‘Molimo o-oa Eketsa’ Canada
BA AMEHANG ba thaba hakaakang ha ba bona keketseho e hōlang e hlasimollang le e akaretsang. U ka botsa molemi ofe kapa ofe le motsoali ofe kapa ofe. Moea ’ohle ke oa khothatso e thabisang bohle. Hona ke ’nete ka ho tšoanang ka khōlo e eketsehang ea moea.
Nahana kamoo ho neng ho le kateng mehleng ea phutheho ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo. Ka letsatsi la pele feela e le teng ea eketseha ka barutuoa ba thabileng ba 3 000! E ile ea eketsoa ke eng? Tlaleho e bululetsoeng e re bolella hore “Morena [Jehova] a ’na e eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.” ‘Molimo o thabileng’ oa ’na oa eketsa!—Liketso 2:41-47; 1 Timothea 1:11, NW.
Hore ‘ho eketseha hona ha barutuoa Jerusalema’ e ne e se feela ho hōla ho tla tloha ho khaotsa, ho etsahalang moo litaba li qalileng teng ’me ho tla tloha ho pona e be hoa shoa, ho bonoa liphellong tsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa oa moapostola Pauluse lichabeng tsa Balichaba lilemo tse 15 hamorao. Le ka eona nako eo “likereke li ne li itiisa tumelong, ’me li ne li anafala ka matsatsi ’ohle.” Bohato ea e-ba bofe ka keketseho ena e tsoelang pele “Baena bohle ba ne ba thabela hoo haholo.” Ha litaba tsa taelo ea baapostola ea hore ho amoheloe Balichaba bana joaloka Bakreste li fihla liphuthehong tse fapa-fapaneng “ba thaba haholo ka baka la khothatso ea bona.”—Liketso 6:7; 16:5; 15:3, 31.
Leha ho le joalo, le hoja ho sebelisitsoe bahlanka ba batho ho isa litaba tse molemo ho batho ba bang, Bakreste ba pele ba hōlileng tsebong ba ne ba tseba hore ha ho motho ea tšoaneloang ke tlotla ea se hlahang. Ka boikokobetso ba ne ba utloisisa hore ke Molimo o eketsang khōlo. Joalokaha Pauluse a ho hlalositse: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.”—1 Ba-Korinthe 3:5-8.
Keketseho ea Khōlo Tšimong ea Macanada
Bakreste ba baikokobetsi le ba beang ba Canada ba ikutloa ka tsela eona eo kajeno. Lipaki tsa Jehova li jetse ka mafolo-folo “lentsoe la ’muso” karolong ea habo tsona ea tšimo ea lefatše ’me hona ho beile litholoana tse ntle. (Mattheu 13:18-23, 36-43) Baboleli ba ’Muso le barutuoa ba ’na ba eketseha butle butle ka se ileng sa hlongoa se le senyenyane ka bo1880. Ka 1956 ho ne ho e-na le ba 28 540 liphuthehong tse 740. Ho ne ho khakotsoe lisebelisoa tse ncha tsa lekala ka sona selemo seo. Li ne li le mehahong e hlophiselitsoeng ho amohela keketseho e neng e tla tlisoa ke Jehova. Ha kenngoa mochine o hatisang limakasine ka 1958 ho hlokomela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse neng li hlokoa ka bongata. Kabo ea limakasine e ne e phahametse ea selemo se fetileng ka tse 3 000 000.
Ha bahoeletsi ba ’Muso ba feta 60 000 ka 1975 ’me ho tsamaisoa limakasine tse fetang 8 700 000 tšimong, ha hlaka hore ho tla hlokahala lisebelisoa tse kholoanyane. Ruri Jehova o ne a hōlisa lintho ’me liphutheho tse 979 li ne li nyakallela keketseho. Ho ka ananeloa hore Lipaki tsa Jehova ha li hahe mehaho ho mema keketseho. Ho e-na le hoo, khōlo e etsoang ke Molimo le barutuoa ba bacha ke tsona tse hlokang hore ho atolosoe lintho tse sebelisoang hore ho hlokomeloe hantle mosebetsi oa boboleli ba ’Muso.
Bonnete ba thabo ea Bakreste bana ba kajeno bo ka bonoa ka bohato ba bona tsebisong ea hore Mokhatlo oa Watch Tower o fumane sebaka haufi le Georgetown, Ontario, ’me o lokisetsa ho haha matlo a lekala le lecha moo.
Lisebelisoa tse Atolositsoeng tsa Lekala
Kaho e qalisitsoe ka tokiso e hlokohalang ea setša ho ea mafelong a 1978. Boikemisetso ea e-ba hore le hoja mosebetsi o boima oa litšepe le oa konkreiti o ne o tla etsoa ke lifeme tsa lefatše, baena ba rōna ba Bakreste ba ne ba tla neoa monyetla oa ho ithaopela nako ea bona le tsebo kae le kae moo ho ka etsahalang. ’Me ba hla ba ithaopa! Ba hlaha ka makhoro ’ohle a naha ba feta 600 ho tla hlokomela ho kenngoa ha lipompo, phepelo ea mofuthu, ho kenngoa ha motlakase le lintho tse ling tse hlokahalang. Ba bang ba ba teng ka libeke tse seng kae, ba bang ka likhoeli, ba bang ka lilemo tse peli. Ka nako e ’ngoe ba ne ba ba bangata hoo ba fihlang ho 200.
Mabakeng a mang ho ne ho e-tla lelapa kaofela. Mokontraka e mong oa Canada Bochabela a koala mosebetsi oa hae o kenyang chelete e ngata, a bea lelapa la hae ntlong e haufi le setša ’me a fetoha mookameli oa ho kenngoa ha motlakase morerong ona. Na eena le lelapa la hae ba ile ba talima ho falla hona e le ho sitisang ntle ho mabaka? Ntate a re: “Bonnete hase sehlabelo seo ba bang ba ka nahanang hore ke sona. Ho e-na le hoo, ke ikutloa hore ke rōna ba fumaneng molemo. Ke lumela hore kaofela ha rōna re holile moeeng ’me moea oa lelapa oa tšebelisano o holimo hona joale. Kamoo ke nkang litaba kateng, sohle seo ke tla se hopola ka ho sebetsa morerong ona se tla ba molemo hoo nke keng ka se lebala.”
Hoba ho rarolloe bothata ba hore na ho tla ba molemo haholo ha mehaho e mecha e ka ruleloa joang, joale ha hlaha bothata bo bocha—ho fumana paki e le ’ngoe ea Jehova e tloaelaneng le ho rulela hoo ho neng ho sa tloaeleha Canada. Hoseng hoo ka hona ho neng ho qetoa ho etsoa qeto ka marulelo Komiti ea Mohaho ea Letsetsoa fono-fono ke motho e mong ea hole oa Paki oa Canada Bophirima. E le seruleli se ithaopelang mosebetsi o ne a hlile a tseba ho rulela ka mokhoa o na o o hlokahalang!
Hamorao, ha Paki ena e botsoa hore na lelapa la eona le ne le tetse ho hongata ka ho tla rulela, ea arabela hore: “Mantsoe a haella hore re hlalose thabo le molemo oo lelapa la rōna le o fumaneng. Moea oa rōna o hahiloe ke phihlelo ena. E entse hore lelapa la rōna le be le moea oa bopula-maliboho.” Eena le mosali oa hae ba sebelelitse e le bo-pula-maliboho (baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng) ho tloha ha ho phethiloe morero.
Moea ona o hahang o ileng oa susumelletsa ba bang boikutlong bo hahang ka tšebeletso ea nako e tletseng o ne o sa lekanyetsoa feela ho banna ba malapa ba nang le tsebo ea mesebetsi e khethehileng. E boetse ea e-ba phihlelo ea bahlankana le baroetsana ba baloang ka makholo ba ileng ba ithaopela ho sebetsa. Ba bang ho bacha bana ba ile ba hōlela bohlankaneng le boroetsaneng ha ba ntse ba le setšeng sa tšebetso, ba tloha e le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho. Matla a bona a bocha, cheseho le moea oa tšebelisano ebile khothatso ho ba baholo. Bao e seng Lipaki ba neng ba le mosebetsing ba ile ba khahloa haholo ke boitšoaro le mekhoa ea ho sebetsa ea bacha bana. Ba bang ho bacha bana ke bo-pula-maliboho hona joale, ba bang ke litho tsa lelapa la Bethele ’me ba bang ba ile linaheng tse ling ho ea thusa mosebetsing oa katoloso ea makala a moo.
Joale ho thoe’ng ka bao maemo a bona a sa kang a ba lumella hore ba hle ba be le kabelo mosebetsing oa ho haha ka booona? Cheseho ea bona ea keketseho eo Jehova a fanang ka eona ea bonoa ka ’nete ea hore ba ile ba tšehetsa mosebetsi ka pelo eohle ka litsela tse ling. Ba bang ba nka litšoanelo tse eketsehileng le boikarabelo ka liphuthehong tsa habo bona, ba lokolla ba neng ba ka ea mosebetsing oa ho haha. Bopaki bo bong bo botle ba bonoa limphong le likalimong tsa Lipaki tsa Jehova ka botsona ho thusa ho koahela litšenyehelo tsa ho haha. Ka tsela ena, hammoho le meneelo e neng e sentse e le matsohong a lekala, ho bile bonolo ho lefella morero ona ’ohle oa lidolara tsa limillione tse ngata ntle ho ho batla lichelete bankeng efe kapa efe kapa mekhatlo ea kalimo. Hoo ruri ha totobatsa kholiseho le tšepo!
Moea ona o motle oa etsa hore morero o phethoe ka nako. Moea oa Jehova oa boela oa totobala ha ho fallisoa thepa le basebetsi ntle ho mathata ho ea lekaleng le lecha ka Phuptjane 1981. Joale ho ne ho ka hlokomeloa ho lokisetsa ho khakoloa ha mehaho e mecha ka Mphalane 1981.
Ho Khakoloa Mehaho e Mecha ka Thabo
La chaba le hlakile le khanya Moqebelong oa la 10 Mphalane, 1981, le tšepisa hore e tla ba letsatsi le letle bakeng sa hore ho khakoloe mehaho ena e mecha e neeloe morerong oa Jehova. Letsatsi leo le ileng la chaba le letle la boloka tšepiso ea lona-letšehare lohle e ne e le le letle haholo la hoetla bakeng sa lenaneo le hore ho bonoe mehaho.
Ba ’na ba fihla ba sa hane bamemuoa. Komiti ea Lekala e ne e fihletse qeto ea hore, kaha ho ke ke ha etsahala hore Lipaki tsa Jehova li mengoe kaofela ka hare ho naha, baemeli ba tla etsoa ka bao e leng khale ba kopanela, bo-pula-maliboho, le bao e neng e le bo-pula-maliboho le ba bang. Hona ha bolela hore boholo ba bana ba memiloeng ba ne ba ile ba tsebana ka nako e telele ha palo ea Lipaki e sa fokola haholo, ba bang e bile bo-pula-maliboho hammoho Quebec le libakeng tse ling moo ba ileng ba qala mosebetsi oa ho bolela khale.
U ka inahanela ka moea oa thabo le cheseho ha bana bao e leng khale ba arohane ba bonana hape, ba bang ho bona ka lekhetlo la pele kamorao ho lilemo tse 20 kapa 30! Litumeliso ea e-ba tsa thabo le ho hakana ka lipelo tse mofuthu le meokho ea thabo hohle. Ho bona ba bang ba hōlileng ba ntse ba sebeletsa ka botšepehi le ho hlokomela hore mosebetsi oa bona oa lilemong tse fetileng o entse hore ho be ho hlokahale sebaka sena ea e-ba tšusumetso e matla ea moea ho bohle. Ho ile ha bonanoa tjena ka thabo hoo hamorao ba bang ba boletseng hore ba ile ba lebala ho bona mehaho kahare! Empa ba ho hlalositse e le e ’ngoe ea liphihlelo tse khōlō ka ho fetisisa tšebetsong ea bona ea Bokreste, joaloka ho kena taolong e ncha ea ho loka. E mong a re: “Ho bile joalokaha eka Harmagedone e se e fetile ’me hona hohle ke tsoho ea bana bohle ba tšepahalang!” E mong le e mong o ne a khanya ke thabo.
Hona ea e-ba selelekela sa lenaneo la ho khakola le ileng la etsoa thapama le ka shoalane. Ka tokelo, karolo e ’ngoe ea sebetsana le pale ea mosebetsi Canada, e bolela ka bohle ba sa kang ba thekesela tumelong bao e bileng metso ea pele ea se lemiloeng. Lenaneo la li-slide la bontša kamoo ba bang ho bana ba ileng ba sebetsa kannete ho phetla khoro ea boboleli ba ’Muso lilemong tse fetileng. Karolo e ’ngoe ea bontša lipotso le likarabo, tse kang e ileng ea etsoa le khaitseli ea lilemo li 95 ea ntseng a bula-maliboho leha a bile lenaneng la bona ho tloha ka 1914! Ha a botsoa hore na o saretsoe hore e be Molimo ha o-oa s’o tlise bofelo, ka tšepo a arabela hore: “Che! Nako ea oona ke nako ea ka!” E mong eo e leng khale a sebetsa ha a botsoa hore na ke eng e mo fileng matla a ho tsoela pele, a arabela hore: “Kananelo le teboho!” Ke ’nete e kaakang, le khopotso e kaakang ho rōna bohle!
