’Muso Oa Molimo O-oa Tla’—Neng?
1. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘lula re lebelletse’ bofelo? (b) Re ka ‘rorisa tšebeletso ea rōna’ joang, ’me e le ka tšepo efe?
KE NENG re ka lebellang ho tla ha litšepiso tsa ’Muso ka phethahatso e khōlō? Ho ba bang ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo tse 20, 30, 40 kapa ho feta, “bofelo” bo ka ’na ba bonahala bo liehile. Empa hopola seo moprofeta oa Molimo Habakuke a re bolellang sona: “Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.” (Habakuke 2:3) Ha ho hlokahale hore re tsebe pele ho nako “letsatsi leo le hora eo” ‘mahlomola a maholo’ a tla oela lefatše lena ka bohale bohle ba oona. Hobane hona joale, ho lekane hore e be ‘re rorisa tšebeletso ea rōna’ ka ho bolela ka cheseho litaba tse molemo tsa ’muso o hlomiloeng. Hobane re ka tšepa hore, ha ho boleloa ha ’Muso ho entsoe ho fihlela moo Jehova a batlang, joale ‘bofelo bo tla tla.’—Mattheu 24:14, 21, 36; Ba-Roma 11:13.
2. (a) Malebana le ho bea nako ea liketsahalo ha Jehova, ke eng e thahasellisang? (b) Ke neng, hona ka ketsahalo efe, ‘mehla ea bofelo’ ea tsamaiso ea Sejode e ileng ea qala?
2 Mabapi le tsela eo Jehova a beelang liketsahalo nako ka eona, taba ena e hlile ke e thahasellisang: Hore e be Molimo o hlile oa senola nako ea ho qaleha ha linako tse peli tsa bohlokoahali paleng ea batho ho tla fihlela mehleng ena ea hona joale. Ke life? Ka bobeli ba tsona ke linako tsa kahlolo. Ea pele ho tsona e ne e le ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ea lintho ea Sejode, ’me ea qaleha ka kolobetso ea Jesu le ho tlotsoa ha hae joale ka Messia. (Joele 1:15; 2:28-32; Liketso 2:17) Boprofeta ba Daniele, bo tlalehiloeng lilemo tse fetang 500 pele ho nako, ba totobatsa selemo sa 29 C.E. joale ka qaleho ea ‘mehla eo ea bofelo.’ Joang?
Ho Lekanya Nako ea ‘Mehla ea Bofelo’ ea Sejode
3, 4. (a) “Veke tse mashome a supileng” ke eng, li qalile neng, ’me li felile neng? (b) Ke liketsahalo life tse tšoaileng ‘veke ea lilemo’ ea ho qetela joale ka ea bohlokoa?
3 Ho Daniele 9:24-27 re bala ka nako ea “liveke tse mashome a supileng tsa lilemo” (An American Translation; Moffatt), kapa kakaretso ea lilemo tse 490, joale ka e qalang “ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe.”a Hoo ho etsahetse neng? Tlaleho ea Bibele ho Nehemia 2:1-7 e bolela hore “Ka selemo sa mashome a mabeli sa ho busa ha Artaxerxese” morena oa Persia, morena ka seqo a laela moqhatsetsi oa hae oa Mojode, Nehemia ho khutlela motseng oa bo-ntat’ae ho ea o ‘tsosa.’ Ho ea ka pale ea lefatše ‘selemo sena sa mashome a mabeli sa ho busa ha Artaxerxese’ e ne e tla ba 455 B.C.E. Ha re bala lilemo tse 490 ho tloha tsatsing leo, re fihla selemong sa 36 C.E. Boprofeta ba Daniele bo re bolella hore ‘veke ea lilemo’ ea ho qetela ea 29-36 C.E., ke ea bohlokoa bo khethehileng. Hobane’ng?
