Lenyalo Lea Hlaseloa
LEFATŠENG la kajeno ho na le litaba tse monate le litaba tse mpe ka lenyalo. Litaba tse monate li tsoa ho ngaka ea mafu a kelello Dr. Alan Lyall oa Toronto. O boleletse moqolotsi oa litaba oa Toronto Star hore, ho sa tsotellehe hore lenyalo le ile la hlaseloa ka makhetlo a mangata lilemong tsa morao tjena, lenyalo lea hlaphoheloa. Ke hobane’ng ha ho lokela ho ba joalo? O-oa arabela: “Ruri [lenyalo] ke e ’ngoe ea litsela tse khotsofatsang le tse finyellang ho fetisisang tsa ho phela.”
Leha ho le joalo, litaba tse bosula ke hore manyalo a mangata a bosula. Mongoli oa likoranta oa mosali ha a phea khang ka maikutlo a lenyalo, o itse: “Ha ke sheba manyalo, boholo ba seo ke se bonang ke bohloko. ’Me ntho e teng ka bohloko ke hore u ikutloa hamonate haholo ha u tlohela.” Na u ikutloa hore lenyalo ke tsela e khotsofatsang ea ho phela kapa empa e le feela mohloli oa bohloko?
Ho ke ke ha latoloa hore manyalo a mang a na le bohloko le mahlomola. Li totobala ho hlalaneng ho phahameng linaheng tseo tlhalo e lumelloang. United States tlhalo e ile ea imena hararo ka lilemo tse fetileng tse mashome a mabeli. Ho boleleha hore Soviet Union lenyalo le le leng ho a mang le a mang a mararo le fella ka tlhalano. Australia tlhalano e ile ea imena hane ka selemo se le seng feela ha ho etsoa molao o mocha oa ho hlala. Ho latela Financial Times ea London, ho hlalana ho ntseng ho phahama England ho baka litšenyehelo tse fihlang libillioneng tse peli tsa liponto ka selemo ho thusa basali ba hlaliloeng le bana.
Mofere-fere o mokaale o bakoa ke eng lenyalong?
Ha ho Ea Phethahetseng
Bothata bo bong ke hore ha ho lea mong ea phethahetseng. Bohle re na le mekhoa e ka khopisang ba bang. Ha u teana le motho seoelo, mekhoa eo hase ea bohlokoa. Empa ha re lula le eena lenyalong, li hlahella haholo. Li ka fella ka ho tlatsetsana lerata ho senyang. Kapa kamano e ka qhalana ka pefo. Ka mohlala, Canada mosali e mong le e mong ho ba leshome ho tlalehoa hore o otloa ke monna oa hae.
Mathata a maholo a ka bakoa ke botho bo sa tšoaneng kapa lipakane tse sa tšoaneng. Ho etsahala joang ha motho oa lehehle a nyalana le motho ea thotseng? Kapa ha molekane e mong a nka matlotlo a bonahalang e le a bohlokoa ho feta e mong? Mohlomong mosali a ka ikutloa hore o lahlehetsoe ke seriti haeba monna oa hae a sa mo phelise ka menono eo a neng a e thabela habo. Kapa monna a ka ’na a qeta lihora tse telele mosebetsing a sia mosali a le mong, a etsa hore mosali a ikutloe a hlorile.
Botahoa ke mohloli o mong o moholo oa ho qhalana ha manyalo. ’Me ho joalo le ka boitšoaro bo bobe. Ba bang, molokong oa kajeno o lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ba ikutloa hore ho se tšepahale ho molekane ka linako tse itseng ho ka ba molemo. Empa bafuputsi ba re: “Ho se tšepahale lenyalong ha ho na molemo. Batho ba bangata ba nahana hore ho bōka ke letsoai la lenyalo, empa pōko eo kamehla ke pontšo ea bothata ba sebele. Ha ho mohla ho seng bohloko.” Ha e totobatsa sena tlaleho e tsoang England e ile ea bontša bofebe e le le leng la mabaka a atileng haholo moo a tlhalo. Kannete, mofebi “o itimetsa moea oa hae ka sebele.”—Liproverbia 6:32.
Na hape u kile ua nahana kamoo boemo ba lichelete bo ntseng bo theoha bo ka senyang lenyalo? Ha monna le mosali ba tsoa ho ea sebetsa—kamoo ba bangata ba etsang kajeno—lelapa le sekamela karohanong. ’Me ha lelapa le qoela melatong, ho tlatlapeha maikutlong, khalefo le boiphetetso ke tsona litholoana.
Hape, mokhoa oa kajeno oa hore batho ba ‘iketsetse kamoo ba ratang’ o loantšana le ho tsitsa ha lenyalo. Banyalani ba ho fumana ho le thata ho fetoha hore ba lumellane ho seo ba se ratang le seo ba sa se rateng. Hangata ba lebelletse ho ba le bolokolohi boo ba neng ba e-na le bona ha e sa le masooa. Batho ba nyalaneng ba sitoang ho hlaolela boikutlo ba ho fana ba na le bothata bo matla.
Joale seng le sona ke bothata bo bong, haholo linaheng tseo lenyalo le talingoang e le kopano ea malapa a mabeli ho e-na le kopano ea batho ba babeli feela. Libakeng tse joalo khatello e ka tla e le matla ka ho seng. ’Mè oa monna a ka ’na a fetoha ’m’ampoli hoo e bang eena hlooho ea ngoetsi ho fapana le monna. Kapa mohlomong batsoali ba ngoanana ba ka tsitlella ho mo bolella hore na a etse joang, ho e-na le ho tlohella ba nyalaneng ba phele bophelo ba bona.
Ana ke a mang a mathata ao banyalani ba ka ’nang ba thulana le oona ha ba nyalana. Kahoo, kannete re ka bolela hore lenyalo le ntse le hlasetsoe, le le tlas’a khatello e matla. Na le tla pholoha? E, lenyalo e le mokhoa oa tsamaiso har’a batho le tla pholoha, hobane ka sebele “[lenyalo] ke e ’ngoe ea litsela tse khotsofatsang le tse finyellang ho fetisisang tsa ho phela.” Empa ka ho totobetseng manyalo a batho ka bomong e ka ba ho kang likobese ntoeng. Na u-ua tseba hore na u ka qoba phello e bohloko ee joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
HO SE TŠEPAHALE
HO RATA MARUO
BOTAHOA
KHATELLO EA BENG KA MOTHO
MELATO