Ho Rua Molemo ka Letsoalo Leo U le Filoeng ke Molimo
“Pelong ea hae o na le molao oa Molimo oa hae, maoto a hae a ke ke a thella.”—Pesaleme ea 37:31.
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka tataiso ea matsoalo a rōna? (Liproverbia 12:15; 14:12)
LE HOJA Molimo o sa nea Bakreste letoto la melao, o re file melao, kapa litaelo tse tobileng, le metheo e mengata eo re ka e sebelisang tumellanong le tumelo ea rōna le letsoalo. Empa ke taba e ’ngoe ho ba le letsoalo, le e ’ngoe hape ho rua molemo o feletseng ka lona. Batho ba bangata ba ikutloa hore ‘ha ntho e sa tšoenye letsoalo la ka, e lokile.’ Na monahano oo o nepahetse?
2 Bibele e bontša hore ka baka la nama ea rōna ea boetsalibe matsoalo a rōna a ka re lahla; a fokola, a thetsa kapa a silafala. Re ka ananela hamolemo kotsi ea pono ea hore “letsoalo la hao e be motsamaisi oa hao” ka ho nahana ka baahi ba lekholong la pele la lilemo ba Kreta, ba neng ba tsejoa e le “mahata ka mehla, ke liphoofolo tse mpe, ke limpa tse botsoa.”—Tite 1:10-12.
3. Letsoalo le bile le phello efe ho Bakreta?
3 Joaloka batho bohle, Bakreta ba ne ba e-na le matsoalo ao ba tsoetsoeng le oona. Empa ba ne ba sa rue molemo ka oona. Ha a ngolla Tite Kreta, moapostola Pauluse a re: “Ntho tsohle li hloekile ho ba hloekileng; empa ha ho ntho e hloekileng ho ba litšila le ho ba sa lumelang; ba silafetse lipelo le matsoalo.” (Tite 1:15; Ba-Roma 2:14, 15) Bakreta ba bangata matsoalo a bona a ne a se na kelello, e le a sa ba thuseng ho ba le boitšoaro bo botle kapa bo hloekileng. (1 Timothea 4:2) Ho Bakreta ba bangata ‘ho ne ho se letho le hloekileng.’ Joang? Ka matsoalo a sa hloekang ba ne ba shebile boemo bo bong le bo bong e le monyetla oa ho etsa bokhopo. Mohlomong ba ne ba re, ‘Ha ho tšoenye letsoalo la ka.’ Empa ho tlameha e be ho ne ho le tšoenya! Leha ho le joalo, Bakreta ba bang ba Bajode kapa ba sokolohileng ba ne ba le Jerusalema bakeng sa Pentekonta ea 33 C.E. Tsebo ea bona ea moea e ne e tlameha ho ba thusa ho qoba ho ba mahata, liphoofolo tse mpe le limpa tse botsoa. ’Me ba ileng ba amohela Jesu ba thusoa hape ke lithuto tsa hae hore ba be le matsoalo a matle a sebetsang.—Liketso 2:5, 11; Tite 1:5; 2:2-5; 3:3-7.
4, 5. Re ka ithuta eng ka letsoalo tabeng ea Pauluse?
4 Leha ho le joalo, letsoalo le ka thetsa le motho ea phetlehetseng Lentsoeng la Molimo le ea batlang ho etsa se nepahetseng. Saule kapa Pauluse, o ne a tloaelane le Mangolo ’me ka cheseho a rapela tumellanong le Molao. Empa a sitoa ho nka leoto le ho sebetsahala ho tsoelang pele ha thato ea Molimo. Hoba Messia a fihle, a bolele le ho shoa phethahatsong ea boprofeta, eaba Pauluse o ntse a sebelisa Bofarisi ba Bojode. Letsoalo la hae ha lea ka la mo hanela ho “hlorisa kereke” le “ho sokela le ho bolaea barutuoa ba Morena.”—Ba-Filippi 3:4-6; Liketso 9:1, 2.
5 Mehlala ena e bontša hore matsoalo a rōna a ka ’na a re lahla. Kaha re talimane le liqeto tse ngata tse sa koaheloeng ke melao e tobileng ea Bibele empa e le litaba tsa letsoalo, ho hlokahala hore re tsebe hore na re ka koetlisa matsoalo a rōna joang le ho rua molemo o moholo ka oona. Re tla buisana ka lintlha tse tharo.
Lentsoe la Molimo le Bontša Eng?
6, 7. Tsela e ’ngoe eo Lentsoe la Molimo le ka e thusang ka eona ke efe litabeng tsa letsoalo?
6 Lentsoe le phethahetseng la Molimo le na le ho hongata ho ka re beang leseling ka hore na Molimo o nahana joang, kapa ka metheo ea oona, le ho ruta matsoalo a rōna. Joalokaha ho se ho hlokomelehile, Josefa o ne a se na molao o ngotsoeng oa Molimo o hanelang bofebe. Empa letsoalo la Josefa le ne le rutiloe ka nepo. Ntle ho pelaelo o ile a bea lebaka la hore Molimo o ne o rerile hore monna le mosali (ba babeli) e be nama e le ’ngoe, ntle ho ho kenella ha motho oa boraro oa mofebi. ’Me ruri Josefa o ne a tseba ka phihlelo e amang motsoalle oa Molimo, Abrahama, e neng e bontša boemo ba Molimo ka bofebe.—Mattheu 19:5; Genese 2:24; 20:1-18.
7 Re ka rua molemo ka ho tšoanang. Ka mohlala, re ka ’na ra talimana le qeto e buang ka ho amohela memo ea ho ea lijong kapa ho sebetsa le motho oa bochaba bosele, morabe kapa semelo. Eo ke taba eo motho a ka iketsetsang qeto ka boeena. Leha ho le joalo, haeba re montse ka Bibeleng boikutlo ba Molimo ba ho se ee ka tšobotsi le ho se ee ka leeme, letsoalo la rōna le rutehileng le tla hlōla khethollo efe kapa efe e neng e re potolohile ha re hōla. Re tla sebetsa ka tšoanelo. (Liketso 10:34, 35; Jakobo 2:1-4) Kahoo le rōna metheo ea Bibele e ka re thusa.
8. Ha re talimana le qeto ea letsoalo, re lokela ho etsa joang?
8 Ha ho hlokahala hore re etse qeto ka taba hore re ‘be le letsoalo le letle,’ re lokela ho batla se boleloang ke Jehova se amanang le taba, hobane hoo ho lokela ho ama matsoalo a rōna le liqeto tsa rōna. (1 Petrose 3:16) Ntle ho ho batla melao e totobetseng, re tlameha ho thahasella hore na ho na le metheo leha e le efe e amanang le eona. Na Jesu o ile a etsa kapa a bua ho hong ho bontšang hore na o ne a nahana joang ka qeto e joalo? Re ka etsa lipatlisiso lithusong tsa ho ithuta Bibele tse buang ka taba. Ebile re ka bonana le Bakreste ba bang ba ka ’nang ba re thusa ho fumana metheo e amehang ea Bibele. Koana, bohato bona bo se ke ba nkoa ka maikutlo a hore ba jare boikarabelo ba rōna, leha e le hore re ka botsa, ‘Haeba e ne e le uena, u ne u tla etsa joang?’—Ba-Galata 6:5.
9. Pakane ea rōna ke efe ha re etsa qeto ka likhang tsa letsoalo?
9 Maemong ao ho lokelang hore ho etsoe liqeto tsa botho, Bakreste ba ’nete ba lokela ho latela tsela e tla ba sia ka letsoalo le sa tšoenyehang le le hloekileng mahlong a Molimo. Ba nke matla a ho bua tjena e le a bohlokoa: “Thoriso ea rōna ke ho emeloa ke letsoalo la rōna, hoba re tsamaile lefatseng, haholo-holo har’a lōna, . . . e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau oa Molimo.” (2 Ba-Korinthe 1:12) Hore na Mokreste o rata Jehova hakae le metheo ea hae ho ka bontšoa ka seo a etsang qeto ka sona litabeng tsa letsoalo.
Ba Bang ba Tla Ameha Joang?
10, 11. Khang ka lijo Korinthe ea boholo-holo e bontša eng ka tšobotsi ea bobeli ea litaba tse amang letsoalo?
10 Kaha Bakreste ba batla ha matsoalo a bona a ba susumeletsa ho etsisa Molimo, kameho e lerato ka ba bang e lokela ho ba tšusumetso e ka sehloohong liqetong tse amang letsoalo. Tšobotsi ena e ile ea kenella tabeng ha Pauluse a ngola ka litaba tse sa tšoaneng tse amanang le lijo.
