Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 1/15 maq. 24-26
  • Mosebetsi o Khathollang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosebetsi o Khathollang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Marako a Phahama ka Metsotso
  • “Ekare Mosebetsi Seolong sa Bohloa!”
  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Finyella Litlhoko Tsa Kotulo ka Thabo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Kaho ea Liholo Tsa ’Muso—Karolo ea Bohlokoa ea Tšebeletso e Halalelang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 1/15 maq. 24-26

Mosebetsi o Khathollang

LETŠOAO la pontšo setšeng sa mosebetsi Atlanta, Georgia, motsaneng oa Dunwoody le ne le bontša nako ea ho haha Holo ea ’Muso: “la 23 le la 24.” Nako ena e behetsoeng matsatsi a mabeli ea tsosa potso: “E be ba sitoa ho qeta hore na ba tla qala ka la 23 kapa ka la 24?” Ho hang batho ba ne ba sitoa ho utloisisa hore pontšo e bolela hore: Holo ea ’Muso e tla qaloa ka la 23 ’me e phethoe ka la 24. Leha ho le joalo, ho seng ho bitsoa mehlolo ea matsatsi a mabeli ho etsahala hoo e ka bang khoeli le khoeli likarolong tsohle tsa United States.

Ka Moqebelo ha meso e ela Dunwoody, ho ne ho beiloe liqubu tsa thepa ea ho haha libakeng tse nepahetseng motheong o entsoeng ka samente o maoto a 4 200 o neng o entsoe pelenyana. Ben Kelley, ea neng a ile a okamela ha ho tšeloa motheo ona, a bontša hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e beiloe sebakeng se e loketseng hantle hore e fumanoe ka potlako ha e hlokahala. A re: “Bona moo ho beiloeng mapolanka a tla otlelloa leboteng ka hare. A beiloe hantle bohareng ba moo holo e tla ba teng. Re tla haha ho a pota le ka holim’a oona, empa ha nako ea oona e fihla a tla be a le sebakeng se loketseng bakeng sa ba a sebelisang.”

Ha a ntse a bua, ntlo ea ho phehela e entsoeng moo e ne e fepa basebetsi ba ithaopileng ba makholo a mararo lijo tsa hoseng ka hora ea botšelela.

Marako a Phahama ka Metsotso

Mosebetsi oa qala ha hora ea bosupa e saletsoe ke metsotso e mehlano. Basebetsi bohle ba lumisa motheo oa konkreiti joaloka lebotho le le leng la basebetsi, kaofela e le lihahi. Linoto tsa khabola. Lebota la hlahisoa ka lintho tse hlileng tsa lokisetsoa bophahamo ba lerako pele. Ka metsotso e seng mekae feela Lebota la Pele la be le eme. Joale ha latela Lebota la Bobeli, joale lebota la Boraro le Lebota la Bone. Mabota a ne a hōla ka metsotso, ’me lintho tseo a entsoeng ka tsona tsa phakisa tsa koaheloa ka hare mahlakoreng ka lithupa le ka mapolanka a bolokang mofuthu. Linoto tsa khaotsa ha lihlopha tsa basebetsi joale li ikarola lihlotšoana—e le litei tsa motlakase, ba etsang liraka, ba sebetsang lipompo, ba ahang ka setene, ba khabisang naha le ba bang. Sehlopha ka seng se ne se tsamaisoa ke moeta-pele ea neng a nka bohato ka sea-le-moea se mo kopanyang le makala a mang se thekeng ho eena.

Sehlopha sa ba sebetsanang le ho futhumala ha holo, boholo e le basali, se ne se kata marako a kahare ka ntho e thibelang mohatsela ho kena kahare. Banna ba liphaka-phaka ba loana le maballo a lebang koana le koana. Ho ne ho phahama marako a arolang likamore. Liphapusi, matloana, ntlo ea polokelo ea libuka, moo ho rekisoang libuka, sethalla le holo e khōlō e motopo ka boeona—kaofela li ne li ipha libopeho. Ka mokhoa o itseng lihlopha tse sa tšoaneng li ne li neheletsana mosebetsi ha li phetha likarolo tsa tsona, ho se se setisang ka matla mosebetsi oa tse ling.

Stanley Peck a hlalosa hore: “Ke hona mona moo re hleng re tiise ka matla hore mokhoa ona o sebetse.” Peck, eo e leng sehahi le mosebeletsi oa Lipaki tsa Jehova, o ntlafalitse mokhoa ona ka thuso ea lebotho la lihahi tsa Lipaki tsa Midwest. A re: “Taba ea pele, mokhoa ona o fumana molemo ka ho ba le bathusi ba bangata ba ithaopileng le litsebi tse lekaneng tsa mesebetsi le baokameli ba tla sebelisa thuso ena e se nang moeli.” Empa u ee u hokahanye basebetsi ba makholo a mararo joang sebakeng se le seng sa tšebetso? Peck a arabela hore “eo ke potso eo batho ba re botsang eona kamehla. Mohlomong ho ka etsoa ke sehlopha sa linotši. Kapa sehlopha sa bohloa. Empa batho? Ke feela haeba e le basebetsi ba ineetseng ba Jehova. Litsebi tsa sebele tsa mosebetsi li ikarabella ka sehlopha se seng le se seng ’me sehlopha se seng le se seng se tsamaisoa ke balaoli. Ho tšoana le ka phuthehong ea Bokreste, moo Molimo o hlomellang ba bang ka ‘matla a ho tsamaisa ’me ba bang ka matla a ho sebeletsa.’”—1 Ba-Korinthe 12:28.