4 Ke hobane “ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe, ha e tsoile, ho fihlisa ho motlotsuoa Morena, ho tla feta beke tse supileng; ka veke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli, motse o tla tsosoa.” Kahoo Messia o ne a tla hlaha qalehong ea beke ea lilemo ea mashome a supileng. Sena hape se ne se tla tšoaea qalo ea ‘mehla ea bofelo’ ea tsamaiso ea lintho ea Sejode, e leng nako ea kahlōlo eo lilemong tsa pele tsa eona tse supileng Messia a neng a tla tiisa selekane sa Abrahama le Bajode ba mo amohetseng. “Mahareng” a veke eo ea lilemo, ke hore, ka 33 C.E., Messia o ne a tla “tlosoa” ka lefu, sehlabelo sa hae se seholo sa pheko ea libe se ‘felisa sehlabelo le nyehelo [ho ea ka molao oa Iseraele]’ joale ka tseo e seng tsa molemo oa letho.—Ba-Heberu 10:12, 18.
5. (a) Ke eng e bontšang hore Bajode ba ne ba tloaelane hantle le se tla tšoaea nako ea “veke ea mashome a supileng”? (b) Ke hobane’ng ha Bajode ba ile ba sareloa malebana le tebello ea bona? (c) Boprofeta ba Daniele bo ipakile e le ’nete joang?
5 Ha ho palaelo Bajode ba ne ba tloaelane le se tla tšoaea nako ea ‘veke tse mashome a supileng,’ hobane mongoli oa Bibele Luka o re bolella hore mehleng eo “sechaba se ne se lutse ka tebello” ea Kreste. (Luka 3:15) Leha ho joalo, tšepo ea bona e ne e tsepamisitsoe ho tleng ha morena oa mohlabani oa khanya ea neng a tla etella Bajode pele ho hlōla bahatelli ba bona ba Baroma. Tumelo ea bona ha e ea ka ea atoloha ho lumela hore Messia o ne a tla “tlosoa,” a bolaoe, ka 33 C.E. Kapa hona ho kholoa tlhokomeliso ea boprofeta ea hore Jerusalema le batho ba eona e ne e tla ‘senngoa’ hape. Empa boprofeta ba Daniele bo ipakile e le ’nete hakaakang ha Jerusalema e ne e ripitloa ke makhotla a Roma tlas’a Molaoli Tite ka 70 C.E.!
‘Mehla ea Bofelo’ ea Lefatše Lohle—Neng?
6. Ke nako efe hape eo Jehova a e senotseng pele ho nako, ’me e le qalo ea eng?
6 Leha ho le joalo, ke ho qaleha ha nako efe hape hoo ka mosa Jehova a ho senotseng pele ho nako? Ke qaleho ea ‘mehla ea bofelo’ ea tsamaiso eohle ea lefatše ea lintho ea Satane. (2 Timothea 3:1-5) Tsena ke “linako tse bohloko” tse qalileng lefatšeng ka bophara ka selemo sa 1914 C.E.
7, 8. (a) Liithuti tse seli tsa Bibele li nkile nako eo joang ho tloha ka 1880, ho tla fihlela lilemong tsa bo-1980? (b) Ke lipolelo life tsa banna ba nang le tsebo ea litaba e ntle ba lefatše tseo ka ho tšoanang ba li tobisitseng ho 1914?
7 Ka lilemo tse 34 pele ho 1914, liithuti tse thahasellang Bibele li ne li ntse li lebelletse letsatsi leo. Molula-Qhooa hangata o ’nile oa hlokomelisa ka ho tsoetseng pele ka bohlokoa ba lona ho tloha ka selemo sa 1880. ’Me hona joale, lilemo tse 68 kamor’a 1914, re hetla morao hona selemong seo joale ka se nang le ntho ea bohlokoa. Ha re bang ho sena. Mongoli e mong ea nang le tsebo e ntle ea litaba o boletse 1914 e le selemo seo “lefatše, joale ka ha le ne le tsejoa le ho amoheloa ka nako eo le ileng la fihla qetellong.”b E mong o hlalositse 1914 joale ka e qalileng “mehla ea kajeno [eo] e mong le e mong a e hlokomelang hantle . . . hore e ka fella ka tšenyeho e khōlō.”c—Bona hape buka “Let Your Kingdom Come,” maqephe 127-140,186-189.
