Lipotso Tse Tsoang ho Babali
▪ Na ho lokile ho tlōla molao oa Molimo ho pholosa bophelo, joalokaha ho nahanoa hore ho joalo ho ea ka Mattheu 12:1-8?
Le hoja batho ba nang le pono eo ba ’nile ba supa Mattheu 12:1-8 ho itšehetsa, ho nahanisisoa ho hlokolosl ha Mangolo ho bontša hore ke qeto e sa nepahalang.
Barutuoa ba Jesu ba kha liqoapi ha ba feta tšimong ea koro, joalokaha ho ne ho lumelloa ke Molao. (Levitike 19:9, 10; Deuteronoma 24:19-21) Bafarasi ba ba nyatsetsa ho etsa sena ka sabbatha. Baeta-pele bana ba bolumeli ba ne ba ekelitse Molao ka litlhaloso tse ngata-ngata, haholo ka hore na ke “mosebetsi” ofe o lokelang ho etsoa ka sabbatha. Ka melao ena ea batho, le maikutlo a e hlohlelletsang, barutuoa ba ne ba le molato ka seo ba se entseng ka mosebetsi oa mofuta e ’meli, ho kotula (‘ho kha’) le ho tšohla (‘ho li hohla matsohong a bona’). (Mattheu 12:1; Luka 6:1) Leha ho le joalo, Jesu a re:
“Na ha lea ka la bala ho entsoeng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le eena; kamoo a kileng . . . a ja mahobe a pontša, a neng a sa lokele ho jeoa ke eena le ke ba nang le eena, e le a baprista ba ’notši? Kapa ha lea ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a sabbatha, baprista ba tlōla molao oa sabbatha tempeleng, ’me ha ba na molato? ’Me ke re ho lōna: Ho teng mona ho hoholo ho tempele. Hola la tseba ho lekanntsoeng ha ho thoe: Ke rata mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la tsoa ba se nang molato. Hobane mor’a motho ke morena le oa sabbatha.”—Mattheu 12:3-8.
Kreste o ne a bua ka ketsahalo ea ha Davida le banna ba hae ba ea ho Moprista e Moholo Akimeleke Nobe ka ho balehela Morena Saule oa sekoeta. Davida a bontša hore o tsoile ka thōmo ea lekunutu ea morena ’me a kōpa bohobe. Akimeleke a re ho eena: “Ha ke na bohobe feela; bo leng teng ke bohobe bo khethehileng, ha ekaba bahlankana ba ipolokile basaling.” O ne a bolela bohobe ba pontša, bo neng bo etsoa ka mahobe a leshome le metso e ’meli a sa lomosoang a beoang beke le beke tafoleng ka Sehalalelong sa tabernakele. Kaha ho ne ho beoa mahobe a macha ka sabbatha se seng le se seng, a khale a ne a tlosoa ’me e e-ba a “Aarone le a bara ba hae”, hore ba a jele sehalalelang. Davida a hlalosa hore bahlankana ba hae ba hloekile, ’me a kenyelletsa hore ka tsela eo ba ne ba halalela, ba tsoile ka thōmo ea motlotsuoa oa Jehova. Kahoo Akimeleke “a mo fa . . . bo khethehileng, . . . bohobe bo tlositsoeng pel’a Jehova.”—1 Samuele 21:1-6; Levitike 24:5-9.
Leseling la sena sohle, ho thoe’ng ka maikutlo a hore melao ea Molimo e ka hlokomolohuoa ‘haeba bophelo bo le kotsing’? Batho ba ’nile ba nahana hore: ’Molimo o ile oa hlokomoloha ho tlōla ha Davida molao o tebileng ha bophelo ba hae bo le kotsing; le Jesu hape a khothalletsa ho tlōla sabbatha ’me a bolela hore motho a ka etsa botle ’me a pholosa moea ka sabbatha.’ (Luka 6:9; Mattheu 12:11, 12) Leha ho le joalo, ho bonahala monahano o joalo o thetsa le ho hanana le Bibele.
