Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 10/15 maq. 16-19
  • Mokhoa oo ’Muso o ‘Tla Tla’ ka Oona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhoa oo ’Muso o ‘Tla Tla’ ka Oona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Timetsa “Seotsoa”
  • Harmagedone—Le Ka Mor’a Eona
  • “Ke Khotso, ha ho Kotsi”—Joale, “Ke Mohla Timetso e Tla ba Tsometsa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Molimo oa ’Nete le Bokamoso ba Hao
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Khotso e Tsoang ho Molimo Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Topollo Tšenolong ea Jesu Kreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 10/15 maq. 16-19

Mokhoa oo ’Muso o ‘Tla Tla’ ka Oona

1. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ‘mehla ea bofelo’ ea lefatše e ’nile ea tsoela pele ho fihlela 1982?

HORE Na ho setse nako e kae ho fihlela ‘mahlomola a maholo’ a otla, ha re tsebe. ‘Mehla ea bofelo’ ea tsamaiso ea Sejode ea lintho e kopetse lilemo tse 41 kaofela—29 C.E., ho ea ho 70 C.E. Empa joale tsamaiso e khōloanyane haholo e tobane le hore Molimo o phethe kahlolo. Ke tsamaiso ea lefatše lohle ea Satane, eo ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, haholo-holo bolumeli ba bohata ba Bojakane e leng eona karolo e molato haholo. Kahoo ha ho makatse hore e be ‘mehla ea bofelo’ ea tsamaiso ea lefatše lena e saballetse ka lilemo tse ka bang 68 joale ho tloha ka 1914 ho ea ho 1982. Hona hohle ho bile ka morero. Ofe?

2. Bakreste ba lekholo la pele e bile mehlala joang ho rōna kajeno?

2 Ha e le hantle, Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ’nile ba etsa eng nakong ea ‘mehla ea bofelo’ ea tsamaiso ea Sejode? Ba bolela! Ba utloahatsa temoso! Leha ho le joalo, ka lilemo tse mashome a seng makae feela, moapostola Pauluse o ne a ka ngola hore: “Tšepo ea Evangeli eo le e utloileng, e leng eona e boleletsoeng babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.”—Ba-Kolosse 1:23.

3, 4. Ke bo-mang bao moea oa Jehova o ba fileng matla a ho fana ka bopaki mehleng ea joale, ’me e le ka liphello life?

3 Kajeno, tšimo e atolohile haholo. Ke lefatše, lefatše lohle! Empa hape, tlas’a matla a matlafatsang a moea oa Molimo, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li ile lipheletsong tsa lefatše. Li boletse ’nete ka lipuo tse fapaneng tse fetang 160. Li ile tsa bokella hammoho ba kang linku ba tsoang lichabeng tsohle, ba ka bang 5 980 000 ba ileng ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Jesu ka 1981. Joale ka sehlopha sa seboholi, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o etelletse pele ho bolela letsatsi la liphetetso tsa Jehova, ha a ntse a tšelisa bohle ba llang. (Esaia 21:11, 12; 61:1, 2) Mabapi le mosebetsi oa bona oa ho bolela, ka lekholo la lilemo le fetileng Lipaki tsa Jehova li abile Libibele le libuka tse ka bang 460 000 000 le limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse 4 767 000 000. Na hoo ha se bopaki bo boholo ka ho fetisisa lebitsong la Jehova le ’muso oa hae?

4 Hona joale ho boleloa hona ha litaba tse molemo tsa ’Muso ho atamela tlhoro ea hona! Ba kopane, ka lefatše lohle, baromuoa ba tšepahalang, bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba phutheho ba finyelletse mosebetsi o babatsehang—“hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka,” ho bolela Jehova oa makhotla. (Zakaria 4:6) Ka baka leo, batho ba limillione ba tlile ho tla kopanela le “mohlanka ea khabane,” ba re: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hobane Jehova o na le lōna.”—Zakaria 8:23.

5. Daniele khaolo ea 2 e hlalosa ‘ho tla’ ha ’Muso joang?

5 Ho setseng feela joale, ke hore ’muso oa Molimo o “tle”! O tle ka mokhoa ofe? Ka mokhoa oo moprofeta Daniele a o hlalosang khaolong ea bobeli ea boprofeta ba hae! Mona ’muso oa Messia o tšoantšetsoa ka “lejoe” la “thaba” ea tšoantšetso ea borena ba ka mehla le mehla ba Jehova. Joale ka sebetsa, “lejoe” lena lea ipetsa, e, ‘lea tla,’ ho tla otla setšoantšo sa mebuso e entsoeng ke motho, le e thumakanya joale ka phoofo. Joale “lejoe” la ’Muso ka bolona le fetoha “thaba” le tlala lefatše, tsohle thorisong le khanyeng ea Jehova.—Daniele 2:34, 35, 44, 45.