Hape ho ka phaelloa ka hore ho emisa holo e joalo ea liboka ka potlako e kaalo ho ke ke ha etsoa kae kapa kae le hohle. Joalokaha re bona, ho hlokahala ho fetang matsoho a ithaopang. Ho hloka hore ho be teng litsebi tsa mesebetsi tse nang le tsebo ea ho lokisetsa, ho hlophisa le ho hokahanya tse hlokahalang bakeng sa hore mohaho o joalo o be teng. Le tšebelisano e ntle ea baokameli ba motse ’me ho boetse ho hlokahala bahlahlobi ba mehaho.

“Ekare Mosebetsi Seolong sa Bohloa!”

Bokantle ba holo bo ne bo phahama ka potlako setšeng sa eona sa liakere tse peli hoo ha letsatsi le ntse le phahama batho ba fetang ka tsela ba maketseng ba ileng ba qala ho utloisisa se neng se boleloa ke matsatsi a mabeli a nako ea kaho. Ba hahang ka litene ba ne ba emisa skafole; sehlopha sa bathusi se ne se lokisa litene le taka. Libetli le ba rulelang ba ba pota-potile kahohle. Lihahi li ne li itšunya lipakeng le ka tlase ho basebetsi, pakeng tsa maoto a ba phethelang. Ka nako eona eo ba laolang mofuthu le mohatsela oa ntlo ba ne ba kenya mehala ea motlakase. Marulelong e ne e le basebetsi ba ka fihlang lekholong, ba bea mokato o patang marulelo, ba harolla “felt,” ba kakasa le ho batla liphutheloana tse boima tsa li-“tile.”

Fatše ba bangata ba ne ba sèbèsèla teng. Ba bang ba isa thepa ea ho haha moo e hlokoang. Ba teratelang le bona ba tšoarehile. Ba khabisang ka ntle le bona ba lema mehloa, lihlahla le lipalesa. Lihlotšoana tsa bacha le ba baholo li ne li leba koana le koana ho thonaka matlakala a mefuta eohle—lipekere tse kobehileng, mabokose a seng a sa tšela, likotoana tsa mapolanka. Ha ho letho le neng le lumelloa ho tlala-tlala kapa ho sitisa tsoelopele ea mang kapa mang. ’Me ho tloha qalehong lefapha la tse pholileng le tsamaeang—lihlopha tsa banana le bashemane—le ne le potoloha le moo ho sebetsoang ka lino tse pholileng le tse ling tse bobebenyana. E mong ea neng a shebelletse a re: “Ekare mosebetsi seolong sa bohloa!”

Ho nkoa Letsatsi la Pele le atlehile haeba, motšehare oa mantsiboea mosebetsi o ka oela liatleng tsa ba koalang mabota ka hare ka mapolanka. Basebetsi bana ba tlameha ho emela hore mabota a kenngoe lintho tse laolang mohatsela le mofuthu ka tlung le hore ho kenngoe maballo a siling. Joale ba sebetsa ho fihlela ka shoalane ba khokhothela mapolanka. Mapolanka ana a tlameha ho koaloa likheo ka ntho e tiileng e thibang masoba, a etsoe hore a be boreleli, e be joale a liloa ka ferefe kapa a koaheloa ka pampiri pele ho motšehare o moholo ka letsatsi la Bobeli. Ka nako eo mosebetsi ’ohle o-oa emisa ’me phutheho e tšoara seboka sa eona sa pele Holong ea ’Muso e ncha. Dunwoody ho ile ha etsahala hore e be ’mete ha u s’o aloe, kahoo batho ba makholo a mararo ba tlameha ho lula samenteng ’me ba bang ba makholo a mabeli ba lula ka ntle ho kopanela thutong ea Molula-Qhooa ea beke le beke.

Charles Leibensperger, mongoli oa komiti ea mohaho a bolela hore: “Re na le baeti ba tsoang Virginia le Florida. Ba bang ho bona ba lokisetsa ho haha liholo. Ba batla ho bona hore na ho etsoa joang. Ha e le mona Stan Peck a tlile ’me a re hlophisitse, re ka qala ho ba thusa.” Peck a hlalosa: “Re na le tokisetso eo ka eona motho ea nang le tsebo ofe kapa ofe a shebang lipolane tsa bona le litokisetso tsa bona tsa basebetsi. Joale ho etsoa litokiso hore litsebi tsa mosebetsi tse peli kapa ho feta moo li sebetse le komiti ea bona ea mohaho ho hlophisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho hlahloba lenane la thepa ea ho haha; ’me e mong kapa ba bang ho rōna ba lokisetsa ho ba teng ka matsatsi a mabeli a kaho.” Ha ho motho ea lefeloang mosebetsi ona.

Ha ho felella Letsatsi la Bobeli Dunwoody ’me sehlopha se lula ka ntle ’me se sheba holo moo ho neng ho se holo hoseng ha maobane, e mong oa Lipaki a hlalosa: “Ke kamoo moea oa Jehova o sebetsang ho finyella mosebetsi o kang ona. Ho bonolo. Batho ba hae ba arabela moea oa hae. Ba sebelisana bakeng sa ntho e le ’ngoe. Ha ho letho leo ba le etsang hore ba fumane phaello ea botho empa ka baka la lerato la bona ho baena ba bona le Molimo oa bona. Na ee hase melao e ’meli e meholo ea Mareka 12:28-31, ‘ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo eohle ea hao, le ka khopolo eohle, le ka moea oohle le ka matla ’ohle,’ le ‘oa heno joale ka ha u ithata.’

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ka basebetsi ba kang bana Holo ea ’Muso e ka hahuoa ka matsatsi a mabeli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela