Ho Bontša Kananelo ea Rōna ho Molimo
Re boka Jehova Molimo oa rōna,
Ka khanya ea ’nete e tsotehang!
Re boka tokelo ea ho rapela,
Re o atamela ka nyakallo!
Re boka Jehova ka mora oa hao,
Ea tla re pholosa lefung lena!
Re boka ha re etsa thato ea hao,
Ha re thusoa ho phetha likano!
Re boka Jehova ka bolekane,
Botsoalle ba ’nete le molemo!
Re boka ho fumana moea oa hao,
O re thusa ho tšoarella tseleng!
Re boka Molimo ho o rorisa,
Ka ho paka ka ’bitso la ’nete!
Re boka ha manyala a tla fela;
Ha mahlohonolo a tla ba teng!
A NA ke mantsoe a pina e reng “Re Boka Jehova!” A hlaha bukeng ea lipina e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova, ‘Binang ’me le Lulueletse ka Lipelong tsa Lōna.’ Pina ena e fana ka bopaki ba takatso ea bona ea ho bolela kananelo ho Molimo, ’me sena se lumellana le khothatso ea Mangolo ea ho ‘lulueletsa ka lipelong tsa rōna ho Jehova,’ kahoo, “le lebohe ka mehla Molimo, Ntat’a rōna, ka baka la ntho tsohle, ka lebitso la Jesu Kreste Morena oa rōna.” (Ba-Efese 5:18-20) Empa mabaka a mang a ho leboha ke afe, a ho bontša kananelo ho Jehova Molimo?
Ke Hobane’ng ha re Bontša Molimo Kananelo ea Rōna?
Bophelo ka bo bona ke mpho e tsoang ho Molimo eo re lokelang ho e leboha. Ha e le hantle, Jehova o fana ka lintho tsohle tse ntle le tse molemo. (Liketso 17:24, 25) Har’a lintho tse joalo tse ntle tse boletsoeng pineng e sa tsoa qotsoa ke tsena: Khanya ea ’nete e tsotehang (Pesaleme ea 43:3; Johanne 17:3); tokelo ea ho rapela (Liproverbia 15:8); sehlabelo sa topollo ea libe sa Mora oa Molimo, Jesu Kreste (Ba-Roma 6:23; 1 Johanne 2:1, 2); tataiso ea Mangolo ka ho etsa thato ea Molimo (Pesaleme ea 40:8; 119:9-16; 105); boena ba Bokreste bo lerato (1 Petrose 2:17); tataiso ea moea o halalelang oa Molimo kapa matla a sebetsang (Pesaleme ea 143:10); le mahlohonolo a sa feleng a ’muso a tla nka sebaka sa malimabe a lefatše. (Mattheu 6:9, 10; Tšenolo 11:15-18; 12:9-12) Tsena li har’a lintho tseo Lipaki tsa Jehova li lebohang Molimo ka tsona ha ba bina libokeng tsa phutheho.
Ho na le mabaka a mangata a ho bontša Molimo kananelo ea rōna. A k’u nahane ka botle ba mafube a hoseng ha u tsoha! Letsatsi le chaba ka ho hlaka, u utloa linonyana li bina, ’me u utloa lephoka le monate la lipalesa kapa furu e hetsoeng e sa le tala. U hloletsoe, u re: “Ho phela ke ntho e kholo!” Empa, ho loketse hakaakang ho bolela kananelo ea hao ho Ea entseng hore lintho tsee tsohle li be teng!
Ka sebele, Molimo o entse litokisetso tse ngata molemong le boithabisong tsa motho. Nahana ka letsatsi, khoeli, le linaleli tse re fang khanya. Ho na le moea oo re o phefumolohang le bophelo ba limela ho o hloekisa. Jehova o fane ka lijo le metsi ka bongata. Nahana ka bophelo ba linonyana le liphoofolo tsohle bo etsang hore ho tsamaea har’a naha ho be monate hakana. (Jobo 37:5-16; Pesaleme ea 8:3-9; Liketso 14:15-17) Ho feta moo, Molimo o re file matla a ho bona, a ho utloa, a ho thetsa, a ho latsoa le a ho fofonela tse etsang hore re thabele litokisetso tsena ka botlalo. Re lokela ho ba ba lebohang hakaakang!
Hoa bohlokoahali ho Bakreste ba inehetseng ke litokisetso tsa moea tsa Jehova. Boholo ba tsona li boletsoe pineng e qotsitsoeng ka holimo. Ka sebele ho loketse ho leboha Molimo bakeng sa mahlohonolo a joalo a moea.
Ho boetse ho molemo ho nahana ka mehla ka litokisetso tsohle tse ngata tsa Jehova Molimo, moeeng le nameng. Ha ho pelaelo monahano o joalo o tla re susumeletsa ho etsa ho hong. Ka sebele o tla re susumeletsa ho bontša Molimo kananelo ea rōna ka ho e bolela ka mantsoe le ka liketso.—Pesaleme ea 1:1-3; 77:11, 12.
