Ho Etsahetse Joang ka Bacha ba Rōna?
Ba reoa mabitso a kang, “moloko o lahlehileng,” “moloko o se nang mahae,” “moloko oa baikhabi,” “Moloko o chechisang lintho” le “bana ba fellang hona mona.” Ke bafe? Bacha ba kajeno. Ba etsa’ng hore ba reoe mabitso a joalo, hona hobane’ng?
HO TLOAELEHILE hore bacha ba itšoare ka tsela e makatsang baholo ba bona. Ho bile joalo ka lilemo tsena tsohle. Empa bacha ba kajeno bona ke mekhelo ho ba nakong e fetileng. Batho ba baholo ba belaela hore litšoaneleho tse tloaelehileng har’a bacha tse kang ho inahana ka matla, metheo e phahameng, tebello le tšepo, li shoele ho bacha ba bangata. Ho bonahala ho hang ba se na tšepo ka nako e tlang.
Na hoa makatsa? Ke ba bakae ho batho ba baholo ba nang le tšepo ka nako e tlang? Ke bo-mang ba ka bang le tšepo ha ho talingoa ho se tsitse ho bakoang ke ho phahama ha theko, tlhōlisano ea lihlomo tse kotsi, ho ata ha tšilafalo e senyang, ho ata ho totobetseng ha lerato le hlokang kelello la lipolotiki tsa lefatše le seoa sa tlala ea lefatše, bonokoane le ho lika-lika ho akaretsang? Mohlomong ba bangata har’a rōna ba feletsoe ke tšepo tsamaisong ena ea lintho, na joale re ka bona bacha molato?
Sir Mark Oliphant, setsebi sa “nuclear,” o ile a hlokomela hore: “Bacha hase lithoto. Ba utloa lephoka la bobe moeeng le hoja ba sa le utloisise hore na le bakoa ke eng. Baa hlonama ha ba nahana ka ho se tsitse ha moruo oa bona oa kamoso le mathata ao moloko oa hona joale o ba sielang oona. Ba ikutloa hore seo ba se rutoang ha se amane le seo ba se hlokang, kaha ha se ba tiisetse letho, leha e le mosebetsi kapa tsoelo pele e khotsofatsang.” Joale, ha a itlhalosa hore le eena ha a na ’nete ka nako e tlang, o lemosa hore: “Hoa totobala hore ntle le hore batho ba nkoe e le ba bohlokoa ho feta khoebo, tsoelopele, kamoo re e tsebang, e tla oela holim’a ba tsebileng ho e qapa.”
E, haeba bacha ba kajeno ba tlameha ho phelela bokamoso boo ba bo etselitsoeng ke batho ba baholo, boemo ba bona ha bo lakatsehe. Ba itšoara joang ka baka leo?
Boitšoaro ba Bacha
Ba bang ba itšoara ka litsela tse feteletseng, ho hang ba furalla tsamaiso. Ba kena mekha ea bolumeli ea baikhabi, kapa ba fetoha mahiphi. Kapa ba kena tšebelisong e mpe ea lithethefatsi le botahoa. Mefere-fere e tsoa etsoa ke bacha Jeremane, Netherlands, Switzerland le England ebile bopaki bo bong ba ho se khotsofale ha bona. Ba tlokotsing e khōlō ke ba ipolaeang hore ba balehele likhatello tsa hona joale kapa ho se tsitse ha kamoso. United States litlaleho tse ling li bolela hore ho ipolaea ha bacha ke sesosa sa bobeli ho tse atileng haholo tsa lefu har’a bacha.
Ba bang ba ba le maikutlo a hore ba fumane ntho hona joale. Mo-Australia e mong ea lilemo li 15 o ile a bolela hore, “Bacha sekolong sa rōna ha ba bone eka tsamaiso e tla tsoela pele ka lilemo tse fetang 10 . . . Eng kapa eng eo u batlang ho e etsa bophelong, ho molemo u e etse ka potlako.” Hona ho etsa hore ba bang ba chechise ho itlama ka lintho tse itseng, ba hane ho ba le bana leha e le ho nyala kapa ho nyaloa kahoo ba qoba ho “tšoaseha” moruong e be joale ba “lahleheloa ke bolokolohi ba bona.” Ba batla nako ea ho ‘hōla bothong,’ bolokolohi bo bongata ba boiketlo, ’me ba nena tsela ea bophelo e ka kenyelletsang lipakane tse nkang nako e telele le ho li finyella.
Joale ke tsela eo liithuti tseo ho ileng ha buisanoa le tsona tsa Univesithi ea Oxford England li atamelang litaba ka eona. Tsa ipolela hore ha li na boinahano bo matla. Li bona tšenyeho litsamaisong tsohle—tsa puso ea leruo, Bokomonisi, le tsa karolelano ea thepa. Li se na boikhethelo, ka boikhabi tsa itherela ho ikatlehisa haholo ka tsamaiso eo li phelang ho eona. Boikutlo ba tsona ke hore: ‘Kaha u ke ke ua fetola lefatše, ho molemo u mpe u le sebelise le uena.’
Mongoli oa likoranta Graham Turner o itse: “Ka 1950, ha ke e-ea Oxford, Tumelo e ne e le ngata . . . hona joale . . . Oxford ke setša sa mabitla seo ho sona ho patiloeng litoro tse sa phethahalang le melimo e oeleng. Moo, ka lilemo tse hlano tse fetileng ho neng ho bonahala hore eng kapa eng e ka etsahala, le ba nang le tšepo joale ba lebelletse ho oa.”
Na ho na le ho ka Etsoang?
Na u utloisisa hore na ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba itšoara joaloka “moloko o lahlehileng”? Haeba u motsoali ea nang le bana ba tlase lilemong, na u tseba hore na u ka ba thusa joang mehleng ee e thata? Mohlomong u mocha ka bouena. Haeba ho joalo, na u fumane tsela ea ho phela tsamaisong ea lintho e soahlamanang u sa ineele boikhabing le leshanong? Na ho sa na le sebaka sa boinahano le tšepo? Mohlomong sehlooho se latelang se tla u thusa ho arabela lipotso tsena.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Maikutlo a Tloaelehileng le Lintho tsa Bohlokoa Kajeno
Mongolli oa likoranta William Shannon o ngotse ka boikutlo le lintho tsa bohlokoa tseo lefatše le li khothalletsang bacha, le liphello tsa teng:
“Thuto e Ncha e thetsang e akarelletsa ho kenya bana ba sa le banyenyane haholo matekoaneng, lithethefatsing tse matla, botahoa le tsebo ea likamano tsa botona kapa botšehali. . . . Banana ba lilemo li 13 le 14 ba hanang ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali ba nkoa ba ‘bata.’ Bashemane ba lilemong tsona tseo ba hanang ho leka matekoane kapa tahi ba songoa ka hore ke makoala. . . .
“Liphello tse mpe tsa eona li ka bonoa kajeno ka palo e sisimosang ea ba ipolaeang, hoo hona joale e leng sesosa sa bobeli ho tse ka pele tsa lefu har’a batho ba pakeng tsa lilemo tse 13 le 24 ’me ho etsahala ka lebelo le imenneng habeli ho feta kamoo ho neng ho le kateng lilemong tse leshome tse fetileng. Hape ho ka bonoa ka keketseho e sisimosang ea mafu a litšila a tšoaetsanoang, ho lemalla lithethefatsi le botahoa har’a bacha.”—Detroit Free Press.