ho etsisa batsoali ba bona ’me ba hana ho mamela Molimo. Ba ikhethela boipuso boo ba ileng ba bo nonosoa ke Satane. Qetellong, ho hanyetsa Molimo ha loeela sebakeng se neng se tsejoa e le Mesopotamia, pakeng tsa Linōka tsa Hidekele le Eufrate.

Moeta-pele oa motho oa khanyetso eo ke monna ea neng a bitsoa Nimrode. O tsebahala ka Bibeleng e le morena oa pele le mohahi oa ’muso o moholo. Liketso tsohle tsa hae li ne li hanyetsa Molimo; ke kahoo Bibele e reng: “Ke eena eo e bileng setsomi sa senatla pel’a Jehova.” ’Muso oa hae o qalehile Babele, oo hamorao setsi sa oona e bileng Babylona.—Genese 10:9, 10.

Ke Babele moo khanyetso ea bopolotiki le lihlōhō li ileng tsa saballa. Likhopolo tse ncha tsa bolumeli le tsona li phahamisitsoe moo. Leshano la pele, la hore Eva oa moetsalibe ho hang a ke ke a shoa—la senoloa kaha Eva o ile a fela a shoa. Joale leshano leo la rutoa le se le khabisitsoe. Ha boleloa hore karolo e sa boleng ea motho e pholoha lefu ’me e phele lefatšeng le sa bonoeng. Thuto ena ea khannela tumelong ea lihele tsa mollo, bothuela, borapeli ba baholo-holo le lithuto tse ling tse ngata tsa leshano.

Likhopolo tsa bolumeli tse simolohileng Babele, kapa Babylona ea boholoholo, tsa tlala lefatše. Setsebi se seng, ha se hlokomela ho saballa ha lintho tse tšoanang bolumeling ba lefatše, sa bolela hore “ba tlameha e be ba simolotse maikutlo a bona a bolumeli mohloling o le mong.” (The Worship of the Dead, ea Colonel J. Garnier) Mohloli oo ke Babylona ea boholo-holo. Tsamaiso ena ea lefatše lohle ea bolumeli e simolohileng Babylona Bibele e e bitsa “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.”—Tšenolo 17:5.

Kahoo, leshano la pele la Satane la isa khatellong e sabaletseng ea bopolotiki le ea bolumeli. Empa ho neng ho tsoela pele mabapi le “peō” eo Molimo o neng o profetile ka eona hore e tla felisa Satane le mano a hae ke hofe?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Joaloka terene ena, moloko ’ohle oa motho o khelohile tsela. Na ua tseba hore na ke joang?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela