Ha u Nyoloha Ecuador
MOKHEKHETHO o kaholimo o teana le o ka tlase Ecuador. Mona, sechabeng se senyenyane ho feta tsohle tsa lebōpo la Pacific Amerika-Boroa, ke moo ho kopanang mokhekhetho o ka leboea oa lefatše le o ka boroa. Ha e le hantle, ha u hata leoto u lebile nq’a leboea ho lekana le bohato ba ho ea boroa.
Ha ho hlahlojoa moeli oa ’mapa oa Ecuador ho hopotsa motho letlapa la sengoli sa litšoantšo, ka Kou ea Guayaquil e kang moo monoanoa o kenang. Likhoa tse nonneng, maqhubu a masooana a leoatle, masimo a khohlong a betliloeng hantle le linōka tse tenyetsehang haesita le moo li hlatsetsang leoatle—tsena tsohle li boka likhomo tlaase ho liqhooa tse roetseng lehloa tsa lithaba tsa Andes tse apereng boputsoa ba leholimo. Mecheso ea bohareng ba lefatše e tsoakanang le meea e mapholi ea selemo e fumanoa le ho thabeloa ka nako e le ’ngoe selemo sohle. U ke u kopanyelletse mebala e kang ea se-ja-banana ea lijalo tse nonneng tsa kofi, k’hauk’hau, lipanana, reisi, limela tseo ka tsona ho etsoang masela, mahapu, liapole, merara, lipeinapole, lipapaya, haesita le linaranjilla tse ikhethollang ’me le teng mekhoa ea ho phafa ha e na palo.
Baahi ba Ecuador ba khahlisa le ho se tšoane joaloka kaheho ea eona. Maspanishe a letlalo le letle, lihlopha tse apereng mebala-bala tsa moo, ba batšo ba tsoang Afrika le Jamaica, sehlopha se seholo se tsoang Bochabela le ba bangata ba hlahang Europe ba hlokomeleha habonolo. Empa boholo ba baahi ba 8 644 000, ba khetholloang ka ho amohela baeti ka tlhaho le ba bososelang ka linako tsohle, ke motsoako oa merabe e sa tšoaneng.
Bolaoli ba Kereke e K’hatholike e le ’ngoe ka lilemo tse 300 Ecuador bo ile ba hlahisa tikoloho ea bolumeli e teng hona joale. Empa lilemong tse fetileng tse mashome a mane ha foka moea oa phetoho ’me mehla ea khatholoho e theiloeng Bibeleng e tsoetse pele ho tla fihlela kajeno. Lipaki tsa Jehova li hlahelletse phetohong ena ’me pale ea tsona ke ea boineelo le mamello e matla. Le hoja ka sebele ho bonahala tšusumetso eitseng ea bolumeli e theoha, Bokreste ba ’nete bo nyolohetse holimo Ecuador.
Ho Putsoa Boiteko ba Mathomo
Re ke re khutleleng ho 1935. Theodore Laguna le motsoalle ba tlisa molaetsa oa ’muso oa Molimo Ecuador selemong seo se bohareng sa khatello. Ho lula ha bona ka likhoeli tse leshome ha hlahisa lihora tse 1 432 tsa mosebetsi oa ho bolela, ’me ha jaloa lipeo tse ling tsa ’nete tse ileng tsa oela mobung o motle, ’me li bea litholoana tse ntle haholo lilemo tse mashome a mane hamorao.
Joale re namalatsa ho ea ho 1946. Sekolo sa Watchtower sa Bibele sa Gileade se ne se koetlisa baromuoa ba makholo ba chesehang. Ka Loetse hona selemong seo, liithuti tse qetileng, Thomase le Mary Klingensmith, hammoho le Walter le Willmetta Pemberton, tsa fihla motse-moholo oa Ecuador Quito, li tletse cheseho ea mosebetsi oa ho paka. Ho hlōla neano ea lilemo tse makholo a mararo ka tsebo ea bona e nyenyane ea Spanishe ha ipaka e le phephetso ea sebele. Likarete tsa boitsebiso, lirekoto tsa kramafono tsa lipuo tsa Bibele le puo e ngata ea lipapiso tsa fella ka hore ho hlophisoe seboka sa pele sa Lipaki tsa Jehova moo ka Mphalane 1946. Boiteko ba baromuoa ba hlohonolofatsoa ka hore ho be teng batho ba robeli, ho akarelletsa a le mong oa Moecuador. Khoeling e latelang feela, Maecuador a supileng le baromuoa ba bane ba ne ba bolela karolong ea Magdalena ea Quito.