Mantsoe le Liketso tse Ananelang
Thapelo ea sebele ke tsela e hlakileng ea ho bolela kananelo ea rōna ho Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng.” (Jakobo 1:17) Ka hona, na re leboha Molimo ka mehla ka mantsoe a thapelo? Re ka ’na ra susumeletseha ho etsa joalo joalekaha mopesaleme Davida, a boletse: “Jehova, Molimo oa ka, e kholo hakakang palo ea mehlolo le ea merero eo u re etselitseng eona! Ha ho ea ka e lokolisang pel’a hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.”—Pesaleme ea 40:5.
Davida le eena o na a ikemiselitse ho bontša Molimo kananelo ea hae ka mantsoe a builoeng ho ba bang. Ka baka leo, a re: “Ke tla u rorisa, Jehova, ka pelo ea ka eohle; ke tla bolela mehlolo ea hao kaofela.” (Pesaleme ea 9:1) Ka tsela e tšoanang, pina “Re Boka Jehova!” e re: “Re boka Molimo ho o rorisa, ka ho paka ka ’bitso la ’nete!” E, ka sebele, ho bua le ba bang ka Molimo, ho ipolela ka mantsoe ka ho kopanela le bona ’nete e tsoang Lentsoeng la hae, ka sebele ke tsela e molemohali ea ho mo bontša teboho ea rōna.
Ka kōpo, hopola ka molepera eane ea ileng a khutla a bolela teboho ea hae ka baka la ho folisoa. O ile a ho etsa joang? Rea bolelloa: “E mong oa bona, eitse ha a fihlela hobane o folile, a khutla le mehlala ea hae, a ntse a rorisa Molimo ka lentsoe le leholo; ’me a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha.” (Luka 17:15, 16) E seng feela hore monna eo o ile a leboha Jesu ka ho mo folisa empa o ile a boetse a rorisa Molimo, Mohloli oa bophelo le pheko ea ’nete. ’Me monna ea folisitsoeng o ile a etsa sena “ka lentsoe le leholo.” E tlameha e be o ile a rorisa Jehova le ho bua ka taba eo ka libeke, le likhoeli! Hona ho bontša hantle hore na re ka bolela teboho tsa rōna joang ka ho bua ka tseo re li boneng, le tseo re li utloileng le tseo re ithutileng tsona ka Molimo.
Ha e le hantle, ke ka baka leo Lipaki tsa Jehova li eang ka ntlo le ntlo. Teboho ho Molimo e ba susumeletsa ho tšoareha mesebetsing e metle, liketsong tsa bomolimo. (Jakobo 2:26) Mesebetsi ena e akarelletsa ho ba bolella litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. Lipaki li thahasella ho bolella ba bang ka seo li ithutileng sona Lentsoeng la Molimo, Bibele, le ho hlalosa hore na ke joang tsebo ena e ba fileng tšepo ka bokamoso. Joaleka mo-lepera ea ananelang, le bona, ba rata ho rorisa Molimo.
Na le uena u ikutloa u susumeletsehile ho bua ka tse ling tsa lintho tseo u ithutileng tsona Mangolong? Se ke ua hanela tšusumetso. U ka qala ho bua le litho tsa lelapa, bahaelani, basebetsi ’moho le uena le metsoalle. Ha u etsa joalo, u tla fumana hore kananelo ea hao ka lintho tsa moea e tla hola, kutloisiso ea hao e tla teba, ’me takatso ea hao ea ho ithuta ka ho eketsehileng e tla phahamisoa. Maele a Mangolo aa bolela: “Ruta ea nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. U rute ea lokileng, o tla ekelletsoa tsebo.” (Liproverbia 9:9) Limillione tsa batho li susumeletsehile ho bolela kananelo ea tsona ho Molimo ka tsela ena, ’me ba etsa joalo e le Lipaki tsa Jehova.
Ka hona, ho hlakile hore re ka ho etsa le hore re lokela ho bontša kananelo ho Molimo le ho batho ba bang. Re ka bolela teboho ho Molimo ka thapelo le ka ho rorisa ka ho phahameng lithoriso tsa hae ka lipina. Ka holim’a tsohle, re ka bontša kananelo ho Jehova Molimo ka ho bua le ba bang ka mesebetsi ea hae e babatsehang.
Haeba u hloka thuso ea ho ithuta le ho etsa thato ea Ea entseng lintho tsohle, Lipaki tsa Jehova ke malala a laotsoe bakeng sa ho u thusa. U e-na le tsona, u ka tseba thabo e tlang ka ho bontša kananelo e tlohang botebong ba pelo ho Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“Ho phela ke ntho e kholo!”