11 Ka phutheho ea Korinthe ho ile ha hlaha taba e amang nama e neng e hlabetsoe setšoantšo. E ne e tla ba borapeli ba litšoantšo hore Mokreste a je nama e hlabetsoeng litšoantšo nakong ea tšebeletso ea setšoantšo. Empa Pauluse a hlalosa hore e ne e se sebe ho ja nama e setseng e rekisoang ntlong ea lijo ea khoebo e ahisaneng le tempele kapa ’marakeng oa nama. (1 Ba-Korinthe 8:10; 10:25; Liketso 15:29) Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba neng ba kile ba rapela litšoantšo ba ne ba e-na le matsoalo a fokolang ka ho ja nama e joalo leha e se e rekisetsoa bohle ntle ho likamano tsa bolumeli. Le hoja a ne a sa khothalletse matsoalo a fokolang, Pauluse a phehella hore ba bang ba nahanele baena bana. E ne e tla ba ho hloka lerato hore bana ba etse ntho e neng e ka ’na ea khopisa bana kapa hore ba ikutloe ba lokolohile ho kopanela borapeling ba litšoantšo hape.
12, 13. Ke hobane’ng ha ho lokela hore ho nahaneloe pono le matsoalo a ba bang? Bontša.
12 Pauluse o bontšitse boikutlo boo re bo hlokang kaofela ha rōna: “Ekare ha sejo seo [kapa eng kapa eng[ se ka khopisa ngoan’eso, nke ke ka hlola ke e-ja nama le ka mohla o le mong.” Haeba, tabeng e matsoalong a rōna, ’me ka baka leo re ka nka bohato ka bolokolohi, re hlokomoloha matsoalo a ba bang ’me kahoo ‘re senya bana babo rōna bao Kreste a ba shoetseng,’ re ka lahleheloa ke boemo ba rōna bo botle ho Molimo. Pauluse a botsa: “Ho se tšabe ha ka ho ka tsuoa joang ke letsoalo la e mong?” (1 Ba-Korinthe 8:3, 11-13; 10:29) Le hoja motho ka mong a ikutloa hore ke ‘taba ea botho ea letsoalo,’ haeba e senya ba bang e ka etsa hore a ahloloe ka boiphetetso ke Jehova. Hona ho bontša kamoo e ka bang thetso ho nahana hore ‘haeba ho letsoalong la ka, ho lokile.’
13 Nahana ka phihlelo ea banyalani ba neng ba ithuta Bibele, ba ba teng libokeng ba le haufi le ho kolobetsoa. Moholo ka phuthehong a bolella monna ka hore o ile a thabela baesekopo eitseng. Monna a arabela, ‘Eng! U ea libaesekopong tse lumelloang batho ba baholo feela ka baka la boitšoaro ba tsona?’a Moholo a leka ho ikemela ketsong ea hae, a bolela hore tse ling tsa libaesekopo tsena (tseo le lefatše le li belaellang) li molemo haeba ho hlokomolohuoa litšobotsi tse nyatsehang. Empa ho bonahala hore monna o ile a ameha. Kamorao ho moo ha a ka a hlola a tsoela pele joaloka mosali oa hae. Hoja moholo o kile a nahana ka litemana tse kang Ba-Kolosse 3:2-8, Ba-Efese 5:3-5 le Mattheu 7:12, mohlomong li ka be li ile tsa ama letsoalo la hae le boitšoaro ba hae.—1 Ba-Korinthe 9:22, 25-27.
14, 15. Matsoalo a sehlopha sa baholo a ka ama joang litaba tse ling tsa botho?
14 Ho nahanela ba bang ho boetse ho ama ho se ba kōpe ho lumella ntho e hananang le matsoalo a bona. Ka mohlala, baholo ba phutheho ba ikarabella ka ho lumella litšebeletso tsa manyalo Holong ea ’Muso, hore na li tla tsamaisoa joang, hore na holo e khabisoe joang, le tse ling.b Baholo ba phutheho e ’ngoe ba ngola hore: “Lechatong le leng baetsana bohle ba ile ba kena ba iphoka moea ka matsoho. Lechato le latelang la tlameha ho hlōlisa la pele, kahoo baetsana ba kena ba bilikisa li-umbrella. La boraro la tlameha ho ba leholo ho feta moo le ho ba molemo ho feta moo; ba ne ba batla baetsana ba mashome a mabeli ba baroetsana le bahlankana ba mashome a mabeli. Joale holo e ne e sebelisoa e le lebala la tlhōlisano.”