8 Lilemo tse fetang 50 kamorao ho 1914, setsebi sa litaba tsa puso sa Jeremane Konrad Adenauer se hopola hore: “Mehopolo le litšoantšo li tla kelellong ea ka, . . . mehopolo ke ea pele ho selemo sa 1914 ha ho ne ho e-na le khotso, khutso le tšireletseho tsa sebele lefatšeng lena—nako eo re neng re sa ka ra tseba tšabo. . . . Tšireletseho le khutso li nyametse bophelong ba batho ho tloha ka 1914.” ’Me haufinyane ka Pulungoana, 1980, setsebi sa litaba tsa puso sa Brithani Harold Macmillan ha a hetla morao ka lilemo tse 86 tsa bophelo ba hae o buile ka tlhōlōhelo ka “tsoelopele e neng e itlisa” ea lilemo tsa Mofumahali Victoria. O itse: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e ntlafala ho ea pele. Lena ke lefatše leo ke hlahetseng ho lona. [Empa] ka tšohanyetso, ho sa lebelloa, hoseng ho hong ka 1914, ntho eohle ea fela.”
9. (a) Ke joang liithuti tsa Bibele li ileng tsa ananela e sa le pele hore selemo sa 1914 e ka ba sa bohlokoa? (b) Ke tlhaloso efe ea boprofeta ba Daniele khaolong ea 4 e lebisitseng ponong ee?
9 Ke joang liithuti tse tiileng tsa Bibele, tseo hajoale li tsebahalang e le Lipaki tsa Jehova, li ileng tsa ananela lilemo tse 34 pele ho nako hore 1914 e ne e tla tšoaea phetoho e kaale? Ke hobane “mohlanka ea khabane, ea bohlale” (Mattheu 24:45-47), ea entsoeng ka Bakreste ba batlotsuoa ba sebetsang tlas’a Morena oa bona, Jesu Kreste, ka mantsoe a Petrose oa Bobeli 1:19 o ne a ‘ela hloko lentsoe la boprofeta, joale ka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi.’ Ka boprofeta ba Daniele khaolo ea 4, a ithuta hore ho phetholoa ha lesika la borena la Morena Davida Jerusalema ho etsahetseng ka 607 B.C.E., ho ne ho ke ke ha tšoaea ka ho sa feleng bofelo ba bobusi ba Jehova lefatšeng. “Sefate” sa matla a borena ba Molimo se ne se tla hlomela hape. Kamor’a ‘mengoaha e supileng,’ kapa lilemo tse 2 520 tsa puso ea bobatana ea Balichaba ea lefatše, ho tla tsejoa hape “hoba Mookameli ea Phahameng o na le ’muso holim’a borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ea fetisang ka bonyenyane.”—Daniele 4:14-17.
10. Ho hlaha ha Messia ka 1914 ho bapisoa joang le ho tla hoa hae ha pele?
10 E, e ne e tla ba ka selemo seo sa tlokotsi sa 1914 seo E ‘monyenyane’ eo ha a ne a tlile ka lekhetlo la pele e le Messia, a ileng a “tlosoa” ka sehlōhō “ho se motho ea mo emelang” a neng a tla hlaha hape. Empa ka lekhetlo lena Kreste o tla a sa bonahale a e-na le khanya ea leholimo, le mangeloi a halalelang a e-na le eena kaofela, “ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae.”—Daniele 9:26; Mattheu 25:31.
“Moloko” oa 1914
11. (a) Ke “moloko” ofe o ke keng oa feta pele lintho tse hlileng tsa boleloa ke Jesu li etsahala? (b) Ke eng eo masala a “moloko” ona a ka lebellang ho e bona?
11 Ka nako ea ha Kreste a qala ho ba teng kapa parousia, o ne a sa bonoe ke mahlo a batho. Empa moloko oo oa 1914 ka sebele o bone se etsahetseng mona lefatšeng e le “pontšo” ea ho ba teng ha hae le ho ‘qala ha tlokotsi’ bakeng sa batho! (Mattheu 24:8) ’Me masala a moloko oo oa 1914 a ntse a bua ka eona. Ba bang ba bona ba tla be ba ntse ba bua ka eona ho fihlela ha ‘mahlomola a maholo’ a hlakola tsamaiso ea lintho e khopo ea Satane holim’a lefatše la rōna. Hobane Jesu Kreste ka boeena o-oa re tiisetsa: “Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona [moloko o boneng ho qaleha ha tlokotsi ka 1914] o ke ke oa feta [ka ho feletseng], tseo tsohle li e-so ho etsahale. Leholimo le lefatše li tla feta, empa lipolelo tsa ka li ke ke tsa feta.”—Mattheu 24:3, 8, 34, 35.