Har’a batho ba supileng ba ileng ba tšoantšetsa boineelo ba bona ho Jehova ka ho feta kolobetsong ea metsi ka Phato 1947 ke Ramón Redín le Pedro Tules. Moena Redín o ntse a sebeletsa a le lilemo li 82 e le pula-maliboho ea khethehileng kapa ’moleli oa ’muso oa nako e tletseng. Moena Tules, o na le lilemo tse fetang mashome a mararo a metso e mene tšebeletsong ea nako e tletseng, ke eena Moecuador oa pele ea bileng Sekolong sa Gileade (ka 1951).
Mosebetsi o Putsang Quito le Guayaquil
Almanaka joale e fetela ho 1948. Baromuoa ba tšeletseng ba koetlisitsoeng Gileade joale ba tla Quito ’me ba bakaalo hape ba hloma lehae la bona lebopong la leoatle Guayaquil.
Lottie Foster, eo hona joale a leng lilemong tse mashome a robeli, o tlile Ecuador le sehlopha sa 1948 ’me o sa ntsane a phela teng. Khaitseli Foster o bua tjena ka lilemo tsa hae tse mashome a mararo a metso e meraro tšebeletsong ea boromuoa, “Ke bile ea jalang le ea nosetsang,” ’me a phaella ka hore: “Ruri ke thusitse ba bangata ho fihlela ba ineela ho Molimo. Empa mabakeng a mangata ke ne ke sia libuka ke qalise lithuto e be joale batho baa falla. Hamorao, likopanong tse ling tsa rōna tse khōlō, ke kopane le bona hape, ba kolobelitsoe ba le matla. . . . Kannete, Jehova o etsa hore tšimo ea hae e bee.”—1 Ba-Korinthe 3:6-9.
Fern Noboa le eena o fihlile Ecuador ka 1948. Kajeno Khaitseli Noboa o ntse a sebeletsa le lelapa la hae naheng eo a e fetotseng lehae la hae. Ha a hetla morao, o hopola hore: “Karolong ea Magdalena ea Quito, moprista o ne a palama baesekele ea hae har’a motse e be o pota-pota le mahoo-hoo a hae hore a re lelekise. Bonyane ka lekhetlo le leng ‘ra betsoa ka majoe’ hore re tsoe tšimong.”
Empa mahloriso a ne a sa thuse letho, ’me Jehova a atlehisa mosebetsi oa boboleli ba ’muso. Kahoo, kajeno ho na le liphutheho tse leshome le metso e mene Quito.
Guayaquil, leliboho la khoebo la Pacific, ’nete ea Bibele ea isoa hona selemong seo sa 1948. Albert le Zola Hoffman ba ne ba le har’a bo-pula-maliboho ba pele ba sebelelitseng motseng oo. Khaitseli Hoffman o phethile tšebetso ea hae ea lefatšeng ka botšepehi ka 1975, empa Albert o bua tjena ka boiteko boo ba pele bo beang litholoana:
“Re ne re sebetsa ka bobeli hore re thusane ka Spanishe. Ka bonolo feela re tsebahatsa molaetsa o babatsehang le oa bohlokoa, e be joale re bulela kramafono. Bongata bo bokane e be joale re fana ka libuka, haholo buka ‘’Nete e tla le Lokolla,’ e ileng ea fetoha e ’ngoe ea libuka tse tloaelehileng haholo tsa motse. . . . Batho ba bane ba thahasellang ba tla sebokeng sa rōna sa pele.
Ka Tlhakubele 1949, N. H. Knorr (e le mookameli oa Watch Tower Society ka nako eo) a etela Ecuador ka lekhetlo la pele. Quito batho ba mashome a robeli a metso e ’meli ba mamela ha a fana ka puo ho hotelitsoe kerese. Guayaquil, kamor’a hore baromuoa ba sebetse ka libeke tse leshome, batho ba bangata bo fihlang ho ba 280 ba bokana ho tla utloa ha Moena Knorr a bua.
Ho tla fihlela ka nako eo ofisi ea Mokhatlo ea New York e ne e hlokometse mosebetsi oa ho bolela ka ’muso Ecuador. Ka bahoeletsi ba mafolo-folo ba ’muso ba mashome a mahlano a metso e meraro ho bile ho lebelletsoe keketseho e ntle, ha theoa ofisi ea lekala Guayaquil.
Tlas’a Tlhaselo
Mosebetsi o chesehang oa bopaki ba ’muso oa hlokomeleha. Mekha e meng ea bolumeli ea tšoenyeha. Mohlolo, morusu ona oa pele o ne o sa tsoe ho Kereke e K’hatholike e ipolelang hore e nkile karolo ea 95 lekholong ea baahi, empa o hlaha ho sehlopha sa boboleli ba evangeli sa Boprostanta. Empa litlhaselo tsa makasine e ngolisitsoeng ka molao ea boevangeli tsa tsosa thahasello ea batho ba nahanang, bao boholo ba bona bo ileng ba nka Bokreste ba ’nete qetellong.
