Kamoo Lenyalo le Pholohang Tlhaselo Ena
KA LEKHETLO le leng mosali ea nyetsoeng o kile a re: “Lintho ha li ngata bophelong tse ka lekanang le thabo ea lenyalo le atlehileng. ’Me lintho lia baloa tse mpe ho feta lenyalo le bosula.” Hona ho etsa hore ho utloahale lenyalo eka ke ho “becha mochaena.” Banyalani ba ka ’na ba thaba bophelo bohle ba bona kapa ba sulafalloa.
Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore lenyalo e be “mochaena.” Ka litsela tse ling le tšoano le ho tsamaea sebakeng seo u qalang ho se etela. Haeba u tsamaea ka tsebo e fokolang feela ea hore na u tla fihla moo u eang joang, ruri u kotsing. Empa u ka fokotsa kotsi ka ho bonana le motho e mong ea kileng a atleha ho etela moo pele ho uena. ’Me ho na le manyalo a mangata a atlehileng kajeno. Re ka ithuta eng ho oona?
Batataisi ba Atlehileng
Ho ile ha ithutoa ka banyalani ba ’maloa Canada ba neng ba nyalane ka lilemo tse leshome le metso e mehlano kapa ho feta. Moprofesa Schlesinger oa Univesithi ea Toronto a botsa hore na lintho tse ling tse ileng tsa atlehisa manyalo a bona ke life. Phuputso ea hae ea phahamisa litšoaneleho tse ’nè tsa bohlokoa: lerato, hlompho, ho tšepa le puisano.
Banyalani ba neng ba phetse ka thabo ka lilemo tse mashome a supileng ba ile ba buisoa ke bangolli ba koranta. Lekunutu la katleho ea bona e bile lefe? Ba bolela ho tšepana, ho leka ho bontšana hore baa ratana e seng ho phehisana khang, le ho ba le sepheo se tšoanang sa ho thusa batho ba bang.
Maikutlo ana a ka ’na a utloahala a fetiloe ke linako, empa a ile a sebetsa. Haeba u tseba batho ba bileng lenyalong ka katleho ka lilemo tse telele, ke eng ha u sa ba botse hore na lekunutu la bona ke lefe? Mohlomong ba tla bua joalo.
Leha ho le joalo, mohlomong u tla ikutloa hore se ileng sa sebeletsa motho e mong se ke ke sa u sebeletsa. Semelo sa hao, botho kapa mathata ho bonahala li le kahosele. Ha u le leetong tseleng e sa tsejoang ho hang, ntho ea bohlokoa e ka ba ho ba le buka e tataisang e lemosang ka likotsi tsohle tse ka ’nang tsa hlaha e le hore u ka lokisetsa leeto la hao ka tsela eo u tla qoba mathata a tla u imela ka sebele. Na ho na le buka ea tataiso e joalo bakeng sa lenyalo? E, e teng. ’Me ha ho mang kapa mang ea ka kenang leetong la lenyalo ntle ho ho bona buka ena.
Buka ea Tataiso e Hlokahalang
Hase khale haholo ha monna e mong ea bitsoang Alex a fumana buka ena ea tataiso. Alex o ne a hotse e le setlokotsebe, letahoa a bile a sebelisa lithethefatsi hampe. Ho phaella moo, e ne e le lesole le thetsehileng la Vietnam. O ne a e-na le mosali e monyenyane le ngoana oa lesea, empa lenyalo la hae le ne le hloa mekoalaba. Hoseng ho hong, kamor’a ho etsa mokete oa lino oa bosiu ho sa bakeng sa metsoalle e meng ea hae ea masole, mosali oa hae a re: “U iphapanyetsa ’na. U lebala ho hang hore ke teng!”
Ka thabo, Alex le mosali oa hae ba ea bukeng ea tataiso. Nakoana kamorao ho moo a tlaleha: “Re lahlehetsoe ke boholo ba metsoalle ea rōna ea pele, empa re thabile . . . haholo joaloka monna le mosali. Ke felloa ke mantsoe ha ke lokela ho hlalosa botle. . . . Botho ba rōna bo fetohile ’me lelapa le re sheba ka hlompho.”
Buka ea tataiso e ileng ea bontša Alex tsela e tlohang khohlanong ea lenyalo ho ea lenyalong le thabileng ke efe? Ke Bibele. Buka ena, le hoja e le ea khale haholo, e fana ka keletso e bohlale le e sebetsang haholoanyane ka lenyalo le thabileng ho feta mohloli ofe kapa ofe o teng kajeno. Nahana ka lipolelo tse ling tsa eona.
Mantsoe a Bohlale
Ha ho ea phethahetseng. Ba nyalaneng ba lokela ho ithuta ho phela le mefokolo ea bona. Kahoo, Bibele e re: “Le apare ke hona, . . . maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello. Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha Kreste a le hauhetse, etsang joalo le lōna. Ka holim’a tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:12-14.
Na manyalo ’ohle a ne a ke ke a atleha haeba banna le basali ba latela temoso ee? Ruri ba ne ba tla hlōla a mangata a mathata a letsatsi le letsatsi a bophelo. E, le bona ba tsoa nyalana ba neng ba sa tsebane ba ne ba tla be ba le tseleng e isang lenyalong le thabileng haeba ba hlaoletse litšoaneleho tsena.