12. (a) Ke liketsahalo life ho tloha ka 1914 tse lokelang ho re kholisa ka ho nepahala ha boprofeta? (b) Leha ho le joalo, tumelo ea rōna e itšetlehile ka eng? (c) ‘Litaba tse molemo’ li toba eng?
12 “Tlokotsi” e boletsoeng e sa le pele hore e tla qala ka 1914 ea phatloha holim’a lefatše ka tšohanyetso e tsotehang. ’Me ea tsoela pele ho hlokofatsa batho! E fana ka “pontšo” e kholisang ea hore 1914 e tšoaile ho qaleha ha ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho.’ Leha ho le joalo, tumelo ea rōna ha e-ea itšetleha ka nako e kang 1914. Tumelo ea rōna e itšetlehile ka ho tiea Lentsoeng la Molimo, litabeng tse molemo tse boletsoeng pele ke Jesu le barutuoa ba hae, ho phethahaleng ho hongata ho babatsehang ha boprofeta ba Bibele mehleng ena ea rōna haholo joalokaha ho sebetsa ho “mohlanka ea khabane, ea bohlale” le ho mo khetholla le ba sebetsang le eena. Ke “litaba tsena tse molemo tsa ’muso,” molaetsa ’ohle oa Bibele, tseo e leng moralo oa tumelo ea rōna. Tsena kaofela li tobisitsoe ho Jesu Kreste, Mor’a Molimo eo a mo rōmetseng lefatšeng ho tla lopolla batho, ’me eo hajoale a renang ka khanya ’musong o hlomiloeng oa maholimo. (Mattheu 24:3, 14, 45-47; 25:31-33; Tšenolo 19:10) Ha re e-na le tumelo, re ka ananela hape mokhoa oo ’Muso o tla ‘tla’ ka oona bakeng sa pholoho ea bohle ba ratang ho sebelisa toka. Hoo ho tla etsahala joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhakiso e feletseng ka se tšoaeang nako ena, bona “Let Your Kingdom Come” maqephe 58-66.
b Buka 1914, ea James Cameron, e hatisitsoeng ka 1958.
c Tlhophiso ea litaba ea Seattle Times, la 1 Pherekhong, 1959.
[Lebokose le leqepheng la 14]
“VEKE TSE MASHOME A SUPILENG TSA LILEMO” (Daniele 9:24-27)
HO TLOHA “taelong” ea morena oa Persia ho Nehemia ka 455 B.C.E.
455 – 1 B.C.E. = 454 lilemo
1 B.C.E. – 1 C.E. = 1 selemo
1 C.E. – 36 C.E. = 35 lilemo
455 B.C.E. – 36 C.E. = 490 lilemo
Messia ‘a tlosoa mahareng a veke,’ ’Mesa 33 C.E.
HO EA qetellong ea mohau o khethehileng ho Bajode ka 36 C.E ka ho sokoloha ha ntlo ea Kornele
[Lebokose le leqepheng la 15]
“HO BE HO PHETHOE MEHLA EA LICHABA” (Daniel 4:14-25; Luke 21:24-26)
Ho tlangoa ha Borena ba Jehova ha Mehla ea Lichaba e qala ka 607 B.C.E.
“MENGOAHA E SUPILENG” = 7×360 = 2,520 lilemo
(Bona Tšenolo 12:6,14; Ezekiel 4:6b)
607 – 1 B.C.E. = 606 lilemo
1 B.C.E. – 1 C.E. = 1 lilemo
1 C.E. – 1914 C.E. = 1,913 lilemo
607 B.C.E. – 1914 C.E. = 2,520 lilemo
Borena ba Jehova bo tsosolosoa ka ’Muso oa Messia ka 1914 C.E.