Kereke ea Roma e K’hatholike e ne e ke ke ea lulella thoko halelele. Ka 1951 mabifi a mahoo-hoo a qhoma Quito. Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba potlakela ho ‘sireletsa le ho thea ka molao litaba tse molemo.’ (Ba-Filippi 1:7, NW) Sehlooho sa 168 sa Molao oa Motheo oa Ecuador se lumella bolokolohi ba letsoalo ka litšobotsi tsohle tsa bona le kamoo bo ka bontšoang, ho akarelletsa hore motho a sebelise ka bolokolohi bolumeli boo a ikhethetseng bona.
Koranta e kholo ea Quito ea phahamisa tokelo ea Lipaki ea bolokolohi ba borapeli. Baruti ba hlokomelisoa ke baholo ba ’muso, le moruti ea neng a ikarabella ka mahoo-hoo a kokobetsoa hore a bolele hore o tla hlokomela hore ketso e joalo e ke ke ea hlola e phetoa hape.
Baprista ba bang ho bonahala ba ne ba nahana hore ke marena ka bobona, ’me kamorao ho nakoana mahoo-hoo a nka bohato haholoanyane ka Lipaki tsa Jehova. Boipiletso bo eang pele ho ba boholong ba nang le tsebo ’musong ba fella ka hore ho etsoe mohala o tsoang Lekaleng la Puso ka la 3 Tšitoe, 1952. O qaqisa hore baromuoa ba Lipaki ba “sireletsoe ka tšoanelo” litlhaselong tse befileng. O bolokiloe ka liofising tsohle tsa babusisi ba litereke ka har’a naha, mohala ona o eme ho tla fihlela kajeno e le boikutlo ba molao ka boemo ba molao ba Lipaki tsa Jehova.
Ho hlompha molao ke taba e ’ngoe. Ka lilemo tse peli feela, mokhopi oa ba 200, oa hlasela kopano ea batho ba Jehova Riobamba. Boiteko ba baruti ba boela ba fetohela bona leha ho le joalo hobane, likoranta ka har’a naha li ile tsa phahamisa tokelo ea Lipaki ea bolokolohi ba borapeli.
Katoloso ea Khotso
Lilemo tsa bo-1950 ebile nako ea khōlo le ho tiisoa. Baena N. H. Knorr le M. G. Henschel ba etela Ecuador, ’me ha theoa mahae a macha a baromuoa. Joale liphutheho tse hlano tsa eteloa ka mehla ka lekhetlo la pele ke molebeli ea tsamaeang. Hona joale ho na le lipotoloho tse tšeletseng ka hare ho naha.
Sebaka sa liboka le ho sebetsa ha lekala se ne se le senyenyane. Joale ha rekoa sebaka seo ho ka hahuoang lekala ho sona ka 1955. Mosebetsi oa qala ka Mphalane 1956 ’me ka Motšeanong 1957 ha phethoa mohaho o motle le o bohehang o ileng oa fana ka sebaka bakeng sa khōlo le Holo ea ’Muso eo ho lulang batho ba 300 ho eona. Mathoasong a bo-1970 ho ne ho totobetse hore ho tlameha hore ho atolosoe. Ka Tšitoe 1974 lenaneo la ho haha la phethoa le ileng la mena hane sebaka sa polokelo le ho fana ka sebaka sa bolulo bakeng sa baromuoa ba ka bang mashome a mabeli a metso e mene. ’Me hantle feela kantle ho Guayaquil ha rekoa sebaka ka 1981 bakeng sa setša sa likopano, ntlo ea polokelo ’me mohlomong le lintho tse ling.
“Vatican e Nyenyane” e-ea Ineela
Ka 1953 ha rōmeloa baromuoa Cuenca, motse oa boraro o moholo oa Ecuador, oo ka nako e ’ngoe o bitsoang “Vatican e Nyenyane.” Tsoelopele ea fokola ’me baromuoa ba tlosoa ka 1955. Empa peō e ne e fumane mobu o motle. Ka mohlala, mocha e mong, Carlos Sanchez, a elelloa ’nete. O sa hopola hore, “Ha ke qala ho ea libokeng, ke ne ke le lihlong le ho ikela hloko hoo ke neng ke khohletsa katiba ea “wool” eo ke neng ke e roala ’me ke ipata sefahleho ka eona hore ba bang ba se ke ba mpona.” Kajeno, sefahleho sa hae se khanya ka thabo ea ’nete e fetotseng bophelo ba hae. Le hoja a shoele ho tloha thekeng ho ea tlase ka baka la kotsi ea koloi, Moena Sanchez o ntse a batla ka cheseho ba bang ba batlang ’nete.
