Bokamoso ba Bacha ba Kajeno
Hoba George a sebetse le mokhatlo oa “insurance” ka nakoana, a tlameha ho tloha ka mabaka a botho. O ne a le lilemo li 20 ka nako eo, e leng hore o ne a le lilemong li le ling le “moloko o lahlehileng.” Empa ha a tloha, mosali ea lilemo li 40 eo a sebelitseng le eena a mo ngolla lengolo le latelang:
“Ke thabela ho sebelisa sebaka sena ho u lakaletsa mahlohonolo, bophelo bo botle, thabo le katleho ka nako ea hao e tlang. Ebile thabo ho u tseba le ho sebetsa le uena. U mohlankana ea molemo, le tlotla lelapeng leno. Matsatsing ana le mehleng ena ea ha lefatše le ferekane, ’me ho bonahala bacha ba kajeno ba lahlehile ho hang, ho teana le motho ea hlomphang le ea hlomphehang joaloka uena ho tšoana le ho phefumoloha moea o pholileng. Molimo u be le uena kamehla.”
Ho totobetse hore George o fapane le bacha ba bangata ba kajeno. Ha ho bonahale ‘a lahlehile hakaalo.’ Hobane’ng? A hlalosa ka lengolo hore: “Ka thuso ea Bibele, batsoali ba ka ba nkhannile bophelong hore ke be seo ke leng sona hona joale.”
E, batsoali ba George ba bona ho hlokahala ho mo “khanna” ho mo qobisa mamena a ho hōla. Empa ke hobane’ng ha ba ile ba atleha ha batsoali ba bangata hakana ba hlōlehile? Hobane, joalokaha George a bolela, ba ne ba itšetlehile ka “thuso ea Bibele.” Ke ’nete, ha hoa tloaeleha ho ea batla tataiso Bibeleng kajeno. Empa leha ho le joalo ke mona moo ho sebelisa keletso ea Bibele ho ileng ha sebetsa.
Haeba u motsoali, na u rata ho tseba lintho tse ling tseo batsoali ba George ba ileng ba mo ruta tsona ha a hōla, tse bileng le phello e molemo hakaale ho eena bohlankaneng ba hae? Kapa haeba u mocha, ke eng ha u sa nahane ka lintho tse ling ho tsee ka bouena. Li thusitse George hore a qobe ho hloka sepheo le ho se khotsofale tse tloaelehileng lefatšeng kajeno. Li ka u thusa ka tsela eona eo.
Ho Tlosa Leoto Hantle
Bakeng sa ho tlosa leoto, batsoali ba George ba hlokomela ka ho totobetseng hore ho mo hōlisa ke boikarabelo ba bona, e seng ba motho e mong osele. Ba tseba hore mantsoe a latelang a ka Bibeleng ha a ea lebisoa ho mang kapa mang ha e se batsoali: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Bonneteng, George le eena o ne a utloisisa ho amohela thuto eo batsoali ba hae ba neng ba leka ho mo nea eona.
Bibele e tšoantša bana ba banyenyane le “metsu letsohong la mohale.” (Pesaleme ea 127:4) Haeba motsu o tla phetha tšoanelo ea oona ka nako e hlokahalang, o tlameha ho etsoa ka bohlale. Hore o otle moo ho hlokahalang, o tlamelloa ka lechoba sebakeng se nepahetseng e le hore o tle o tsebe ho beba. Ho seng joalo o tla sitoa ho beba o tobile moo ho hlokahalang hore o otle teng.
Ka ho tšoanang, ntle leha bacha ba etsoa hore ba utloisise ka matla hore hoa hokahala hore ba tataisoe, ba tla kheloha tsela e nepahetseng habonolo. Hona ho bonoe patlisisong ea bacha ba ka bang 5 000 ba lipakeng tsa lilemo tse 10 le 18 likolong tse 160 England eohle. Ho ba lilemo li 10, karolo ea 71 lekholong e ne e nahana hore bohle ba lokela ho rapela Molimo, ha ho ba lilemo li 18 e le karolo ea 34 lekholong feela e neng e nahana joalo.
Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang pakeng tsa bana ba banyenyane le ba baholoanyane? Ka ho totobetseng, ha ba hōla, bacha ba ile ba angoa ke maikutlo a boikhabi le a lekhonono a lefatše le ba potolohileng. Kapa mohlomong ba ile ba botsa lipotso tseo ho seng motho lea mong ea kileng a tseba ho li araba.
