Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 3/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 3/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

▪ Na ke phoso ha Mokreste ea ntseng a okoa a ka lumela hore likoili li sebelisoe ho hula mali ho eena?

Ha ho hanane le Lentsoe la Molimo ho lumella hore ka bongaka ho huloe mali ’me a qhaloe. Empa ho lumella hore hona ho etsoe ka ho sebelisa koili ho loantšana le se boleloang ke Bibele. Ho ke ke ha latoloa hore kajeno ha ho sa sebelisoa likoili haholo. Empa ho ee ho hlahe lipotso ka tšebeliso ea tsona, haholo Europe. Ho hlokomela seo Bibele e se buang ka mali ho ka re thusa ho lekanyetsa pheko e joalo.

Ka makholo a lilemo ho ile ha nahanoa hore maloetse a mangata a ka phekoloa ka ho ntša mali. Batho ba neng ba kuta batho meriri khale-khale ba ne ba etsa le sena, pontšo ea teng e le thupa e entsoeng mela e mesoeu le e mefubelu eo libakeng tse ling e bo- ntšang sebaka seo ho kutoang moriri ho sona. Empa le lingaka tse ithutileng likolong li ne li ntša mali le tsona. Ka 1799 ho ntšoa mali khafetsa ho bonahala ho ile ha potlakisa lefu la mookameli oa pele oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, George Washington. Le haeba motho a ne a sa shoe ke hona, mokhoa oa ho ntša mali o ne o etsa hore ba bangata ba be le phokolo ea mali.

Europe ho ne ho tloaelehile ho ntša mali ho motho ka ho mo bea likoili letlalong, li tlohelloa hore li iphepe ka mali a mokuli. A tlaleha a le Mainz, Jeremane, Dr. L. K. Altman o ngolile: “Ka 1850, nako eo ka eona bakuli ba neng ba behoa likoili tse ngata hoo li ka fihlang ho 80 ka nako bakeng sa maloetse a ’maloa, ho ne ho rekisoa likoili tse ka bang limillione tse 100 France. Haufinyane tjena ka 1953, lingaka tsa Russia li ile tsa sebelisa likoili ho Stalin pele ho lefu la hae.”—New York “Times,” la 17 Tlhakola, 1981.

Dr. Altman a supa hore le bo- ngakeng ba kajeno lingaka tse ling Europe le Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika li sebelisa likoili maemong a khethehileng. Ka mohlala, li ’nile tsa sebelisoa ho tlosa mahloele a mali moo a ikholokileng kamor’a ho sebetsa ka thipa mabakeng a itseng.

Bakreste ba ema kae tabeng ea ho tlosa mali, ’me na ekaba ho loketseng ho lumella hore hona ho etsoe ka likoili?

Kamorao ho moroallo oa mehleng ea Noe, Molimo oa fetola lijo tsa meroho tseo o neng o li behetse batho le liphoofolo tšimong ea Edene. Jehova a re: “Lintho tsohle tse tsamaeang, tse phelang, e tla ba lijo tsa lōna; ke le neile tsona tsohle, joale ka ha ke le neile limela tse tala. Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.” (Genese 9:3, 4; 1:30) Molimo oa hlalosa taba haholoanyane molaong oa Moshe. Oa bolela hore mali a emela bophelo, mpho e tsoang ho Molimo, ’me aa halalela. Joale ho ne ho tla etsoa joang ka mali a phoofolo e neng e bolaeloa sehlabelo? Mali a ne a sa sebelisetsoe monontša, lijo tsa liphoofolo kapa ntho e ’ngoe e joalo. A ne a lokela ho qhaloa le ho koaheloa ka mobu; ka kutloisiso eitseng a khutlisetsoa ho Oona. —Levitike 17:10-14.

Bakreste ba lokela ho bontša hore ba ananela khalalelo ea mali. (Liketso 15:28, 29) Kahoo, ha mali a ntšoa ’meleng, a qhaloe, ho tšoana leha Baiseraele ba ne ba qhala mali mobung.

Ka linako tse ling lingaka li ka ’na tsa e-ba le mabaka a bongaka ho eletsa hore ho ntšoe mali (phlebotomy). Ka mohlala, ka bohloko ba mali “polycythemia vera” motho o na le lisele tse ngata haholo tse khubelu tsa mali (ho fapaneng le ho fokolloa ke mali). Mali, a enne ka lisele tse khubelu, a ka ’na a baka mahloele, a phahamisa kotsi ea ho qhashoha ha methapo kapa pelo. Litsela li ngata tsa ho laola hona, empa pheko e eeng e khethoe ke ho hula mali methapong. Keletso ea Lentsoe la Molimo e ke ke ea hanana le hoo hafeela mali a hutsoeng a qhaloa. Ka ho tšoanang, Bakreste ba bangata ba ’nile ba lumela ka letsoalo le letle hore ho huloe mali a seng makae bakeng sa litlhahlobo tsa bongaka, ba hlokomela hore ha litlhahlobo li felile mali a tla lahloa.

Leha ho le joalo, le hoja likoili li phela ka mali tlhahong ea tsona hona joale, e ke ke ea e-ba ho loketseng hore Mokreste a lumelle hore likoili li hule mali a hae. (Liproverbia 30:15) Le moo sena se neng se qophelloa ka lebaka la bongaka ’me kamorao ho moo likoili li ne li tla bolaoa, ho sebelisoa ha likoili ho ne ho tla kenyelletsa hore ka boomo e be ho ile ha fepuoa libopuoa tsena mali. Hoo ho ne ho tla hanana le pontšo ea Bibele ea hore mali, kaha a halalela ’me a emela bophelo, a lokela ho qhaloa haeba a ntšitsoe ’meleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela