Pulo e Nyakallisang Tahiti
HO LIPAKI tsa Jehova tsa Tahiti, Labohlano la la 15 ’Mesa, 1983, la tšepisa ho ba letsatsi le monate. Letsatsi leo le ne le hlophiselitsoe ho buloa ha mohaho oa bona o mocha oa lekala, o neng o tla sebelisetsoa ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso lihleke-hlekeng tsa French Polynesia.
Ha letsatsi le atamela, litokisetso li ne li tsoela pele hantle. Bohle ba amehang ba ne ba lebelletse ka thabo ho fihla ha baeti ba tsoang Fiji le New Zealand, hammoho le Lloyd Barry, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova le mosali oa hae, Melba, ba neng ba tšoanetse ho tla ba teng. Leha ho le joalo, potso e neng e tšoenya e mong le e mong e ne e le ena, Ekaba boemo ba leholimo bo tla ba joang?
Nako ea Lifefo Tse Matla!
Hangata, boemo ba leholimo ha se bothata Tahiti. Letsatsi le khanyang, meea e khathollang le ho theoha ha mocheso nakong ea lipula ke bona boemo ba leholimo. Leha ho le joalo, ngoahola ho ne ho le kahosele. Ka lekhetlo la pele ho tloha ka 1906, Tahiti e ile ea hlaseloa ke letoto la lifefo tse matla, tse senyang. Ka Tšitoe 1982, sefefo se bitsoang Lisa se ne se fothotse marulelo le ho nyibokolla lifate Lihleke-hlekeng tsa Society, tseo Tahiti e leng sona se seholo. Lintho li ne li s’o busetsoe malulong ha sefefo se bitsoang Nano seo moea oa sona o tsamaeang ka lebelo la likilomithara tse 130 ka hora se baka tšenyo e ’ngoe ka Pherekhong 1983.
Ho ea qetellong ea Tlhakola sefefo sa boraro se sisimosang, se bitsoang Orama se nang le selika-likoe se boholo bo fetang 70 km, le meea e lebelo la 150 km ka hora, sa haola moo ’me se senya haholo ho feta kamoo ho entseng sefefo Nano. Ho ne ho bonahala eka lintho li khutletse malulong, empa ka la 8 Tlhakubele, baahi ba utloa hore sefefo se seng se bitsoang Reva, se tseleng, ka moea o mathang ka 180 km ka hora. Ka la 12 Tlhakubele setsi sa setsokotsane Reva sa feta likilomithara tse 140 Tahiti, sa liha lifate le lipalo tsa motlakase sebakeng sa Papeete, motse-moholo oa sehleke-hleke.
Kahoo, kameho ea e-ba teng ka boemo ba leholimo. E be Tahiti e hlasetsoe ke sefefo la ho qetela? Na boemo ba leholimo bo tla thibela baeti ho fihla le ho liehisa ho buloa ha ofisi e ncha ea lekala? Ha hoa ba joalo!
Baeti ba Fihla!
Tahiti e ne e sa hlaseloa ke sefefo sa ho qetela. Mantsiboea ka Mantaha ka la 11 ’Mesa, ha phatlalatsoa hore ho tla ba le ho theoha ha mocheso ho bitsoang Veena e be ho fetoha sefefo lihleke-hlekeng tsa Tuamotu ’me qetellong ho lebe Tahiti. E, selika-likoe sa sefefo sa leba sebaka sa likilomithara tse 40 karolong e ka boroa bo ka bochabela ea lebopo la Tahiti ka lebelo la likilomithara tse 200 ka hora. Ho tloha hoseng ka Moqebelo, sehleke-hleke sa otloa ke meea ea sona e lebelo haholo.
Hoba se fete, sebopeho sa paradeise e mofuthu sa Tahiti se ne se silafalitsoe. Ho hakanngoa hore matlo a 3 043 a lihuoe ’me a 3 199 a sentsoe; liketsoana tse 26 tsa tsieleha ’me tse 39 tsa teba, ’me batho ba 25 000 ba hloka matlo. Ka la 13 ’Mesa ha utloahala molumo o sa tloaelehang oa lihamore tse llang mapolankeng le tšepeng. Baahi ba lihleke-hleke ba ne ba tsosa mehaho. Empa ho thoe’ng ka ho buloa ha mohaho o mocha oa lekala? Hona ho thoe’ng ka baeti? Na ba tla tseba ho fihla Tahiti? Sefofane se tsoang Fiji se ne se se se ile sa tlameha ho khutlela morao. Qetellong, leha ho le joalo, lihora tse ngata hamorao, sefofane se nang le baeti sa fihla.
Ka Labone, la 14 ’Mesa, la sa hantle. Ba bangata ba ne ba lokisa matlo a bona a senyehileng, ’me mohahong o mocha oa lekala—oo ka thabo o neng o sa senyeha—litokisetso tsa ho qetela li ne li etsoa. Baeti ba e-ba le monyetla oa ho bona mohaho o mocha oa lekala oa Tahiti, likilomithara tse ka bang 25 ho tloha Papeete. Ba fumana e le mohaho o matla oa mekato e ’meli, o ka luloang ke batho ba robeli. Karolong e ka tlase ke liofisi tse sa tšoaneng, matlo a polokelo le pokello ea libuka, ha karolong ea bobeli e le moo ho pheheloang, ho jeloang, ho phomoloang, ho hlatsoetsoang le likamore tse ’nè.