Ka mohlala, monahano ona o nka hore u amohele maikutlo a hore Davida le barutuoa ba Jesu ba ne ba le maemong a ‘lefu kapa bophelo.’ Empa na ho joalo? Bibele ha e bolele hore Davida le banna ba hae ba ne ba le ntlheng ea tlala e isang lefung kaha ho ne ho se lijo tse ling tseo ba ka li fumanang. Ha e le hantle, ka litsebi tsa litšobotši tsa lefatše, Nobe e ne e le ka leboea hanyenyane ho Thaba ea Mehloare, limaele tse seng kae ho tloha Jerusalema le metse e meng e mengata. Ho bala tlaleho ka ho toba ho lumella qeto ea hore Davida le banna ba hae ba ne ba lapile feela ’me ba batla lijo ho eo ba mo tšepang. Ka ho tšoanang, Bibele e re bolella hore ha barutuoa ba Jesu ba “lapile” ka sabbatha ba ile ba kha le ho ja lijo-thollo. E tlameha e be ba ne ba jele ka lamaobane, ’me ka letsatsi le hlahlamang sabbatha ba ne ba ka reka lijo metseng e ba potileng. (Johanne 4:8; Mattheu 14:15) Kahoo, haeba motho a batla ho sebelisa liketsahalo tsena ho bontša hore na ke neng ho ka tlōloang molao oa Molimo, a ka ’na a bolela hape hore ka nako efe kapa efe eo batho ‘ba lapileng’ ho lokile ho tlōla melao ea Jehova. Ka ho totobetseng hoo ha hoa nepahala.
Leha ho le joalo, ho sa ntsane ho hlokahala hore re tsebe ka se boleloang ke Mattheu 12:1-8. Jesu o ne a senola pono e seng batsi le e fellang molaong ea Bafarisi. Re ka ananela sena hamolemo ka ho nahana ka taba ea sepheo sa sabbatha, le ka ho hlokomela ka hloko tlhaloso ea Jesu.
Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba sa lokela ho sebetsa ka sabbatha? Na sepheo e ne e le feela ho hanela mosebetsi? Che. E ne e le hore lintho tsa lefatše tse kang ho sebeletsa lijo le liaparo, li se ke tsa nka boholo ba nako ea motho le tlhokomelo. Tokisetso ea sabbatha e ne e ntšetsa pele borapeli ba ’nete ka ho tiisa hore batho ba ba le nako ea borapeli ho se tšitiso ea letho. (Exoda 20:8-11; Esaia 58:13) Jesu o khothallelitse kutloisiso ena ho e-na le pono e seng batsi ea Bafarisi.
A bolela hore le baprista ba sebeletsang tempeleng ba ne ba ka qosoa ka ‘ho tlōla molao oa sabbatha.’ Joang? Ha ke re baprista ba ne ba sebetsa ka thata ho hlaba liphoofolo tsa mahlabelo ka sabbatha. Na ba ne ba tlōla molao? Kreste o re baprista bao ‘ba ne ba se na molato.’ Tšebetso ea bona tempeleng, ho e-na le ho kena-kenana le borapeli, e ne e bo tlatsa. Ha Jesu (ea neng a le ‘moholo ho tempele’ ’me a ne a tla fana ka sehlabelo sa ho qetela) a ntse a tsamaea le barutuoa ba hae, ba ne ba ruta Lentsoe la Molimo ’me kahoo ba phahamisa borapeli ba ’nete. Kahoo, ba ne ba sa tlōle molao oa sabbatha ka ho khoahlapisa hoo ba ho jang. Leha e le hore e ne e le phoso molaong oa sabbatha, ho ea ka tlhaloso ea Jesu, ho ‘pholosa moea’ ka ho nyolla nku ka sekoting, le hoja e ne e le letsatsi la borapeli.—Mattheu 12:5, 11; Luka 6:9.
