Thapelo ea Mohlala
“Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong; u re fe kajeno bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng; u re tšoarele melato ea rōna, joale ka ha re tšoarela ba nang le melato ho rōna; u se ke ua re isa molekong; u mpe u re loele ho e mobe.”
ENA u ka ’na ua e bitsa Thapelo har’a lithapelo. E tsebahala haholo e le thapelo ea “Ntat’a Rōna” hape e le “Thapelo ea Morena” hobane Morena Jesu Kreste o fane ka eona e le mohlala bakeng sa barutuoa ba hae. (Mattheu 6:9-13) Ke ka nepo e ka tšoantšoang le lehakoe la bohlokoa.
BOHLOKOA
Mantsoeng a thapelo ena a seng makae ho kenyellelitsoe mehopolo ea bohlokoa e molemo haholo. Joaloka lejoe la bohlokoa, ke ea bohlokoa haholo. Ka mohlala, lidaemane li haella ka makhetlo a 120 ha li bapisoa le gauda. Bohlokoa ba daemane bo phahamisoa ke likaroloana tsa eona tse khanyang ka mokhoa o sa tšoaneng.
LIKAROLOANA
Tsena li fumanoa ka ho e betla ka hloko. Mahlakore ao karoloana e bōptjoang ka oona a tlameha ho lekana hantle hore a phatsime ka mokhoa o phahameng. Ka ho tšoanang, karoloana e ’ngoe le e ’ngoe ea Thapelo ea Mohlala e khanya ka phatsimo ea eona
HO TŠOARELLA
‘Daemane ha e tsofale.’ Na u hlokometse hore ho se ho fetile lilemo tse ka bang 2 000 Thapelo ea Mohlala e le teng? Ho tšoaneleha ha eona ha hoa fifala. Ka baka lena a re ke re nyakureleng lehakoe lena la bohlokoa. Ke eng seo le se bolelang?
Lintho tse amanang le Molimo li tla pele
Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe.
Lebitso la botho la Molimo ke Jehova. Jesu ‘o tsebahalitse lebitso la Ntate oa hae’ ho barutuoa ba hae ka ho sebelisa lebitso la Molimo la botho le ka ho ba tloaetsa litšobotsi tsa hae. Le bona ba ne ba tla halaletsa lebitso leo ka ho le tšoara joaloka ntho e halalelang, ba le bolella ba bang le ka ho tsebahatsa merero ea Molimo ea ho halaletsa lebitso la oona pel’a pōpo eohle. Joaloka ‘batho ba khethetsoeng lebitso la Molimo,’ kamehla Bakreste ba loanele ho itšoara ka mokhoa o tšoanelang Lebitso.—Pesaleme ea 83:18; Johanne 17:6; Liketso 15:14.
Ho tle ’muso oa hao
’Muso ke puso ea Molimo ea leholimo, boemeli boo ka bona tšireletseho ea sebele le ho thabela bophelo ka ho feletseng li tla fumantšoa batho. O se o theiloe leholimong, ’me Morena oa oona, Kreste Jesu, ea tlotsitsoeng ke Jehova Molimo ka boeena, o tloha a busa lefatšeng lohle. E le ’muso o matla, ’Muso o tla nka bohato ka litsamaiso tse sa phethahalang le tse hatellang tse teng hona joale. “O tla robaka o felise mebuso eo [mebuso ea hona joale ea bopolotiki] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44; 7:13, 14.
Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.
Thato ea Molimo ke hore bokhopo bohle bo felisoe bokahohleng. Bibele e re: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo.” Molimo o na le morero o khethehileng ka lefatše lena. Jesu a re ho motho ea neng a khokhothetsoe le eena: “U tla ba le ’na paradeiseng,” kahoo a nea monna eo tšepo ea bophelo paradeiseng ea lefatše. Morero oa Molimo o akarelletsa tsoho ea bafu, “ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” Thato ea hae ke hore “batho bohle ba bolokehe.”—Pesaleme ea 37:10; Luka 23:43; Liketso 24:15; 1 Timothea 2:3, 4.
Lintho tse amanang le seo re se hlokang lia latela
U re fe kajeno bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng.
Likopo tsa rōna bakeng sa se hlokahalang bophelong e be tse itekanetseng. Re kōpe lijo tsa “tsatsi le leng le le leng.” Joalokaha kannete Jesu a itse, “bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng.” Haeba rea mo kholoa, bophelo ba rōna bo ke ke ba neheloa haholo-holo ho fumaneng matlotlo a bonahalang. “Ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” Ha a ne a re, “U re fe,” Jesu o ne a boetse a re ruta ho hopola se hlokoang ke ba bang.—Luka 12:15; 1 Timothea 6:8.
U re tšoarele melato ea rōna, joale ka ha re tšoarela ba nang le melato ho rōna.
Re hloka tšoarelo ea Molimo. “Ha re re, ha re na sebe, rea ithetsa, ’me ’nete ha e eo ho rōna. Ha re ipolela libe tsa rōna, Molimo oa tšepeha, o lokile, hore o re tšoarele libe ’me o re hlatsoe bokhopo bohle.” “Re na le moemeli [mothusi] pel’a Ntate; ke Jesu Kreste ea lokileng”—le teng e le ha re e-na le tumelo ea ’nete tokisetsong eo Molimo o e entseng ea ho tšoarela ka Jesu Kreste. Hape, le rōna re tlameha ho tšoarela.—1 Johanne 1:8, 9; 2:1, 2.
U se ke ua re isa molekong; u mpe u re loele ho e mobe.
“Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” Satane Diabolose. Molimo ha o leke mang kapa mang hore a etse bobe, empa re ka lekoa ke litakatso tsa rōna. Molimo o lokiselitse metheo e utloahalang ea Bibele le botsoalle bo hahang ba Bokreste ho re thusa ho furalla moleko le ho re sireletsa bokhopong. Kahoo ho hlokahala hore re sebetse tumellanong le thapelo ea rōna. ‘Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe! . . . o . . . namolela ba tšepahalang ba hae matsohong a ba bolotsana.’—1 Johanne 5:19; Pesaleme ea 97:10.