Ke Hobane’ng ha U Lumela ha u le Phoso?
“Batho feela ba sa etseng liphoso ke batho ba shoeleng.” Hona ho ’nile ha boleloa ka batho ba sa phethahalang. ’Me ha u nahana ka litaba, ke mang ea seng phoso ka nako tse ling? Ke mang ea sa etseng liphoso?
Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, lea hlakisa hore bohle rea sitoa, hobane e re: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea ntseng a etsa hantle, a sa tšohe a etsa sebe.” Ka Bibeleng, mantsoe a Seheberu le Segerike a fetoletseng “sebe” ka ho toba a bolela “ho tlola moeli”—ho ba phoso kamoo litlhokahalo tsa Molimo li amehang.—Moeklesia 7:20.
Empa, le hoja ho tloaelehile ho etsa phoso, ho fosa—e, ho etsa sebe—ho thata hakaakang ho ho lumela! Haeba u monna u bile u ntate, na ha u iphumane u batla ho ikemela ha u tlameha ho lumela ho mosali oa hao kapa bana ba hao hore u entse phoso? Haeba u molebeli, na ha u iphumane u le lekhonono ho lumela ho batlatsi ba hao hore u phoso? Haele hantle, ho joalo le ka basali, bana, bahiruoa le ba maemong a mang.
Lebaka leo Re ka ’nang Ra Hana
Ho bonahala e le tlhaho ea batho ho leka ho itokafatsa. Ha re ne re sa le banyenyane, ho ne ho le thata hakaakang ho batsoali ba rōna ho re etsa hore re lumele hore re entse phoso ’me re lokela ho inyatsa bakeng sa eona! Ha re se re holile, re ka ’na ra bonahatsa boikutlo bo tšoanang. Ka hona motho a ka ’na a leka ho bea mabaka a hore seo a se entseng se ne se hlile se se phoso, hore e mong osele ka sebele o ne a le molato, kapa hore maemo a sa tloaelehang a ka tšoauoa phoso.
Ho bonahala ho le thata haholo-holo ho ba boemong ba boikarabelo ho lumela hore ba phoso. Hobane’ng? Ha ho pelaelo mabakeng a mangata hona ho tsoaloa ke boikhohomoso. Ba amehile ka seo ba bang ba ka ’nang ba se nahana; ha ba batle ho “itlosa seriti,” kamoo ho eeng ho boleloe. Empa, hape, ho hloleha ho lumela hore u phoso e ka ’na ea ba ka baka la maikutlo a ho se sireletsehe. Motho a ka ’na a ikutloa hore boemo ba hae bo kotsing haeba a lumela phoso.
Ha ho pelaelo ba bang ba lekhonono ho lumela hore ba e entse kapa ba ne ba le phoso ka baka la tefo eo ba ka ’nang ba e lefa bakeng sa phoso ea bona. E ka ’na ea ba mohiruoa oa seporo o bakile kotsi e tebileng ka baka la ho se tsotelle. Empa haeba a lumela hore o entse phoso, a ka ’na a lahleheloa ke mosebetsi oa hae kapa a ea teronkong. Kapa, tabeng ea ngaka, qoso e theko e boima ka baka la bohlasoa e ka ’na ea ameha, ’me ho lumela phoso ho ka ’na ha mo batla chelete e ngata haholo kapa mokhatlo oa hae oa “insurance.”
Le teng, hape motho a ka ’na a thatafalloa ke ho bona lintho hantle leseling la tsona le nepahetseng. Joale ka ha Bibele e e bea, “Ke mang ea ka lemohang liphoso”? Ho feta moo, pelo e ka ’na ea koetla maikutlo a re thibelang ho lumela phoso tsa rōna. E, “pelo e mano ho fetisa tsohle, . . . e ka tsejoa ke mang?”—Pesaleme ea 19:12; Jeremia 17:9.