Lenaneo la Pulo
Qetellong, Labohlano la la 15 ’Mesa la fihla. Ka hora ea bohlano mantsiboea, Francis Sicari, setho sa Komiti ea Lekala ea Tahiti le molula-setulo oa lenaneo, a bula ka mantsoe a kamohelo. Eaba Alain Jamet, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, o bontša li-slide tse hlahlobang ho hahuoa ha mohaho oa ofisi ea lekala.
Kamorao ho tšobotsi eo e khahlisang, Francis Sicari a khutlela sethalleng ’me a hlahloba tsoelopele ea mosebetsi oa boboleli French Polynesia. A hopotsa ba 702 ba teng hore lipeō tse seng kae li qalile ho mela sehlekehlekeng mathoasong a bo-1950. Ka 1957, kopanong e neng e le Los Angeles, U.S.A., mookameli oa Watchtower Society, Nathan H. Knorr, a ipiletsa ho ba ka ithaopelang ho tla sebeletsa moo tlhokahalo e leng kholoanyane Tahiti. Ba bang ba arabela ’me khōlō ea potlakisoa.
Mokhatlo joale oa lokisetsa bahlanka ba bangatanyana ba nako e tletseng hore ba etele Tahiti nako le nako ka morero oa ho thusa ho hlophisa liphutheho. Har’a bona e bile John le Helene Hubler, ba neng ba qalisitse mosebetsi New Caledonia morao koana ka 1954 ’me hona joale ba mosebetsing oa setereke New Zealand. Ba ha Hubler ba ba har’a baeti lenaneong la pulo ’me ba memeloa ho pheta liphihlelo tse ling tsa bona. Helene ka mokhoa o susumetsang a hlalosa mokete oa pele oa Sehopotso oo a bileng ho oona Tahiti. O ne o le ka ntle, leholimo le hlakile, le khantšitsoe ke khoeli e tolokileng e khanyang pakeng tsa lipalema tsa kokonate, ha moea o nōkiloe ke monko oa lipalesa. Pono ena ka sebele ea hatisoa mohopolong oa hae ho tloha ka nako eo.
Donald Clare, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala oa Fiji, le eena o ne a le teng. O ne a thusitse ho lebela mosebetsi Polynesia ka lilemo tse ngata pele Tahiti e e-ba lekala, ’me a pheta liphihlelo tse ling tseo a bileng le tsona nakong ea maeto a hae a mangata ho tla Tahiti. A bolela hore o natefeloa ke ho hopola ka bonolo le mofuthu oa baboleli ba pele ba nako e tletseng ba Tahiti.
Puo ea sehlooho ea fanoa ke Lloyd Barry. A khothatsa haholo Lipaki tsa moo tseneng li oetsoe ke sehlōhō sa lifefo. A li hopotsa hore litlokotsi li tšoaea mehla ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho, empa Jehova haeba a rata, a ka pholosa batho ba hae. Ntho ea bohlokoa ke ho finyella seo Jehova a re romileng ho se etsa, ho sa tsotellehe maemo. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Liphihlelo tse ngata tse tšelisang tse tsoang lefatšeng lohle li re bontša kamoo thōmo ena e phethahatsoang hantle le kamoo Jesu Kreste le mangeloi a e tšehelitseng.
Ke hobane’ng, leha ho le joalo, Mokhatlo o hahang mehaho e mecha ha lefatše le le boemong bo sa tsitsang hakaale? Moena Barry a hlalosa hore tlhophiso ea Jehova e lebelletse ho pholoha mehla ena e tšoenyehileng. Batho ba Molimo ba hlomelloa le ho hlophisoa ho fana ka bopaki bo boholo bo ka khonehang lilemong tsena tse qetellang pele Harmagedone e felisa tsamaiso ena ea lintho. ’Me ba na le tšepo ea hore mehaho ea bona e mecha e tla sebelisetsoa mosebetsi o moholo oa tlhophiso kamorao ho Harmagedone.
Sebui sa bapisa lenaneo la pulo le Mokete oa boholo-holo oa Bajode oa Metlotloane. Ho bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, mokete oo e ne e le nako ea thabo e khōlō. (Deuteronoma 16:13-15) Ka ho tšoanang, ho ba bokaneng mona, pulo ea mehaho e mecha ea Tahiti e ne e le nako ea thabo e khōlō. Qetellong, bohle ba teng ba etsa qeto ea ho boloka tšepo ea bona e le matla litšepisong tsa Jehova.
Sefefo se seng
Bohle ba ne ba matlafetse haholo le ho khothala ke lenaneo la pulo. Baeti ba tloha ba koahetsoe ke lipalesa tseo metsoalle ea bona ea Tahiti e neng e ba pupelitse ka tsona. Ka Mantaha oa la 18 ’Mesa, sefefo se bitsoang William sa fihla, matla a maholo a sona a e-ba Lihleke-hlekeng tsa Tuamotu. Maqhubu a maholo a koahela mafika, ’me meea e matla ea putula metsana le masimo a lifate tsa kokonate. Pele sefefo seo se feta sa baka tšenyo e khōlō.
Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova tse 496 tlas’a lekala la Tahiti li ne li thabile hore lifefo li kile tsa emisa ho lumella ho buloa ha lekala la bona le lecha nakong e emisitsoeng. Li ne li ikemiselitse ho ba mafolo-folo haholoanyane ho bolella bao li ahisaneng le bona litaba tse molemo tsa ’Muso. ’Me li thabile haholo hore li ka supa hore, ho sa tsotellehe litlokotsi tsa tlhaho, “ea tšabang Jehova o na le khotso ea sebele-bele, ’me bana ba hae ba tla ba le setšabelo.”—Liproverbia 14.26.