Litlaleho li bolela ka banna ba sa nahaneleng, ba baikhabi kapa ba bileng ba leng sehlōhō. Empa Bibele e eletsa hore: “Lōna banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile Kereke . . . Ke ka mokhoa o joalo le bona banna ba tšoanetseng ho rata basali ba bona joale ka ’mele oa bona.” (Ba-Efese 5:25, 28) Monna ea amehileng ka katleho ea mosali oa hae ’me a iteletse eena o tla bona hore lenyalo la hae lea atleha.
Banna ba bang ba belaela ka ho tlatsetsoa lerata le likomang. Empa Bibele e re: “Mosali eena a hlomphe monna oa hae.” (Ba-Efese 5:33) Mosali ea latelang keletso ena o tlatsetsa haholo thabong ea hae ka boeena.
Lintho tseo tse peli tse qhalang lenyalo, botahoa le boitšoaro bo bobe, li nyatsuoa ka ho feletseng ka Bibeleng. “Ha e le . . . babōki le bafebi, . . . le matahoa, . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola baboki le bafebi.”—Ba-Heberu 13:4.
Ho thoe’ng haeba seng se khathatsa? Bibele e bontša hore banyalani ba bacha ba lokela ho hlompha batsoali ba bona. Leha ho le joalo, tlameho ea pele ea monna ke mosali oa hae. Jesu o itse: “Monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe feela . . . Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.” (Mattheu 19:5, 6) Banyalani ba bacha ba lokela ho amohela ka thabo temoso e tsoang ho batsoali ba bona. Empa ba se ke ba ba lumella ho laola bophelo ba bona.
Tataiso e Sebetsang
Ba bang ba ka ’na ba talima temoso ena e fetiloe ke linako lefatšeng la kajeno. Empa tlaleho ea lenyalo ke efe lebaleng la lenyalo? E mpe haholo. Leha ho le joalo, empa na u balile ka hloko se boletsoeng ke ba atlehisitseng manyalo a bona? Thabo ea bona ba e abela litšoaneleho tse ’nè tseo—le haeba ba ne ba ho tseba kapa che—li khothalletsoang ka Mangolong. Na u ka phea khang ka katleho?
Haeba re hlaolela boikutlo ba ho fana bo buelloang ke Bibele, na ho na le ho tla re lahlehela? Che. Ho fana e hlile ke karolo e ka sehloohong ea lenyalo. Bohle ba kenang lenyalong ba tela ho hong, empa, ha lenyalo la bona le atleha, ba fumana thabo e mennoeng halekholo. Hobane’ng? Hobane, “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.
U ka ’na ua re: ‘Ke khopolo e monate. Empa ha ho lenyalo le tsoellang joalo ka sebele.’ Karabo ke hore ho na le manyalo a mangata haholo kajeno a thabileng hobane banyalani ba loanela ho latela keletso ena ea Bibele. Le moo ho nang le mathata a tebileng, joaloka tabeng ea Alex le mosali oa hae—Mangolo a bontša sepheo se ka sebeletsoang. Haeba banyalani ba sebeletsa pakane eo hammoho, kapele ho latela litholoana tsa thabo.
Ho thoe’ng haeba e le a le mong oa banyalani ea lekang ho sebelisa metheo ee? Bothata joale bo ba boimanyana, empa tšepo e sa le teng. Ho molemo ha e mong ho ba nyalaneng a etsa lintho hantle ho e-na le ha ba etsa liphoso ka bobeli. ’Me ka mamello, litholoana tse molemo li sa ntsane li ka hlaha.
Monna e mong oa Korea o ne a shapa mosali oa hae ha a tahiloe. Mosali ha a ka a batla ho qhala kamano, le hoja bophelo bo ne bo le boima. Ho mosali, pakane ea lenyalo le thabileng e ne e lokela ho hahamalloa. Kahoo, a latela keletso ea Bibele a le mong, haholo temoso ea eona ka hore basali ba hlaolele ‘moea o mosa, o bonolo; hlopheho e ratehang ho Molimo.’—1 Petrose 3:4.
A mamella ka lilemo tse leshome le motso o mong. Na ho ne ho tšoaneleha? E, hobane qetellong monna oa hae o ile a susumeletseha hore a shebe buka ena ea tataiso ka boeena. Hobane’ng? Ha u botsa monna, o arabela hore “moea o mosa, o bonolo” oa mosali oa hae o ile oa mo susumeletsa hore a batle lekunutu la boitšoaro bo botle ba hae. A bona bohlale ba temoso ea Bibele ’me a fetola litsela tsa hae.
Lenyalo ruri e ka ba “e ’ngoe ea litsela tse khotsofatsang le tse finyellang ho hong ho fetisisang tsa ho phela.” Mohlomong hona ho ke ke ha re makatsa, hobane ea re neileng bophelo, Jehova Molimo, ke eena Ea re neileng lenyalo. (Pesaleme ea 36:9; Genese 2:18-24) ’Me ke eena Ea faneng ka buka ea tataiso, Bibele, ho re thusa hore re atlehise manyalo a rōna.
Kajeno mokhoa oa tsamaiso oa lenyalo o tlhaselong ka baka la likhatello tsa lefatše leo re phelang ho lona. Empa, kaha lenyalo le tsoa ho Molimo, le pholoha tlhaselo. ’Me haeba u latela keletso ea Molimo e tlalehiloeng Bibeleng, lenyalo la hao le tla pholoha, ’me le uena u tla fumana e le tsela e khotsofatsang ka ho fetisisa ea ho phela.