Lentsoe la Molimo Lea Phela
Mokhoa oa ho Thabela Bophelo bo Thabileng ba Lelapa
NA LE kile la hlokomela hore Lentsoe la Molimo le ka le thusa ho thabela bophelo bo thabileng ba lelapa? Haeba keletso eo le fanang ka eona ho litho tsa lelapa e sebelisoa, melemo e tla ba meholo. Na u monna? Haeba ho joalo, nahana hore na Lentsoe la Molimo le re’ng ho uena.
TŠEPAHALA HO MOSALI OA HAO
Bibele e phehella hore: “Lōna banna, ratang basali ba lōna.” “U thabele mosali oa bocha ba hao, . . . u ka hapuoa joang ke mosali oa letekatsi? ua ikamahanya joang sefuba sa mosali osele na?”—Ba-Efese 5:25, 28; Liproverbia 5:18-20.
Haeba monna o tla ela hloko keletso e joalo ea Bibele, ho tla tlatsetsa thabong ea lelapa. Hape, mosali oa hae o tla khothalletsoa ho sebelisa keletso ea Bibele le eena. Basali ba phehelloa ho etsa joang?
HLOMPHA MONNA OA HAO
“Mosali eena a hlomphe monna oa hae,” ho rialo lentsoe la Molimo. (Ba-Efese 5:33) Ho hlōleha ho ela hloko keletso ena ha basali ke lebaka le leholo la hore banna ba bang ba hlonamele basali ba bona. Mosali o bontša ho hlompha ka ho tšehetsa liqeto tsa monna oa hae le ka ho sebelisana le eena ka moea ’ohle. Ka ho phethahatsa karolo ea hae eo a e abetsoeng ke Bibele e le ‘mothusi le molekane’ oa monna oa hae, o nolofaletsa monna oa hae hore a mo rate.—Genese 2:18.
Ha bana ba hlaha ka lapeng, ba lokela ho hōlisoa joang? Lentsoe la Molimo le nea batsoali keletso efe?
LE BE LE SEBAKA SA BANA, LE BA KHALEMELE
Joaloka batsoali, ho hlokahala le itelle bana ba lōna, le be le bona boholo ba nako le ho ba nea taeo e hahang e tsoang Lentsoeng la Molimo. (Deuteronoma 11:19) Karolo e ’ngoe ea taeo e be khalemelo. Bibele e hlalosa hore “Bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana, empa thupa ea taeo e tla bo falatsa ho eona.” Ho khalemela, le haeba ho akarelletsa ho shapa, ke bopaki ba lerato la botsoali, joalokaha Bibele e re: “Ea hlokisang mora [kapa morali] oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.”—Liproverbia 22:15; 13:24; 23:13, 14; Ba-Efese 6:4.
Hore na bana ba itšoara joang le hona ho amana haholo le hore na lelapa le tla thaba kapa che. Lentsoe la Molimo le ba phehella ho etsa joang?
UTLOANG BATSOALI BA LŌNA
Bibele e re: “Bana, utloang batsoali ba lōna Moreneng, hobane ke ntho e lokileng.” Ho tebile hakae? Maele a Bibele a bontša ka hore: “Leihlo la motho ea somang ntat’ae, ea nyelisang thuto ea ’m’ae, makhoaba a molapo a tla le honya, malinyane a ntsu a le je.” Joalokaha u bona, ho utloa le ho hlompha batsoali ba hao ke taba e tebileng haholo ho Molimo.—Ba-Efese 6:1; Liproverbia 30:17.
Na kannete u batla ho thabela bophelo bo thabileng ba lelapa? U ka ho etsa. Hase lekunutu hore na ho finyelloa joang. ’Mōpi oa lelapa o fane ka metsoako, kapa tataiso, bakeng sa ho atlehisa bophelo ba lelapa. Haeba setho se seng le se seng sa lelapa se ka ithuta le ho sebelisa keletso ea Bibele, hona ruri ho tla tlatsetsa thabong ea lelapa.