Hase Polao?
“Monna ea hlabileng mosali oa moimana ea lilemo li 29—a mo bolaela lesea le e-so hlahe—a ke ke a qosoa ka polao ha a tšoaroa,” ho bolela New York Post. Hobane’ng? Hobane “molao oa naha—o etselitsoeng ho sireletsa lingaka tse ntšang limpa hore li se ke tsa qosoa ka polao—o bolela hore lefu la lesea le e-so hlahe le ka tlase ho likhoeli tse 6 hase ho bolaea motho, le haeba litho tsa lona tsa bohlokoa le matsoho le maoto li holile ka botlalo,” ho arabela Post. ’Me ka hona mofutuheli oa hae, ea ileng a hlokomoloha kōpo ea mosali hore a se mo ntše kotsi kaha e le moimana, o tla qosoa feela ka ho mo beta le ho mo hlaba.
Haele hantle, melao ea batho e khelohile molao oa Molimo hakaakang! Bibele e boletse hore haeba monna a bakile “kotsi e isang lefung” ea lesea le e-so hlahe la mosali, “u tla lefa bophelo ka bophelo.” Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore haufi toka ea ’nete e tla rena, ’me ho tla ba le tlhokomelo e loketseng bakeng sa bophelo ba batho bohle ha thato ea Hae e etsoa holim’a Lefatše.—Exoda 21:22, 23; Mattheu 6:10.