Tsa Holo ea ’Muso ea Dunwoody
HA HO kamoo motse oa Atlanta o neng o ka sebelisana le rōna hamolemo ho feta moo. Monghali Gardner, motsamaisi oa bahlahlobi ba mehaho, a utloela ka mohaho oa rōna, empa bahlahlobi ba hae ha ba sebetse ka Moqebelo le ka Sontaha. Eaba o lumella Lipaki tse nang le mangolo mesebetsing ea tsona hore li ikarabelle bakeng sa bohlahlobi. Ho phaella moo, seqapi se ngolisitsoeng ka molao sa etela sebaka sa rōna nako le nako mafelong a beke eo ho bona hore mohaho o ipapisitse haufi le se hlokoang ke melao ea mehaho ea sebaka.
Libaka tse tharo tsa thelevishene li ne li e-na le basebeletsi ba tsona ba nkang lifoto setšeng. E mong oa baqolotsi ba litaba o ile a khahloa, a lula nakoana leha basebetsi ba hae ba qetile ho nka lifoto ’me a phetha lenaneo la hae la la mashome a mabeli a metso e meraro ka hore: “Baena le likhaitseli ba tla be ba khutlile hosesane, le rōna re tla khutla.”
Hoseng ka la mashome a mabeli a metso e mene, hoo e ka bang limaele tse fetang lekholo ho tloha Dunwoody, Paki e ne e e-ea ka monyako le monyako. Menyakong e fapaneng e tšeletseng ea bolelloa hore: “Oh, ke lōna batho ba hlahileng ho TV ba hahang Holo ea ’Muso ka matsatsi a mabeli feela, koana Atlanta.”
Mohoebi oa Atlanta o ne a etetsoe mafelong a beke eo. Hoseng ka Moqebelo baeti ba hae ba feta setšeng ’me ba bona ha marako a nyoloha. Ba hlolloa ke mosebetsi ’me ba khutla kamorao ho lihora tse ling le tse ling tse peli mohlang oo le ka le hlahlamang ho bona hore na ho tsoeloa pele joang. Ka baka leo mohoebi enoa a bua ka ketsahalo ena Philippines, Mexico le literekeng tse ling tse ngata ka Bophirimela.
Ka la mashome a mabeli a metso e meraro Lekaleng la Sepolesa la Dekalb County, lepolesa le ne le laeloa ho ea laola sephethe-phete haufi le Holo ea ’Muso. Mookameli a le bolella hore ho hahuoa kereke sebakeng seo, empa eo a hanyetsa ka hore ha ho kereke e hahuoang sebakeng seo. A ntse a phehelletse hore mookameli o fositse, a ea leha ho le joalo. Ha a fihla a ema feela ka hare ho tsela, a thiba tsela, ’me a khotsa: “Ha ke lumele! Ho ne ho se na letho mona maobane!”
Ho na le Paki e sebetsang e le mofepi ntlong ea baeti ea Marriott Atlanta. Mookameli oa ntlo ea lijo o ne a lutse lijong le batsoali ba hae ba mo etetseng, ’me a kōpa Paki hore e ba bolelle ka kereke e hahuoeng ka matsatsi a mabeli. Ntate oa hae a araba: “Ho ke ke ha etsoa! Ke bile mehahong ka lilemo tse telele ’me kea tseba hore ho ke ke ha etsoa!” Eaba joale o-oa botsa: “U ua bolumeli bofe?” Ha a bolelloa hore Lipaki tsa Jehova, a re: “Li ka ho etsa!” O ne a kile a okamela holo ea kopano eo Lipaki li neng li e sebelisitse ’me a bona kamoo li sebetsang hammoho. A re: “Bolumeli bo bong bo ne bo ke ke, empa Lipaki tsa Jehova li ka ho etsa.”
Mekoloko ea makoloi ea feta sebaka sa mohaho ka matsatsi a mabeli ho bona hore na ho hlile ho etsahala joang. Ba bangata ba fapohela hore ba hle ba bone. Ka linako tse ling ho ne ho le teng baeti ba fetang ka tsela le batho ba sebaka seo ba makholo a robeli ba qetoang ke ho rata ho tseba litaba setšeng. Ba bang ho bona ba ja le basebetsi. Lefapha la lijo la fepa batho likotlolo tse likete tse tharo le makholo a mahlano tse sa lefelloeng hona matsatsing ao a mabeli.
Matsatsi a seng makae kamorao ho ho hahuoa ha holo, morekisi e mong a etela Paki. O ne a utloile ka holo ka litaba tsa TV ’me a maketse haholo. Ha mo hopotsa ka “bohloa seolong.” Lelapa leo a tsoang ho lona e ne e le la balumeli, empa o ne a khathetse ke bolumeli. Eaba o re: “Haeba ho na le sehlopha sa bolumeli se ka sebetsang hammoho hamolemo hakana se be se hlahise mohaho ka mafelo a beke e le ’ngoe feela, se tlameha e be se na le ntho e ’ngoe eo litumelo tse ling li e hlokang.” Hamorao a tla le motsoalle sebokeng Holong ea ’Muso.
Ntate e mong a ferekana haholo ha morali oa hae e e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ho hang a sa mamele ha a mo hlalosetsa. Empa hona joale o chesehela ho qoqa ka mohaho oa Holo ea ’Muso ea Dunwoody ’me a re ho morali oa hae, “Ke motlōtlō hore e be u ne u le karolo ea hoo.”