Litho tse tharo tsa Sehlopha se busang sa Lipaki tsa Jehova, Leo Greenlees, Karl Klein le Grant Suiter tsa nka karolo lenaneong. Puo e khakolang “Jehova, Ke Tla u Boka,” ea fanoa ke Grant Suiter ’me ea sebetsana hantle le hore na lisebelisoa tsena tse ncha tse atolositsoeng tsa lekala li entsoe ka lebaka lefe. Joale, thapelong, sebui sa neela sohle tšebelisong le thorisong ea Jehova. Bamameli Holong ea ’Muso ea lekala le ba bang ba likete ba hokahantsoeng ka mela ea fono-fono libakeng tse sa tšoaneng ba utloisisa hantle hore na mehaho e hahiloe hobane’ng. Mosebetsi o ne o sa le teng o lokelang ho etsoa ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa.—Mattheu 24:14; 28:19, 20.
Litebello tse Khothatsang tsa Kamoso
Baeti ba ka bona bopaki bo totobetseng hore Jehova o atlehisitse mosebetsi oa ho bolela ‘litaba tse molemo’ le hore lisebelisoa tsena tsa lekala ke karolo e ’ngoe ea tse ngata tse hlophiselitsoeng mosebetsi o sa ntsaneng o tla etsoa. Bonneteng, baeti ba bona botle ba sebele mehahong le sebakeng ka bosona. Ho tšoanelana ha marako a makhutšoanyane a samente a arotseng lebala le leholo le lemiloeng mohloa, lifate le lipalesa ke ho khahlang mahlo. Mohloa oa liakere tse 45 o nyallana hantle le lifate tse telele (tse tala ka linako tsohle, li-maple le li-birch) tse lika-likelitseng setša sa liakere tse 65.
Empa se setle ka ho fetisisa ho ba shebileng ba e-na le pono e tebileng ea moea ke se etsoang le se ka etsoang mona ho ntšetsa pele boboleli ba ’Muso. Ba bona hore ho sa tsotellehe mahloriso a neng a susumetsoa ke baruti le lithibelo tse neng li etsoa ke ba boholong ntle ho mabaka tsa nako e fetileng, lintho li hōlile. Ntle ho thuso e tsoang ho balefatše, katoloso e fihla moo ho lokisoang mohaho o mekato e ’meli oa liofisi o maoto a 20 000 a lekanang ho hlokomela Lipaki tse mafolo-folo tse 70 000 tse liphuthehong tse fetang 1 100.
Fektring le setsing sa kabo se lekanang le areka ea Noe ka bolelele (c. 140m) le tse fetang moo ka makhetlo a mararo ka bophara (70m) baeti ba bona mochine o mocha oa khatiso oa “offset” oa Harris, o ka ntšang limakasine tse 35 000 ka hora.a Mona ho hatisoa Molula-Qhooa le Tsoha! ka Senyesemane, Sefora le Setaliana. Enke le liriti (negatives) tsa ho etsa li-plate tsa “offset” tse etsang lingoliloeng tsena li tsoa Brooklyn. Baeti ba ka bona hape mochine o monyenyane oa “offset” o etsang limakasine tsa Seukrainia le Sesamoa. Ho bonahatsang baahi ba Canada ba buang lipuo tse ngata le ho eketseha ha liphutheho tse buang lipuo tse ngata ke ho hatisoa ha Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka lipuo tse supileng hona joale. Hoa hlaka ho baeti hore ho na le sebaka sa khatiso e ngata e lokelang ho etsoa. Hona joale ho rōmeloa limakasine linaheng tse ling tse 66 ho tloha mona ho thusa ho ruteng ‘litaba tse molemo’ moo.
Hona joale ho na le basebetsi ba ithaopileng ba 170 ba lulang mohahong oa bolulo (Bethele). Ho na le sebaka sa ba 250 ba ka lulang moo. Kamore eo ho jelloang ho eona e ka fepa batho ba 350 nakong ea lijo. Boholo ba lijo li tsoa Polasing ea Watch Tower, tšimo ea liakere tse 285 e hole ka metsotso e 20. Le eona e ka bea haholo.
Kahoo, ho na le bopaki bo bong le bo bong ba tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing oa boboleli ba ’Muso naheng ena. Baboleli ba nyakallisoa ke khothatso. Ba lakatsa ka tieo hore keketseho e tla ’ne e be teng le khōlo thorisong ea Jehova.—Haggai 2:6, 7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohaho ona haele hantle o bolelele ba limithara tse 134 le bophara ba limithara tse 73.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Mohaho oa fektri le liofisi, lekala la Watch Tower, Canada
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Mehaho e mecha ea bolulo, Bethele ea Canada
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Bao e leng khale ba li bona ba pheta liphihlelo lenaneong la ho khakola