Liphello tse Bosula
Ho ithahasella borōna ho se nang ponelo pele ho ka ’na ha re etsa hore re itokafatse borōna ho e-na le ho lumela hore re phoso. Empa ho sa tsotellehe ho bea mabaka ha rōna, ho hana ho lumela ha re le phoso ho na le liphello tse bosula. Ka mohlala, ho ka tapisa likamano le litho tsa malapa a rōna kapa le bao re sebetsang le bona kapa bao re rapelang le bona. Ka ho hana ho lumela ha re le phoso, re leka mamello ea ba bang kapa re lahleheloa ke tlhompho ea bona. ’Me ho ka etsahalang ke hore re etsa mokoallo o tla thibela puisano e lokolohileng.
Taba e ntseng e tebile haholo ke hore ho hana ho lumela ha re le phoso ho re jarisa letsoalo le molato, haholo-holo haeba e mong a beoa molato oa seo re se entseng. ’Me haeba re khohlela ho lumela phoso e le ’ngoe, hona e ka ’na ea ba tloaelo. Ka ho hana ho lumela liphoso tse nyenyane, haufi re ka ’na ra hana ho lumela ha re etsa tse kholo, hohle e le ho itšoetsa. Ka baka leo, le tabeng ea sebe se isang lebitleng matsoalo a rōna a ka ’na a chesoa joalo ka ha e ka ke ka tšepe e chesang. (1 Timothea 4:1, 2) Ka holim’a tsohle, tsela e joalo e tlameha ho senya kamano ea rōna le ’Mopi oa rōna, Jehova Molimo.
Mehlala ea Nako e Fetileng
Ho hloleha ho lumela hore re phoso ka ho leka ho fetisetsa molato ho ba bang ho re bea har’a batho ba babe. Ka baka la ho se ikokobetse ha hae, monna oa pele, Adama, a bea ‘mosali eo Molimo o mo fileng eena’ molato. Eva le eena a bea molato ho noha. Leha ho le joalo, Molimo ha a ka a amohela liphephi tsena empa a nka batho ba babeli ba pele ba ikarabella. Hape ke Morena Saule, ea ileng a hloleha ho sebelisa ka ho feletseng kahlolo ea Molimo holim’a Baamaleke ba khopo. Ha Saule a botsoa hore na ke hobane’ng, a bea molato ho batho ba hae. Empa le teng Molimo oa se ke oa amohela phephi eo.—Genese 3:12-19; 1 Samuele 15:15-23.
Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re fa mehlala ho bontša hore re lokela ho lumela ha re le phoso. Har’a ena e ne e le oane oa Juda. O ne a le phoso liketsong tsa hae le ngoetsi ea hae ea mohlolohali Tamare. Ha a tobanngoa le boikarabelo ba hae bakeng sa ho mo emolisa, Juda a lumela: “O lokile ho fetisa ’na.” (Genese 38:26) Empa bonyane o lumetse hore o ne a le phoso.
Hape ke Morena Davida. O entse lintho tse ngata tsa bomenemene ho koahela sebe sa hae le Bathe-Sheba. Ha a tojoa ke moprofeta Nathane, Davida a bolela: “Ke sitetsoe Jehova.” (2 Samuele 12:13) E, kahoo Davida o ile a lumela hore o ne a le molato oa ho etsa phoso.
Liphello tse Molemo
Ke hantle ha re hopola mehlala ena ea boholo-holo ’me re lumela ha re le molato. Har’a lintho tse ling, ho etsa joalo ho fella ka likamano tse molemo le malapa a rōna. Hape re tsoella hantle le baokameli ba rōna ka ho se leke mamello ea bona haholo hakaalo. Ha bohlokoahali, rea bolelloa ka Mangolong hore: ‘Ha pelo ea ’musi e ka u halefela, u se ke ua furalla litulo tsa hao, hobane mosa o ka u phemisa [libe] tse kholo,’—e, esita le liphoso tse tebileng haholo.—Moeklesia 10:4, bapisa NW.