Ntho e ka Pheleloang
Ke hobane’ng ha George a sa ka a angoa ke lekhonono leo? O bolela hore o ile a ithuta ho batsoali ba hae “litsela tse babatsehang le litšoaneleho tse lerato” tsa Jehova Molimo. Kahoo, a ikutloa hore o amana le Molimo, a ikutloa hore o tseba Molimo le hore Molimo o-oa mo tseba. Hona ha nea George kelello ea tataiso, pakane bophelong. ’Me ha mo thusa hore boitšoaro ba hae e be bo phahameng haholo.
Empa ke hamolemo oa eng ho ba le boitšoaro bo phahameng bo botle le lipakane ha bokamoso bo sa tsitsa hakaale le tsamaiso ena eohle ea lintho ho bonahala e soahlamana?
Ho theoha ha tsamaiso ena ea lintho ha ho makatse liithuti tse tiileng tsa Bibele. Lia tseba hore Bibele e lemosa hore mehleng ea rōna batho e tla ba “baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli, e tla ba ba se nang lerato la hlaho . . .,” le tse joalo. Ha e le hantle, tsena ke tsona lintho tse etsang hore lefatše le hloke botsitso hakana.—2 Timothea 3:1-5.
Leha ho le joalo, Bibele e re tiisetsa hore Molimo o hlokometse boitšoaro bo fosahetseng ba motho ’me bo ke ke ba tsoela pele ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, “o tla senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Empa hoo e ke ke ea e-ba bofelo ba sohle. Bibele e boetse e tšepisa “maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13.
Tsamaisong ena e ncha ho ke ke ha busa mapolotiki a khelohileng kapa bahoebi ba se nang mohau. Ho e-na le hoo, rea tšepisoa: “Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. . . . ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:9, 11.
Mohlomong ba bang ha ba bala sena ba ka ’na ba re: ‘Ho ke ke ha etsahala!’ Empa George eena o-oa ho lumela. Ho joalo le ka ba bang ba likete ba kang eena. Ha ba lumele feela ntle ho mabaka kapa hore ba qhekelletsoe. Che, ho tšoana le bacha ba kajeno kae kapa kae, ba ile ba batla bopaki pele ba lumela. ’Me ha ba nahana ka bopaki hore litšepiso tsena lia tšepahala, ha bonahala ho le molemo haholo ho bona.
Re khothalletsa hore u se ke ua hana litšepiso tsena ntle ho ho li hlahlobisisa e le uena. Ntle ho moo, ke tšepo efe hape e teng bakeng sa bokamoso?
Bophelo bo Atlehileng Hona Joale
Mohlomong u bona lebaka la hore na ke hobane’ng ha George le bacha ba kang eena ba fapane le bacha ba kajeno hakana. Ke bacha ba phelang hantle, ka kutloisiso ea hore ba tlameha ho talimana le likhatello le mathata tse talimaneng le bacha bohle ba bang ba hōlang. Empa ba ipehetse bokamoso bo molemo. Ba utloisisa ho tsamaisoa, ’me ka lebaka leo, ha baa “lahleha.” Ho phaella moo, kaha ba lumela Bibele, ba fumana mohloli o babatsehang oa tataiso o ba thusang ho qoba mamena le hore ba atlehise bophelo ba bona hona joale.
Ka mohlala, ho tloaelehile hore bacha, ka ho teneha ke lefatše lena, ba leka hore ba be kahosele. Empa ha ba etsa joalo, na ba na le ntho e ’ngoe e molemo eo ba ka fanang ka eona? Na hase ’nete hore marabele a mangata a bacha a boitšoaro bo bobe, ha a tsitsa, a rata ntoa haholo kapa ke baikhabi ho feta tsamaiso eo a e nyatsang?
Ke ’nete, Bibele e re khothalletsa hore re be kahosele. E re: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena.” Empa joale e re bontša hore na hona re ka ho etsa ka katleho joang. “Le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” (Ba-Roma 12:2) Kahoo, Mokreste oa sebele o ba kahosele ho lefatše lena ka ho leka ho itšoara ka boitšoaro bo phahameng haholo ho feta bo tloaelehileng lefatšeng lena. O leka ho phela bophelo kamoo Molimo o reng bo lokela ho pheloa, ’me ka tsela ena ha a silafatsoe ke lefatše.