Ho Timetsa “Seotsoa”

6. (a) Ke hobane’ng ho sa lokela ho bonahala ho makatsa hore Jehova o tla sebelisa mabotho a boitseko ba batho phethahatsong ea kahlolo? (b) Jerusalema e na le moemeli ofe ea tšoanang le eona oa kajeno, ’me e le karolo ea ’muso ofe hape?

6 Leha ho le joalo, ho na le lilelekela tsa ho robakoa ha puso ea motho lefatšeng. Buka ea boprofeta ea Tšenolo e bontša hore pele Jehova o tla sebelisa mebuso e nang le maikutlo a boitseko e’ har’a Machaba a Kopaneng joale ka noto ea tšenyo. Hona ha hoa lokela ho utloahala ho makatsa, hobane linakong tsa boholo-holo Jehova o ile a sebelisa ’muso oa lefatše oa Babylona joale ka “noto ea lefatše lohle” ho phethahatsa kahlolo ea hae holim’a lichaba, haholo-holo holim’a Jerusalema e koenehileng. (Jeremia 50:23) Jerusalema ea khale e na le moemeli mehleng ena bolumeling bo laolehileng ba Bojakane. Bona bo ipolela hore bo rapela Molimo oa Bibele, empa, ho e-na le hoo, bo ikentse karolo ea ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Boprofeta bo totobatsa ’muso oo joale ka “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.”—Tšenolo 17:5.

7. (a) Bolumeli ba lefatše bo entse khetho efe? (b) Babuelli ba bolumeli ba lefatše ba bontša tšepo ea bona joang? (c) Empa mangolo a bontša tšepo ea batho e le efe?

7 ’Muso oo oa lefatše oa bolumeli ba bohata o ikhethetse. O latotse ho tla ha ’muso oa Molimo ka Messia o tšehetsa e emeng sebakeng e entsoeng ke batho. Kajeno, baruti ba bolumeli ba lefatše ba tšehetsa Machaba a Kopaneng ka lipelo tsohle tsa bona. Ka mantsoe a moruti oa Mojode, Machaba a Kopaneng ke “ona tšepo feela bakeng sa khotso e sa feleng lefatšeng leo pholoho ea lona e itšetlehileng ka oona. “’Me Mopapa John Paul II o a hlalosa joale ka “lekhotla le phahameng la khotso le toka.” Empa na Machaba a Kopaneng a tlisitse khotso le toka lefatšeng la rōna? Na Machaba a Kopaneng e hlile ke “ona tšepo feela” ea batho? Kapa tšepo eo ke ’muso oa Molimo? Ka ’nete, tšepo eo e beiloe ho tleng ha ’muso oa Molimo ka Messia!—Mattheu 12:18, 21.

8. Ke polelo efe ea Molao oa motheo oa Machaba a Kopaneng e re hopotsang 1 Ba-Thessalonika 5:3, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho e thahasella?

8 Molaong oa motheo oa oona, Machaba a Kopaneng a boletse morero oa oona oa pele e le “ho boloka khotso le boiketlo ba Machaba.” Joale ka Lipaki tsa Jehova, na ha re sibolle taba e tloaelehileng mantsoeng ao? E! Hobane moapostola Pauluse o boletse: “Hobane mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō, joale ka pelehi ha e hlahela moimana, ’me ba ke ke ba phonyoha.” (1 Ba-Thessalonika 5:3) Kahoo, ha re tsoela pele ho ea qetellong ea ’mehla ena ea bofelo,’ re ka lebella lipolelo tse matla ka hore “Ho khotso, ho iketliloe!” Ha hoo ho utloahala ho tsoa lichabeng, ho latela eng? Boprofeta boa arabela: ‘Tšenyeho ea hang-hang, ea tšohanyetso le e ke keng ea qojoa!’

9. (a) Ke koluoa efe ea qetello e letetseng bolumeli ba bohata? (b) Baeta-pele ba lipolotiki le likhoebo tse khōlō ba tla nka see joang, hobane’ng?

9 “Bofebe” ba bolumeli ba lefatše le Machaba a Kopaneng bo tla tla koluoeng ea ho qetela! Bo tla fela ka “hora e le ’ngoe!” “Linaka tse leshome” tsa “sebata” sa Machaba a Kopaneng li tla retelehela ho Babylona e Moholo. Mabotho a mekha e nang le maikutlo a boitseko a mokhatlong oo oa lefatše a tla mo harola, a mo timetse, a mo hlobolise liaparo tsa hae tsa bohlokoa le ho mo chesa. Boralipolotiki ba silafetseng ba sebelisitseng bolumeli ba bohata ho tšehetsa boemo ba bona le likhoebo tsa bona tse kholo, ba bo etellelitseng pele bakeng sa ho tsamaisa libetsa tsa ntoa le ho batla liphaello tse ling, ba tla bo llela ba le hole. Ba tla bokolla, ba re: “Jo! jo! Babylona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ea hao e hlahile joang ka hora e le ’ngoe! . . . na maruo a kakalo a felile joang ka hora e le ’ngoe?”—Tšenolo 18:10, 16.

