Ha U-ua Tsofala Hoo u ke Keng ua Ithuta!
NA HO bonolo hore motho a tsofale hoo a ke keng a ithuta? Ak’u nahane ka lintho tse seng kae tse finyelletsoeng ke batho ba holileng. Irving Berlin oa seqapi o ne a ntse a qapa ’mino ha a le lilemo li mashome a robong a metso e ’meli ha seletsi sa piano Arthur Rubinstein a ne a ntse a hlaha meketeng ea ’mino ha a le lilemo li mashome a robong a metso e mene. Moahloli Oliver Wendell Holmes o ile a ithuta Segerike a le lilemo li mashome a robong a metso e ’meli. Ha a le lilemo li mashome a robeli, Moshe a qala mosebetsi o mocha e le moetapele oa sechaba le sebui sa phatlalatsa. (Exoda 7:7) Moapostola Johanne eena e tlameha e be o ne a le lilemong tse mashome a robong ha a sebelisetsoa ho ngola Molaetsa oa hae o tsebisahalang haholo le buka ea Tšenolo.
Che, ha ho hlokahale hore lilemo li theole se phethoang ke kelello. Ho na le mahloko a mang a ka ’nang a theola monahano oa ba baholo. Bo ka sehloohong ho oona ke “Alzheimer,” boo ka nako e ’ngoe bo bitsoang ho lahleheloa ke kelello bo bakang ho theoha ha tšebetso ea boko. Ho na le mahloko a mang a tšoanang le bona. Empa batho ba bangata ba baholo ha ba jeoe ke mahloko ana. Mofuputsi e mong o kile a bua tjena ka bana: “Ho qapa ha ho tsebe lilemo.”
Litlhahlobong univesithing ea Cambridge, England, batho ba bang ba baholo ba ne ba ntse ba itekile hantle joaloka liithuti tse nyenyane. Dr. Weinberg, ngaka ea mafu a kelello le setsebi se hlokomelehang sa botsofali, o tlaleha hore ntle leha mahloko a mang a kenella, kelello ea motho e boloka matla le sehlahlo sa ho ithuta ho fihlela ha motho a hōlile ho hotle—haholo haeba batho ba baholo ba ntse ba le mafolo-folo ’meleng ’me ba itsoakanya le batho ba bang ba ba tsotellang. Dr. Weinberg ea lilemo li mashome a supileng o bolela hore: “Bokamoso ba maqheku boa khanya, hafeela ba ipoloka ba rata ho tseba lintho ba bile ba lakatsa ho ithuta le ho hōla.”
Ho ba bang, ho fela ho le joalo. Ha e le hantle, polelo ea Dr. Weinberg e ipakile e le ’nete ntle ho pelaelo ka tsela e tsotehang haholo ho feta kamoo a neng a lebelletse.
Nako ea ho Fetola Tsela
Ka mohlala, nahana ka Alice Okon oa Nigeria. Mora oa hae e ne e le Mokreste ketsong, ’me a khothalletsa ’m’ae hore a bale le ho ithuta Bibele ka tšepo eo e fanang ka eona. Qetellong, a lumela ho ithuta Bibele, tumelo ea hae ea hahuoa ’me ha a le lilemo li mashome a robeli, a kolobetsoa metsing ho bontša boikemisetso ba hae ba ho sebelisa bophelo bohle ba hae a sebeletsa Molimo.
O lumela ka matla polelo e reng: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile ao le nea Mora ao oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bohelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Kaha joale o se a e-na le tumelo ena, ka tšepo o lebelletse bophelo bo sa feleng boo Molimo o bo tšepisitseng. Ha a le lilemo li mashome a robeli, ruri o ne a sa tsofala hoo a ke keng a ithuta.
Ho Etsa Liqeto
Batho ba baholo ba ka etsa liqeto tse matla ’me ba phelela liphello tsa tsona. Pauluse Inyang Atua ea lilemo li mashome a supileng a metso e robong le eena e le oa Nigeria, o ile a tlameha ho etsa qeto e thata. bophelong bohle ba hae o ne a batla bolumeli bo neng bo ruta ’nete ea Bibele. Qetellong, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tsa mo etela, ’me a tseba hore o fumane seo a neng a se batla. Leha ho le joalo, ba bang ha baa ka ba khahloa ke qeto ea hae.
A eteloa ke moruti oa bolumeli boo a neng a le ho bona pele. Ha a bona Bibele tafoleng ka tlung ha Pauluse, a e nka, a re ke buka ea bolumeli ba bohata ’me a e tabola likoto. Joale Pauluse a tlameha ho sebetsana le monna enoa ea halefileng le ho mo kokobetsa, a bile a ntse a leka ho sireletsa tse ling tsa linnete tsa Bibele tseo a neng a ithutile tsona.
Moruti a se ka a khotsofala. A tloha ka bohale ’me a leka ho fehla khathatso ea hore Pauluse a hlorisoe. Ho feta moo, batho ba motse oa habo Pauluse ba ne ba batla ho mo khethela ho ba ramotse ho mo sitisa tumelong eo a e fumaneng bocha. Pauluse a hana mpho ea bona, a hlokomela sepheo sa bona.
Joale Pauluse a tlameha ho nka bohato bo thata haholoanyane. Bibele e re bolella hore Mokreste e lokela ho ba “monna oa mosali a le mong” hore a tle a khahlise Molimo. (1 Timothea 3:2) Eaba Pauluse o tlameha ho etsa litokisetso tumellanong le metheo ea Bokreste hore e be monna oa mosali a le mong. A ho etsa. Lenyalo la hae la ngolisoa ka molao, ’me joale o ne a ka kolobetsoa.
Hopola, Pauluse o ne a le lilemo li mashome a supileng a metso e robong ha a lokisa bophelo ba hae haholo hakana. O re: “Le hoja liphetoho tsena tsohle li etsahetse botsofaling ba ka, ke leboha Jehova hore o fane ka monyetla oa hore ke sebelise matsatsi a ka a ho qetela tšebeletsong ea hae.” Le eena Pauluse pono ea hae ka nako e tlang e khanya haholo ho feta pele. Na u tsofetse haholo hoo u ke keng ua ithuta? Ha ho joalo ka Pauluse Inyang Atua ea lilemo li mashome a supileng a metso e robong!
Ho sa Tsotellehe ho Kula
Batho ba baholo ka linako tse ling ba na le mathata a bophelo, empa hona ha hoa lokela ho ba thibela ho rata ho tseba lintho le ho batla ho ithuta. ’Moleli oa Evangeli oa nako e tletseng ea bitsoang Michiyo Fujimi o fumane bonnete ba sena. Michiyo o ne a ntse a etela batho karolong e ka leboea ea Honshu Island, Japane, ha a teana le Monghali Kato ea tsofetseng.
Monghali Kato a hapa tlhokomelo ea Michiyo ha a re: “Molimo oa Bokreste o batla ha batho ba phela, e seng ba shoe. Na ha ho joalo?” O ne a hlokometse ntho e hapang. Leha ho le joalo, puisano e ne e thatafatsoa ke hore monna-moholo o ne a utloela tlase haholo. Leha ho le joalo, o ne a thahasella ho bala, ’me Michiyo a mo siela limakasine tse buang ka Bibele. A leka ho mo thusa ho ithuta Bibele, empa ho ne ho bonahala hore ha a utloisise tokisetso ena. Eaba o ntse a mo isetsa kamehla ka lilemo tse tharo limakasine tse buang ka Bibele hore a li bale. Michiyo a ithuta ho arabela lipotso leha e le life tseo a nang le tsona ka ho ngola.
Likhoeling tse seng kae tse fetileng Monghali Kato—ea lilemo li mashome a robong joale—o bontšitse hore ho na le lintho tseo a batlang ho bua ka tsona. O ne a ruile tsebo e tebileng ea Bibele ka ho bala. Sehlooho sa makasine se ne se bontšitse hore a iteanye le Lipaki tsa Jehova, kaha li ne li ka mo thusa ho ithuta hore na a etse thato ea Molimo joang. A botsa: “Joale ke ee ke kopane joang le Lipaki tsa Jehova?”
Michiyo a itšupa nkong ka monoana oa bosupa—pontšo ea Sejapane ea hore “ke ’na.” E, e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Monna-moholo a thaba ’me a rata ho tseba hore na a ka fumana Holo ea ’Muso hokae. Le eona o ne a tsebile ka eona ha a ntse a bala. Hona joale, ho sa tsotellehe ho se utloe ha hae ka litsebeng, monna-moholo enoa o ithuta Bibele a sebelisa mokhoa oa ho ngola. O fumana kutloisiso e hlakileng ea linnete tsa Bibele ’me o kopanela le Bakreste ba bang. Na Monghali Kato ha a le lilemo li mashome a robong o tsofetse haholo hoo a ke keng a ithuta? Le hanyenyane!
Leha e le hore ho joalo ka Mofumahali Takahashi. Ha a bapisoa le Monghali Kato, ho ka thoe o monyenyane—o lilemo li mashome a supileng a metso e meraro “feela.” Empa o na le bothata. O ile a foufala lilemong tse fetileng tse mashome a mane a metso e meraro, ’me ha ho mohla a kileng a fumana monyetla oa ho ithuta mongolo oa lifofu. Empa ha Lipaki tsa Jehova li mo etetse a bontša hore o lakatsa ho ithuta Bibele, eaba baboleli ba babeli ba evangeli ba ithuta le eena. Ka baka la bofofu ba hae o ne a tlameha ho tšoara seo a ithutang sona ka hlooho; kahoo ha a le lilemo li mashome a supileng a metso e meraro, Mofumahali Takahashi a qala ho tšoara ka hlooho likarolo tsa Bibele.
Hona joale, o ba teng libokeng tsa bolumeli kamehla ho sa tsotellehe mahlomola a hae le lilemo. ’Me le hoja a kulisoa ke ho nka leeto, o nkile leeto la lik’hilomithara tse 600 hore a be teng kopanong ea bolumeli. O ile a kolobetsoa selemong se fetileng. Na u tsofetse hoo u ke keng ua ithuta? Mofumahali Takahashi ha a ka a nahana joalo!
Lebaka leo ba Hanang ka Lona!
E, Dr. Weinberg o itse: “Bokamoso ba maqheku boa khanya, hafeela a ipoloka a rata ho tseba lintho a bile a lakatsa ho ithuta le ho hōla.” Ho ba bang le takatso ea ho tseba ka Molimo le merero ea oona botsofaling ba bona, le ba bang le takatso ea ho ithuta ka oona le ho hōla tumelong, bokamoso bo khanya haholo.
Ba hlokomela hore bophelo ba bona ho tla fihlela joale—le haeba ba lilemo li mashome a supileng, a robeli kapa a robong kapa ho feta—ke neo e tsoang ho Molimo. Hape ba hlokomela hore, le hoja ba hōlile ’me ba e-na le tsebo, ho sa na le lintho tseo ba ka ithutang tsona. Ha e le hantle, kamoo Molimo o talimang litaba kateng, ha ba hlile ha baa tsofala hakaalo. Bibele e re: “Letsatsi le le leng pel’a Morena, le joale ka mengoaha e sekete, le hoba mengoaha e sekete e joale ka letsatsi le le leng.” (2 Petrose 3:8) Ha re sebetsa lipalo ka tsela ena, motho ea lilemo li mashome a robeli o phetse nako ea lihora tse ka bang peli feela! Kahoo, le eena motho ea moholo a ka ithuta bohlaleng ba Molimo o phelang “ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng.”—Pesaleme ea 90:2.
Ho feta moo, bohle ba banyenyane le ba baholo, Molimo o ba nea tebello ea ho phela ka ho sa feleng joaloka oona. Jesu Kreste o itse: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Na ho bonolo hore motho a tsofale hoo a ke keng a nka bohato ka mpho ee e tsoang ho Molimo? Ho pota lefatše, banna-baholo le basali-baholo ba arabela ka hore “Che!”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Litlhahlobong univesithing ea Cambridge, England, batho ba bang ba baholo ba ne ba ntse ba itekile hantle joaloka liithuti tse nyenyane
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ha a le lilemo li mashome a robong Iwaji Kato, le hoja a se a utloela tlase haholo, o ne a as tsofala hoo a ke keng a ithuta bolumeli ba ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tei Takahashi, ea lilemo li mashome a supileng a metso e meraro a bile a foufetse, o kopanela seo a Ithutileng sona le ba bang