Hape, Jesu o itse: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Liketso 20:35) Bona hase boikutlo bo tloaelehileng. Kajeno batho ba lebelletse hore ba ikutloe e le bona ba pele. Empa na boikutlo boo bo tlisa thabo? Le hanyenyane. Kahoo, Mokreste ea latelang keletso ea Bibele le liketso tse se nang boikhabi o itšoara ka tsela e nepahetseng. Na u hlokometse kamoo ‘ho fana ho tsoalang ho fana’? Motho ea fanang o etsa hore a potoe ke ho phela ka thabo. Hape o thabisoa ke hore o hlaolela litšoaneleho tseo Molimo o neng o li kentse ho motho tšimolohong.—Luka 6:38.
Bibele e boetse e re eletsa hore re sebetse ka thata, e seng hore re be botsoa kapa hore re itšetlehe ka ho fepuoa ke ba bang. (Ba-Efese 4:28; 2 Ba-Thessalonika 3:12) Hona ho molemo bakeng sa rōna. Re etselitsoe hore re sebetse, ’me ha ho finyelloa lintho thabo le khotsofalo li ba teng. (Moeklesia 2:24) Ba qobang ho sebetsa ba theoha boitšoarong le ’meleng.
Ka ho tšoanang, re hlokomelisoa hore re se etse chelete molimo oa rōna. Re tlameha ho bona hore na re phela ka’ng, empa ho etelletsa pele ho fumana chelete bophelong ba rōna ho ka ba le liphello tse soabisang. Bibele e re: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong. Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle.” (1 Timothea 6:9, 10) Mohlomong u kile ua bala ka batho ba ileng ba sehla ka thata hore ba rue haholo. Na ba ne ba thabile ha ba etsa joalo? Hangata, ba ne ba tela bophelo ba ’mele, thabo, lelapa le metsoalle ha ba phehella lipakane tsa bona.
Che, Molimo o re nea lintho tsa bohlokoa haholo hore re li sebeletse. Batho ba hlalefileng ba latela keletso e reng: “Ba sebetse se molemo, ba ateloe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane; ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.”—1 Timothea 6:18, 19.
Na hona hoa utloahala ho uena? Ruri tsela e se nang motheo eo ho etsoang lintho ka eona lefatšeng lena ha e utloahale. Empa ba limillione kajeno ba fumana hore tsela ea bophelo e theiloeng ho sebeletseng Molimo le motho e mong, e bile e theiloe tebellong e nang le tšepo ea ho thabela bokamoso bo molemo boo Molimo o re tšepisitseng bona, ke e atlehileng le e utloahalang. E-ea sebetsa.
Ntlheng ena, haeba u motsoali, u ka ’na ua ikutloa hore: ‘Ha ke tšoanelehe hore nka nea bana ba ka tšepo e matla joalo ka nako e tlang, le metheo e matla hakaalo eo ba ka phelang ka eona. Ha ke na tsebo e lekaneng.’ Kapa mohlomong bacha baa ipotsa: ‘Nka fumana boitsebiso bo joalo hokae?’ Boitsebiso ba motheo bo ka Bibeleng. Empa batsoali ba George ba ile ba thusoa ho fumana boitsebiso boo ke Lipaki tsa Jehova. Liithuti tsena tsa Bibele li utloisisa ho thusa bohle—ba banyenyane le ba baholo hore ba fumane tsebo e joalo le ho bona hore na ke e sebetsang hakaakang bakeng sa bona.
Ke eng ha u sa amohele thuso ea tsona? Ha ho hlokahale hore bophelo bo tsietse kapa bo hloke morero. Haeba u mocha, kapa le haeba ha u mocha hakaalo, ke hobane’ng ha u sa latele mohlala oa ba likete, bao, joaloka George ba tataisitseng bophelo ba bona ka kelello? Thabela bophelo bo khotsofatsang hona joale, ’me u bee tšepo nakong e tlang e tla sebetsa.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 8]
Se ka hana litšepiso tsena pele u li shebisisa. Ntle ho moo, ke tšepo efe hape e teng bakeng sa nako e tlang?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ntle leha bacha ba utloisisa hore ba lokela ho tataisoa ka matla, ba tla kheloha tsela e nepahetseng habonolo
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ka bomalimabe, bacha ba bangata ba marabele kajeno ba loana haholo ebile ke baikhabi ho feta tsamaiso eo ba e nyatsang
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ha ba nahana ka bopaki ba hore Iitšepiso tsena lia tšepahala, ha bonahala ho le hotle ho bona