Cuenca—“Vatican e Nyenyane”—ea fetoha, ’me moruti a nka karolo ho sena. Harley Harris, eo hona joale e leng mohokahanyi oa lekala Ecuador, o hopola hore ka 1966 eena, hammoho le baromuoa ba bang ba bararo le pula-maliboho ea khethehileng, ba qala ho iteka ka matla ho thea phutheho moo. O re:
“Mosebetsing oa rōna oa monyako le monyako ra qala ho utloela ka moprista oa Lespanishe . . . [ea] ileng a bolela ka kerekeng hore haeba batho ba bua ka Bibele, ba mameloe kaha Bibele e na le ’nete. . . . Ka buisana le eena ka lihora tse peli ka lehaeng la boromuoa. A batla Bibele ’me a bontša boikutlo bo amohelang haholo. A hanana le ho lefisa litšebeletso tsa Kereke ka boemo ba batho, kaha o ne a ikutloa hore ’Misa ke ’Misa ka litefello tse tšoanang bakeng sa bohle, moprista enoa a tsosa lehloeo la mobishopo ’me a khutlisetsoa hahabo Spain. Leha ho le joalo, litlhaloso tsa hae li ne li lokolotse mahlaahlela a kelello a ba bangata ’me boiteko ba rōna ba ho bolela ba hōla haholo litholoaneng. Hona joale ka 1982 ho na le liphutheho tse tharo tse mafolo-folo tsa batho ba Jehova Cuenca.”
Mosebetsi o Hatela Boroa
Ho tloha ka la 1 Mphalane, 1956, Carl Dochow le Nicolas Wesley ba ile ba abeloa setereke sohle se ka boroa sa El Oro. Setsing se secha sa temo sa Machala, ba sebetsa ka likhoeli tse leshome le metso e robeli tšimong ba sa bone mohoeletsi e mocha oa ’muso. “Eaba mosebetsi o-oa qalisa,” kamoo ho hopolang moena Dochow. “Bohato bo boholo bo eang pele ka 1960 e bile ho reka Holo ea ’Muso ea pele eo ho hang e neng e le ea phutheho ea Lipaki tsa Jehova [naheng ena, moo ho neng ho hiroa liholo pele] . . . E atolositsoe le ho nchafatsoa ho tloha ka nako eo ’me ruri ke tlotla borapeling bo hloekileng.”
Hona joale Machala e na le liphutheho tse tharo, ka tse ling tse tšeletseng ka hare ho setereke sohle. ’Me hona joale boholo ba Liholo tsa ’Muso Ecuador ke tsa liphutheho tsa libaka ka bomong.
Thuso e Tsoang Mose
Kopanong ea Lichaba ea 1958 ea Lipaki tsa Jehova motseng oa New York, memo ea fetisetsoa malapeng a ka sebeletsang linaheng tseo tlhokahalo e leng kholoanyane bakeng sa bopaki ba ’muso. Ho fumanehile hore Ecuador e ile ea fumana thuso ena ka bongata ho feta naha efe kapa efe ea Amerika-Boroa. Ka 1959 Moena Knorr a buisana le bamameli ba 120 ba teng. Boholo ba malapa ao bo ntse bo sebeletsa tšimong ea Ecuador.
Mosebetsi o sa le Mongata
Ho tloha ka sehlopha sa mashome a mane a motso o le mong sa Sekolo sa Gileade ka 1966, baromuoa ba mashome-shome ba kene tšimong mona Ecuador. Liphello ke tse khotsofatsang haholo.
Kajeno ho na le liphutheho tse 112 Ecuador. Le hoja libaka tse itseng tsa naha li ntse li emetse ho utloa molaetsa oa ’muso, ho etsoa boiteko ba ho sebetsa tsimo ena e sa abuoang. Hore ho sa na le tšepo ea khōlo ho bontšoa ka ho hlakileng ke ba bang teng ka ho tsotehang Sejong sa Morena sa Mantsiboea. Ka tlhoro ea bahoeletsi ba ’muso ba 5 666, ba bileng teng Sehopotsong ka 1981 ba bile 26 576.
Ho totobetse hore Jehova o tšehelitse mosebetsi oa boboleli ba ’muso naheng ena. Le hoja tšusumetso ea Bojakane e theoha Ecuador, re thabela hore Bokreste ba ’nete boa nyoloha thorisong ea ka ho sa feleng ea Jehova.
[’Mapa o leqepheng la 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Quito
Riobamba
Guayaquil
Cuenca
Machala
Gulf of Guayaquil