15 Na ee e ne e le ‘taba ea letsoalo’ bakeng sa ho etsetsoa qeto ke motho ka mong? Che. Le haeba letsoalo la ba nyalanang le ka ba lumella ntho e feteletseng kapa e majaba-jaba, matsoalo a sehlopha sa baholo a ke ke a hlokomolohuoa. Le hoja ba sa batle ho hatella ka tatso ea bona ea botho, pelong ba hopoletse khotso, tumellano le boemo ba moea ba phutheho ka kakaretso. ’Me ba lokela hore ka matsoalo a matle ba be ba thusa batho bohle ho ‘tseba hore na ba lokela ho itšoara joang ka tlung ea Molimo, e leng tšiea le motheo oa ’nete.’—1 Timothea 3:15; 1 Ba-Korinthe 10:31.
16. Haeba u tlameha ho etsa qeto ka taba e letsoalong la hao, u lokela ho nahana eng?
16 Kahoo, ha re talimane le qeto ‘tabeng ea letsoalo,’ ho hlokahala re buse mehopolo, (1) hore na Lentsoe la Molimo le re’ng ka eona, le (2) kamoo qeto ea rōna e ka amang le ho kenyelletsa ba bang. Leha ho le joalo ho na le tšobotsi ea boraro ea bohlokoa.
Re Tla Ameha Joang ka Borōna?
17. Letsoalo le ile la ama moena oa Motse oa New York joang?
17 Makasine ea Natural History ea Phato 1980 e ne e e-na le taba ea baromuoa ba Motse oa New York ba tsamaisang liphutheloana tse potlakileng le mangolo libakeng tsa motse tsa khoebo. Har’a mehlala ea banna ba sebetsang mosebetsi oa mofuta ona, rea bala: “Donald, moromuoa ea lilemo li 41, o khona ho phelisa mosali oa hae le mora ea lilemo li 15 ka seo a se amohelang. Donald o ne a sebetsa moo ho etsoang libaesekopo, empa a tlohela mosebetsi oa hae hobane, joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a ke ke a khothalletsa karolo eo a neng a e phetha ho etseng ntho ea bootsoa. Ha a utloe letsoalo la hae le lokolohile feela ha e le moromuoa empa hape a ka tloha mosebetsing ka boikhethelo ba hae ho ea sebetsa nako e ngatanyana boboleling ba hae.”
18. (a) Moena eo o ne a ka ’na a fihlela qeto ea hae joang? (b) U ka ithuta eng ka see?
18 Ho na le mabaka a mangata a amehang tabeng ea mosebetsi oa khiro (bona lebokose le tlase mona). Ho tšoana le tabeng ea Donald, Mokreste a ka ’na a sebeletsa feme e etsang lifilimi tsa libaesekopo—lifoto, libaesekopo tse ka bontšoang lapeng, ho phatlalatsa lifilimi, libaesekopo tsa khoebo. Butle-butle ho kenella taba ea bootsoa. Kae-kae letsoalo la Mokreste le tla qala ho mo tšoenya. A ka ’na a fumana hore eena ka boeena o qobelloa ho ameha bootsoeng kapa mosebetsi o mong oo e seng oa molao. Le haeba e le ka baka la ho khetholloa le feme e sebetsang bootsoa kapa ka baka la hore a kōpuoe ho etsa seo a ka kopuoang hore a se etse, a ka ’na a fumana hore o tlameha ho tlohela e le hore a ka lula a ‘sa nyatsuoe,’ e leng taba ea bohlokoa haholo ho batho ba nang le litokelo tse khethehileng ba phuthehong kapa ba li batlang. Ha a batla mosebetsi o mong, ka tšepo a ka lebella tlhohonolofatso ea Jehova. (1 Timothea 3:2, 8-10; Ba-Roma 13:5) Ntle ho pelaelo ho na le Bakreste ba bangata ba tlohetseng mesebetsi e joalo ho e-na le ho busoa ke litšila. (Bapisa Mattheu 5:28) Kahoo, ha re talimane le qeto ea letsoalo, re lokela ho botsa: ‘Ha ke etsa ntho ena kapa ke hana ho e etsa, e tla nkama joang?’ Ruri re se ke ra hlokomoloha matsoalo a rōna, re a chesa ’me kahoo re a nolofaletsa ho etsa ho hobe kamoso.—1 Timothea 4:2; Juda 10; Ba-Efese. 4:18, 19.
19, 20. (a) Letsoalo le tumelo li ka sebetsa ka matla joang ho susumetsa tšebeletso ea rōna? (b) Leha re ruile kapa re sa rua, takatso ea rōna e lokela ho ba efe?
19 Ha re busa menahano ka qeto ea letsoalo eo Donald a ileng a e etsa, re ke re hlokomele hore ntle ho hore a batle kamano e amohelehang le Jehova, o ne a lakatsa ho bolela tumelo ea hae haholoanyane. Hona ho lumellana le ho amahanya ha Pauluse letsoalo le tumelo: “Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tsoang pelong e hloekileng le letsoalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso.”—1 Timothea 1:5.
20 Hoa babatseha ha tumelo ea motho le takatso bakeng sa letsoalo le letle li mo susumelletsa ho lokisa e le hore “maoto a hae a se ke a thella” le hore a ka fana ka nako e ngata le tlhokomelo ho jaleng ‘morero ’ohle oa Molimo.’ (Liketso 20:26, 27) Leha ho le joalo, re lokela ho talima ba bang bao maemo a bona ho bonahalang a ba lumella ho bolela haholoanyane empa ba sa etse joalo joang? Mohlomong ba lefuoa chelete e ngata ke mesebetsi ea bona kapa khoebo ’me ho bonahala ba se ba e-na le lichelete tse lekaneng bakeng sa bophelo bo monate tsamaisong ena. Leha ho le joalo, ho e-na le ho nyakalla mosebetsing oa nako e tletseng oa ho etsa barutuoa e le bo-pula-maliboho, ba ntse ba sebetsa ho atolosa likhoebo tsa bona, malapa le menate.c (Bapisa Mareka 10:17-22; Luka 12:16-21.) Ha ho matleng a rōna ho ahlola ba bang libakeng tse joalo, hobane “motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo bakeng sa tsa hae.” Ho e-na le hoo, tumelo ea rōna ntle ho boikaketsi e ke e re khannele ho sebeletsa Molimo ka botlalo e le hore re ka thabela letsoalo le hloekileng.—Ba-Roma 14:1-4, 10-12.
Ho Tataisoa ke Letsoalo le Letle
21. Matsoalo a rōna a ka ba le phello efe e sebetsang ho rōna?
21 Letsoalo le rutehileng hantle le le sebetsang la Bokreste le tla re tataisa hore re etse botle. Le entse joalo tabeng ea Pauluse. O ne a thahasella “banab’abo,” Bajode bahabo, hoo a ileng a ngola: “Letsoalo la ka le emelana le ’na ka Moea o Halalelang, ha ke re: Ke utloa bohloko bo boholo, sello se sa feleng se teng pelong ea ka.” (Ba-Roma 9:1-3) E, a etsa sohle se matleng a hae ho kopanela litaba tse molemo tsa Bokreste le bona.
22. Ke hobane’ng ha letsoalo le ka re susumetsa le ho feta melao?
22 Ho be joalo le ka rōna. Haeba re ananela molemo oa letsoalo leo re le filoeng ke Molimo, re ke ke ra sekamela ho nahana ka melao feela. Melao e ka ’na ea totobatsa litlhokahalo tse itseng, kapa lipakane. Empa letsoalo le susumetsoang ke lerato le tumelo ho bonolo hore le re hloke ho hongata, le re susumelletsa boitelong bo boholoanyane le ho se ikhabe. Ka tsela eo ruri re tla rua molemo matsoalong a rōna. A tla re boloka linthong tse ka ’nang tsa fella ka ho se amohelehe ho Molimo, ’me a tla re thusa ho etsa lintho tseo a li amohelang kannete. Ho joalo haholo ha matsoalo a rōna a re susumelletsa ho beng le kabelo e kholoanyane ho boleleng litaba tse molemo. Ke molemo ofe o ka fetang seo Pauluse a se boleletseng Timothea? O itse: “U ke u itebele, u lebele le eona thuto; me u tiee teng; hobane, ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.”—1 Timothea 4:16.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a United States libaesekopo tse boleloang e le tsa batho ba baholo feela li nkoa li sa lokele ho shejoa ke batho ba ka tlase ho lilemo tse leshome le metso e supileng (ntle leha ba e-na le batsoali kapa mohlokomeli) ka baka la sehlooho kapa botona le botšehali, pefo kapa litšila.
b Bona The Watchtower ea la 1 May, 1974, maqephe 274-277.
c Phutheho ea moo e ka fumana molemo ka bopula-maliboho ba eketsehileng. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba lapileng moeeng ba fumanoa libakeng tseo ba ’maloa ba ka fallelang ho tsona kaha ha li na menyetla ea mosebetsi. Ke lehlohonolo le lekaakang ha Bakreste ba emeng hantle licheleteng ba arabela lipitso tse joalo tsa thuso!—Liketso 16:9, 10.
Na u sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho ikutloa hore ‘Haeba ntho e sa tšoenye letsoalo la ka, e tlameha e be e nepahetse?’
◻ Ha u talimane le taba e letsoalong la hao, mabaka a mararo ao u lokelang ho a nahana ka botebo ke afe?
◻ Letsoalo le lokela ho ba le matla afe ho roriseng ha hao Molimo pontšeng?
[Lebokose le leqepheng la 28]
Lintlha tsa Khiro tse ka Nahaneloang
Ha Mokreste a tlameha ho etsa qeto ka mosebetsi o itseng, o lokela hore pele a nahane ka hore na o tla be a etsa’ng. A ka ’na a nahanela lintlha tsena tse peli:
Na Bibele e nyatsa mosebetsi oo?
Bibele e nyatsa lintho tse kang ho utsoa, borapeli ba litšoantšo ie tšebeliso e mpe ea mali, kahoo Mokreste a ke ke a kenya letsoho mosebetsing oo ka ho toba o ntšetsang pele lintho tsena.
Na ho etsa mosebetsi ho tla amahanya motho haufi le mokhoa o nyatsuoang hoo e ka bang paki motšoaeli oa bobe ka ho totobetseng?
Le ho ba mohlokomeli kapa moamoheli oa baeti bankeng ea mali kapa moo ho etsoang lihlomo tsa ntoa ho amahana ka ho toba le mosebetsi o hananang le Lentsoe la Molimo.—Levitike 17:13, 14; Esaia 2:2-4.
Ntle ho seo motho a tla beng a hlile a se etsa, lintlha tse ling tse eketsehileng li ka ’na tsa amana le taba ka ho toba:
Na mosebetsi ke tšebeletso ea botho e sa fosahalang ka Bibele?
Motsamaisi oa poso o etsa tšebeletso ea ho isa poso malapeng kapa libakeng tsa khoebo. Na e tla ba phoso ha Mokreste har’a libaka tseo a isang poso ho tsona e le malapa a seng makae a masholu kapa feme e rekisang litšoantšo tsa borapeli?—Mattheu 5:45.
Motho o na le taolo e kae ho se etsoang?
Mokreste ea nang le lebenkele a ke ke a kenya le ho rekisa litšoantšo tse rapeloang kapa nama e sitsoeng e nang le mali. Ha a boemong bo tšoanang le motho ea sebetsang “supermarket” e rekisang lisakarete kapa lijo tse nang le mali har’a lintho tse ling tse likete-kete.
Motho o ameha ho isa kae?
Mosebetsi ea amohelang chelete ’me a tšoara lisakarete ka nako e ’ngoe a ka ’na a fihlela qeto ea hore boemo ba hae ha bo tšoane le mosebetsi e mong ea beang lintho tsena moo li beoang hoo e ka bang letšehare lohle.
Chelete ea moputso e hlaha hokae kapa hore na e lefuoa hokae?
Naheng eo ho eona ’muso o neileng kereke bohlokomeli ba mananeo ’ohle a tsoelopele, motho a ka ’na a fumana cheke ea hae ea moputso ka mokhatlo oa bolumeli. Empa mosebetsi oo a hlileng a o sebetsang oa ho hloekisa libaka tsa boikhathollo tsa sechaba o se thepeng ea kereke. Leha e le hore tlhaho ea oona ke oa bolumeli kapa hore o talingoa e le ho ntšetsa pele borapeli ba bohata.
Phello e akaretsang ea ho etsa mosebetsi o itseng ke efe?
Na ho sebetsa mosebetsi ho tla khopisa ba bangata, o etsa hore motho ‘a nyatsehe’? (1 Timothea 3:2, 10) O tla ama letsoalo la mosebetsi joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mokreste e mong a ka ’na a u thusa ho fumana seo Lentsoe la Molimo le se bolelang tabeng ea letsoalo
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Nahana kamoo liqeto tsa hao kapa liketso li ka amang ba bang