Hape, ka mantsoe a mang ‘e ne e le ho tlōla molao hore Davida a je’ bohobe ba pontša kaha Molao o ne o itse ke ba baprista. Empa leha ho le joalo moprista e moholo oa Jehova a bo nea Davida. Motheong ofe? Mahobe a neng a tlosoa tafoleng ea bohobe ba pontša a ne a “halalela,” a ke ke a tšoaroa joaloka bohobe feela, joalokaha bo ne bo ka neoa mosebetsi feela tjee kapa ba jeloa monate ha ho ikhathollotsoe. Bo ne bo lokela ho jeoa ke baprista, banna ba tšebeletsong ea Molimo. Kahoo ha Davida a fihla ka seo ho neng ho bonahala e le thōmo e khethehileng e tsoang ho morena ea tlotsitsoeng oa Molimo, ’me moprista e moholo a fihlela qeto ea hore bahlankana ba hloekile, e ne e se phoso ho ba arolela bohobe ba pontša. Ho ne ho le tumellanong le tšebeliso ea sehlooho eo Molimo o neng o bo lokiselitse eona.
Bapisa hona le ketsahalo ea ha masole a lebothong la Saule a Baiseraele a tlōla molao oa Molimo ka mali, joalokaha ho boleloa ho 1 Samuele 14:32-35. Ba ne ba bile ntoeng le Bafilista, lira tsa batho ba Jehova. Ba khathetse ba bile ba lapile ke ntoa, Baiseraele ba bang ba bolaea liphoofolo ’me ba “li jelella hammoho le mali.” Le haeba ho ka tsekoa hore mona e ne e le taba ea ho fumana lijo ka baka la tlala e matla kapa e ne e le boemo ba tšohanyetso, ho tlōla molao oa mali e ne e le ho sa beheloeng lebaka. E ne e le ho ‘siteloa Jehova,’ ’me ho ne ho hloka hore ba ‘sitetsoeng Jehova ka ho jelella le mali’ ba etsetsoe mahlabelo a khethehileng.
E ne e le sebe hobane ha o fana ka molao oa mali Molimo o ile oa bolela hore le hoja batho ba ka ja nama ea liphoofolo hore ba phele ba ne ba ke ke ba iphelisa ka ho ja mali. (Genese 9:3, 4) Ha a ka a fana ka monyetla oa ho tlōla molao oo haeba ho bonahala hore ‘bophelo bo kotsing.’ ’Mopi a laela hore mali aa halalela. Ho pholosa bophelo ka mali ho ne ho sa lokela ho etsoe ka ho a ja ka tsela efe kapa efe. Empa bophelo bo sa feleng bo ne bo tla fumanoa ka hore Kreste a tšolle mali a hae sehlabelong.—Ba-Efese 1:7.
Tlaleho ea Bakreste ba pele ba ileng ba beoa tekong ke babusisi ba Baroma e lumellana le sena ’me e bontša kamoo re ke keng ra nahana hore molao oa Molimo o ka tlōloa maemong a ‘lefu kapa bophelo.’ Ka linako tse ling teko ea bona e ne e le hore ba je nama e sitsoeng e nang le mali kapa ba shoe ka lebaleng la lipapali. Na Bakreste ba ne ba tla tlōla molao oa Molimo ka mali ’me ba latole hore ba ema le Oona? Kapa, ha ba hatelloa hore ba chesetse molimo oa ’musisi libano, na ba ne ba tla tlōla molao oa Molimo ka borapeli ba litšoantšo? Pale e paka hore Bakreste ba tšepahalang ba ile ba hana ho tlōla melao ea Molimo leha bophelo ba bona ba hona joale bo ne bo le kotsing. Le hoja ba ile ba lahleheloa ke bophelo ba bona ka ho mamela molao oa Jehova, ba ne ba tiiselitsoe bophelo bo sa feleng.—Mattheu 16:25, 26.
Ka baka leo, Mangolo ha a buelle maikutlo a hore melao ea Molimo e ka tlōloa maemong a thata. Ho e-na le hoo, rea bolelloa: “Mo re tsebang hobane re rata bana ba Molimo, ke ha re rata Molimo, ’me re boloka litaelo tsa oona.”—1 Johanne 5:2.