Ho thoe’ng haeba re e-na le boemo ba boikarabelo? Haele hantle, boikemisetso ba ho lumela ha re le phoso bo tla hapa tlhompho ea batlatsi ba rōna. Ho feta moo, ka boikutlo bo joalo re tla ba boemong ba ho tsoela pele ka ho hlola bofokoli ba rōna.
Haholo-holo ke habohlokoa hore re boloke letsoalo le hloekileng le kamano e molemo le Molimo oa rōna. Kahoo, haeba re entse phoso e tebileng, pele ho tsohle, ha re lumeleng hore re entse sebe. Ka lithapelo tse matla, re ka ’na ra batla mohau o tšoarelang oa Ntat’a rōna oa leholimo ka Jesu Kreste. (Pesaleme ea 103:10-14; 1 Johanne 2:1, 2) ’Me e se eka re ka ipha monyetla o tletseng oa tšehetso ea moea e re bulehetseng. (Jakobo 5:13-16) Ena ke tsela ea bohlale, hobane Lentsoe la Molimo le ea re bolella hore: “Ea patang melato ea hae a ke ke a hlohonolofala; empa ea e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.”—Liproverbia 28:13.
Lithuso tsa ho Hlola Tloaelo
Ka ho hlakileng, re hloka thuso haeba re tla hlola tloaelo ena ea ho se lumele ha re le phoso. Hangata boikutlo ba ho qabola bo ka thusa, haholo-holo haeba phoso kapa bobe li sa teba haholo kapa li se matla. Ka mohlala mosali e mong ea molemo oa lelapa o ne a nkile lijana tse shoang tse ’maloa ha a khothometseha ’me a lihela mohlōhlō kaofela, ’me a li pshatla kaofela. Ha ho etsahala seo, a tšeha haholo, hobane ho ile ha bonahala eka ntho e joalo e ke ke ea etsahala habonolo ho eena. Empa e etsahetse! E, hangata boikutlo ba ho qaboha bo tla re boloka re sa iphahamisa haholo, hoo hangata e leng botebo ba hore re hane ho lumela hore re entse phoso.
Botšepehi le kutloelo bohloko li boetse li kenella temeng. Haeba batho ba itseng ba beiloe ho tseba hore na re entse phoso, re lokela ho ikemisetsa ho lumela phoso. Haholo-holo kutloelo bohloko e lokela ho re susumeletsa ho lumela phoso haeba motho e mong mohlomong a tla beoa molato ’me a tla utloa bohloko ka baka la phoso ea rōna. Mona mantsoe a Jesu aa sebetsa: “Joale ka ha le rata ho etsoa ke batho, ba etseng joalo le lona.”—Luka 6:31.
Boikokobetso bo tla boetse bo re thuse ho lumela phoso. Ha re ho nahanisisa, ho hloleha ho lumela phoso ke ngoan’abo boikaketsi, na ha ho joalo? Leha e le motho oa moikhohomosi kapa moikaketsi ha a na kamohelo ea Molimo.—Liproverbia 21:4; Jakobo 3:17.
Ho boloka kamano e haufi-ufi le Jehova e tla ba thuso e kholohali boikemisetsong ba rōna ba ho lumela ha re le phoso. Hobane’ng? Hobane re tla be re sekametse ho nka tse amanang le rōna tsohle le liphoso ho li isa ho eena ka thapelo e ikokobelitseng. Ka hona, ha re tšepa thuso le mohau tsa hae, re tla rua “khotso ea Molimo” e ke keng ea lekanngoa.—Ba-Filippi 4:6, 7.
Ka hona, ka ha bohle re etsa liphoso, ha re lumeleng liphoso tsa rōna. Ha re fositse, e se e ka ka boikokobetso re ka ho lumela. Ka hona ha re sebeletseng liphosong tsa rōna ka mokhoa o hahang, molemong oa rōna le oa ba bang.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Davida a bolela: “Ke sitetsoe Jehova”