Harmagedone—Le Ka Mor’a Eona

10. Ke hobane’ng ha Harmagedone e tla latela kapele, ka liphello life?

10 Liketsahalo li tla potlakela qetellong! “Linaka” tsona tseo tsa bopolotiki tse timetsang “seotsoa” se seholo li tla retelehela ho Lipaki tsa Jehova tse bonahalang eka ha li na boitšireletso. Empa joale ba tla iphumana ba loana ka ho toba le “Morena oa marena le ’Musi oa babusi” oa Jehova. Ba tla be ba le Harmagedone. Ke hona moo ’Muso oa Jehova ka Messia ‘o tla tla’ bonahatsa ketso ea oona e kholohali ka ho tumisa borena ba bokahohleng ba Jehova le bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ntoa e tla ba e bohale haholo le ea makhaola-khang. Puso ea Satane ea lintoa le bopolotiki ea lefatše e tla tlosoa, ’me Satane ka boeena o tla tlangoa a liheloe ka sekoting ka lilemo tse 1 000, ‘hore a se ke a hlola a khelosa lichaba.’—Tšenolo 16:14; 17:14; 19:11-21; 20:2, 3.

11. (a) Ho tla ha ’muso ho tla hlohonolofatsa batho bohle joang? (b) Qetellong ea lilemo tse 1 000 ho latela phetoho efe, ’me e le ka thabo efe e bonahalang?

11 Ho latela eng joale? Boteng ba ’muso oa lilemo tse sekete! Baphonyohi ba Harmagedone ba tla thaba hakaakang! Ke lerato le khaphatsehang hakaakang, thabo le khotso tse tla tlala lefatše lohle! E tla ba tsoho e babatsehang hakaakang e tla kopanya hammoho hape baratuoa holim’a lefatše! Lenaneo la ho phekola e tla ba le susumetsang hakaakang ha Jesu le balekane ba hae ba marena le baprista ba sebelisa melemo ea sehlabelo sa topollo sa hae, ho phahamisetsa batho ba libillione phethehong! ’Me bakeng sa bohle ba fetiselitsoeng pusong ea borena ba bokahohleng bo sa feleng ba Jehova ho tsoa pusong ea ’muso oa Kreste ea lilemo tse 1 000, ’me ba hlōla teko ea ho qetela ea Satane, thabo e tla ba kaakang ha ba kopanela ho phuthuloheng ha limakatso tsa ka ho sa feleng!—Tšenolo 20:7-9; 21:3, 4.

12. Ke eng e etsang hore lintho tsee tse babatsehang li phethahale, joale re lokela ho susumelletsoa ho etsa eng hona joale?

12 Ke ho tla ha ’muso oa Molimo ka Messia ho tla etsa hore lintho tsena tsohle tse babatsehang li phethahale. Na hona ha ho re susumetse hore nakong ea ho shoa ha mehla ea tsamaiso ea Satane re bolelle ba bang ka “limakatso tsa Molimo,” khanya ea borena ba hae le ’muso o sa sisinyeheng oa Messia? (Pesaleme ea 145:11; Liketso 2:11; Ba-Heberu 12:28) Na ha re susumelletsehe ho rapela ka cheseho Ntat’a rōna oa leholimo hore “Ho tle ’Muso oa hao”?—Mattheu 6:9, 10.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela ka pelo eohle hore ’Muso o “TLE”?

13 E, ‘TLO,’ ’muso oa Molimo, ho tla timetsa mesebetsi ea Satane le phutheho ea hae lefatšeng! E, ‘TLO,’ ho fa batho bohle puso e nepahetseng!’ E, ‘TLO,’ ho tlisa puso ea Kreste e khanyang ea lilemo tse sekete, ho tsosolosa Paradeise, ho tsosa bafu le ho phahamisetsa batho ba libillione phethehong ea botho! E, ‘TLO,’ ’muso oa Messia, ho halaletsa ka ho sa feleng lebitso leo ho seng le tšoanang le lona la Morena oa Bokahohle JEHOVA!

’MUSO MORERONG OA MOLIMO

□ Baprofeta ba Jehova ba hlile ba o bolela

□ Oa tšoantšoa ka ’muso oa Davida

□ Barutuoa ba Jesu ba o bolela

□ Oa hlongoa maholimong ka 1914

□ Oa boleloa hore e tle e be bopaki ho lichaba tsohle, ho tloha ka 1919

□ “Bongata bo boholo” joale bo bokelleloa pholoho

□ Bofelo bo tla le—Khoeletso ea hore ke ‘khotso le boiketlo!’ Ho timetsoa “Babylona e Moholo” ’Muso o timetsa babusi ba bopolotiki, mabotho a ntoa le batšehetsi

□ ’Muso o tlatsa lefatše ka thabo, khotso, thoriso ho Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lejoe la ’Muso ka bolona le fetoha “thaba” e tlalang lefatše

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela