Se Etsoang ke Maqhekoana
SEMATHI sa sheba lipalo ’me sa tloseletsa. Sa takolotsa ka maoto a mashome a mahlano a metso e mehlano, sa tsepamisa fatše molamu oa sona o molelele oa galase e sa shoeng ’me sa phahama ka bokhabane ho tlōla mokoallo o phahameng ka maoto a robong le kotara. Ho ne ho etsahala joang? Na e ne e le peiso ea likolo tse phahameng? Che. Semathi se ne se le lilemo li mashome a supileng, ’me mona e ne e le tlhōlisano e tlalehiloeng ho The Wall Street Journal ea limathi tse ling tse 600 tse ntseng li tsofetse joalo. Hona tlhōlisanong eo, motho ea lilemo li mashome a supileng a metso e supileng a matha limithara tse 100 ka metsotsoana e 15,7, ’me ea lilemo li mashome a supileng a akhela “discus” e khethehileng bohole ba maoto a mashome a robong.
Na u makatsoa ke ho utloa ka batho ba lilemo li mashome a supileng ba ntse ba hlōlisana lipapaling? Ke ’nete hore ba ke ke ba hlola ba lekisa seo ba neng ba se etsa ha ba le lilemo li mashome a mabeli. Empa ’nete ea hore ba bang ba sa ntsane ba ka akhela “discus,” ba matha limithara tse 100 ’me ba atleha ho tlōlela holimo e bontša ntho ea bohlokoa. E bontša hore batho ba baholo ha ba lokela ho “lebaloa” ka hore ha ba sa na thuso hobane feela ba phetse ka lilemo tse itseng. Ntle leha ho ka kenella bohloko bo itseng, batho ba baholo ba na le matla a mangata a ’mele ho feta ao ho lebelletsoeng hore ba na le oona.
Na hona ke ’nete le ka matla a bona a kelello le a ho ithuta? Ke hore, na batho ba baholo ba ka ithuta lintho tse ncha le ho ikhapela mokhoa o mocha oa ho phela? Ka linako tse ling batho ba baholo ka bobona ba tella seo ba ka se etsang ntlheng ena. Ba ka ’na ba checha ha ntho e ’ngoe e ncha e phephetsa e be ba re, “Ke tsofetse haholo hore nka ithuta,” kapa ba re “Ha ho hōloe ho boeloa.” Empa na ho hlile hoa utloahala? Matla a ho ithuta a fela lilemong life?
Ho Hōla le ho Ithuta
Ho monate ho hopola hore motho ea ipelaetsang hore ‘Ke tsofetse haholo hore nka ithuta,’ e kile ea e-ba ngoana ea monyenyane ea mahlo a phatšimang ea ratang ho tseba ntho ena le eane. Har’a mantsoe a buuoang haholo ke bana ba banana le ba bashemane ke, ‘Hobane’ng?’ ‘Hokae?’ ‘Neng?’ ‘Joang?’ ‘Mang?’ Ha ho pelaelo ka hore ba batla ho ithuta.
Ka linako tse ling batsoali ba lakatsa eka bana ba bona ba ne ba ka emisa hanyenyane ka lipotso kapa tsa se be matla hakaalo. Empa Bibele e nka seo ngoana a ithutang sona e le sa bohlokoa ha a le lilemong tsena ha e re: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.
Ka potlako ngoana o se a ea sekolong, ’me ka lilemo tse itseng morero oa hae o moholo tsatsi le leng le le leng ke ho rua tsebo ka lintho tse sa tšoaneng. Karolo e ’ngoe ea takatso ea hae ea tlhaho ea ho ithuta e sebetsoa ke mesuoe ea hae. O ithuta likhopolo tse ncha, mahlale a macha, ’me lefatše le ntse le e-ba batsi butle-butle ka pel’a hae.
Ka potlako feela lilemo tsa ho kena sekolo li se li fetile, ’me motho e moholo e mocha o hlahella lefatšeng. Joale o tlameha ho ithuta hore na a sebelisane joang le batho ba baholo ’me o fumana mahlale a ho iphelisa. Mabakeng a mangata o qetella a sebetsa kamehla, ’me mona ke hona moo tsoelopele ea ho ithuta e qalang ho theoha. Bacha ba bangata ba hōlileng ba kena lenyalong, ba ba le bana, ba imeloa ke likhatello le boikarabelo, ’me butle-butle ba khaotsa ho entša bophelo ba bona ka ho ithuta tse ncha.
Ha bana ba hōla, ke hona joale batsoali ba fumanang hore ba boetse ba na le nako e ngata. Empa, mabakeng a mangata, ho se ithute joale e se e le mokhoa o tiileng. Ha ba sa na tšekamelo e tšoanang le ea bonyenyaneng ea ho batlisisa lintho tse ncha, kapa ho botsa lipotso. Japane ba bang ba be ba bue ka hore ba tsoetsoe mehleng eitseng. Monna a ka ’na a re, ‘Ke tsoetsoe mehleng ea Meiji.’ Eo ke mehla ea bopolotiki e ileng ea felella ka 1912. Kahoo, kaha o se a fihlile lilemong tse mashome a supileng bonyane, o ikutloa hore matsatsi a hore a ithute a fetile le hore a ke ke a hlola a bokella maikutlo a macha mehleng ena ea kajeno ea thuto e se nang moeli.
Empa na ho tlameha hore ho be joalo? Ke ’nete, hore ha motho a hōla ’mele oa hae o-oa fetoha. Manonyeletso a hae a ka ’na a satalla, mesifa ea hae ea se ke ea hlola e e-ba bonolo ka ho lekaneng, mahlo a hae a fifala hanyenyane le litsebe tsa se hlole li utloa hantle. Empa ntle leha a ka kula, hona ho busetsa morao butle-butle, e seng hore ho emisa tšebetso eohle. ’Nete ea hore batho ba lilemo tse fetang mashome a supileng ba ne ba ka ba le tlhōlisano ea mabelo e paka sena. Na ho joalo le ka kelello? Kapa na ke ’nete hore motho a ka tsofala hoo a ke keng a ithuta?