Ho Alimana Chelete le Lerato la Bokreste
NENG-NENG, morali oa molemi o ne a kula haholo. O ne a hloka thuso ka tsieleho, empa molemi e ne e le mofutsana ’me a sitoa ho mo isa ngakeng. Motseng oo ba neng ba phela ho oona—joaloka metseng e mengata naheng eo—ho ne ho e-na le ea alimanang ka chelete ka hore ha a u file tse hlano u li khutlise ka tse tšeletseng. U kalima liranta tse hlano, khoeling e latelang u khutlisa tse tšeletseng. Enoa ea kalimanang ka chelete a hla a nea molemi chelete e hlokahalang, empa, khoeling e latelang molemi o ne a tlameha ho qala ho lefa tsoala.
Tokisetso ee u e talima joang? Na ho ka lokela hore Mokreste a kalimane ka chelete a batla phaello tlas’a maemo a joalo?
Moapostola Johanne o boleletse Bakreste bahabo hore ba se ke ba ‘koala menyako ea lipelo tsa bona’ ho baena ba bona ba hlokang. (1 Johanne 3:17) ’Me molao oo Molimo o ileng oa o nea Baiseraele o ne o qaqisa hore: “U se ke ua thatafatsa pelo ea hao, ’me u se fupare liatla tsa hao pel’a ngoan’eno ea fumanehileng. U mpe u mo fuparollele liatla tsa hao, u mo alime seo a se hlokang sebakeng sa bofumanehi ba hae.”—Deuteronoma 15:7, 8.
Kahoo, ke hantle ha ea kalimanang ka chelete a ile a fana ka chelete bakeng sa ho thusa ngoanana ea kulang. Bonyane o ile a fumana pheko eo a neng a e hloka. Empa molao o neng o neiloe Baiseraele o ne o na le lehlakore le leng hape. O ne o re: “Leha u alima e mong oa sechaba sa ka chelete, kapa e leng mofutsana ea leng ha hao, u se ke ua mo etsa kamoo ho ka etsang ea alimelang phahello; u se ke ua mo tlamela phahello.” (Exoda 22:25) Ke hobane’ng ha Bajode ba be ba ke ke ba alimana ka phahello?
Hopola hore qalehong ea litaba boholo ba Bajode e ne e le balemi, e seng bahoebi. Haeba molemi ea sebetsang tšimo eo e leng lefa a ka kōpa ho kalingoa chelete, e ne e le hobane haholo-holo a hloka. Molao o ne o nka hore ea alimang ke “mofutsana.” Mohlomong o ne a oetsoe ke kotsi, lijalo tsa hae li sa atleha, kapa ka lebaka le leng a hloka chelete hore a tsoelle ho fihlela ha ho kotuloa. Ho batla phahello tlas’a maemo a joalo e ne e tla ba ho ithuisa ka tsietsi ea ngoan’eno. Ho ne ho ke ke ha bontša lerato, ’me Baiseraele ba laeloa hore: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.”—Levitike 19:18.
Le hoja kajeno Bakreste ba se tlas’a molao oo oa boholo-holo, ba ntse ba tlamehile ho ratana. Jesu o itse: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Mattheu 22:39) Kahoo, le Mokreste a se ke a rata ho rua ka bomalimabe ba ngoan’abo ha ngoan’abo a hloka ’me a kōpa ho kalingoa chelete.
’Nete ke hore, linakong tsa mathata Bakreste ba thusana ka ho fetang ho alimana. Ba fana ka limpho. Lekholong la pele la lilemo Pauluse le Barnabase ba rongoa ho isa limpho tse tsoang ho Bakreste ba Asia Minor ho ea ho baena ba Judea ba neng ba le mahlomoleng ka baka la tlala. (Liketso 11:29, 30) Ka ho tšoanang, kajeno, neng le neng ha koluoa e fihla, Bakreste ba rōmela limpho ho thusa bana babo bona.
Ka moea oona ona, Jesu a phehella: “Nea ea qelang ho uena, u se ke ua furalla ea ratang ho alima ho uena.” (Mattheu 5:42) Kahoo Mokreste o talima mathata a nakoana a ngoan’abo e le monyetla oa ho bontša lerato. O lokela ho thusa haholo kamoo a ka khonang, le ho isa moo a ka fanang ka limpho kapa kalimo e se nang phahello. Ntle ho pelaelo, haeba ea kalimanang ka chelete ea boletsoeng pelenyana a ne a sebelisa metheo ea Bokreste, le eena a ka be a ile a ho talima ka tsela eo.
Ho Lefa Molato
Ho sena, ea kalimileng le eena o na le tlameho. Pauluse o elelitse Bakreste: “Le se ke la ba le molato ho motho, ha e se oa ho ratana.” (Ba-Roma 13:8) Kahoo, ea kalimileng a falimehele tlameho ea hae ea ho lefa molato oa hae hang kamoo ho khonehang. A se ke a ba le maikutlo a hore, kaha ea nkalimileng chelete o ruile ho mpheta, ha ho hlakahale hore ke lefe. Ka tsela eona eo a se ke a lebella Mokreste oa habo, ea kang ngaka kapa ’muelli oa molao, a mo sebeletse feela a sa mo buseletse litšenyehelo.
Jesu o itse: “Puo ea lōna e be e, e; che, che.” (Mattheu 5:37) Ka mantsoe a mang, ho hlokahala Mokreste a tšepahale ho seo a se buileng. Haeba a kalima chelete ’me a tšepisa hore o tla lefa, kapa a kena mokitlaneng ka mokhoa o mong o itseng, joale o lokela ho etsa sohle hore a lefe molato oo. Ho mo thusa ho sena, le ho tiisa hore kutloano e teng ka mahlakoreng ka bobeli, ke bohlale ho ba le tlaleho e ngotsoeng, ho bontša chelete, hore na e tla lefuoa joang, le tse joalo.
Ho Kalima ka Phahello
Na ke kamehla e leng ho hloka lerato ho kōpa phahello? E seng joalo. Hoa hlokomeleha hore, le hoja Bajode ba ne ba ke ke ba kōpa phahello ho Baiseraele ba bang, ho ne ho fapane ho basele. Molao o ne o re: “U ka alima molichaba ka ho batla phahello.” (Deuteronoma 23:20) Ho fapane hobane’ng? Hobane osele Iseraeleng mohlomong o ne a tlile ka khoebo, ’me kalimo mohlomong e le ea merero ea khoebo. Kahoo, ho ne ho utloahala hore ea kalimanang ka chelete a kopanele phahellong e entsoeng, ’me hona o ne a ka ho etsa ka ho kopa phahello.
Jesu o ne a sa hanane le motheo oa ho kalima chelete ka phahello. O bontšitse hona ho se seng sa litšoantšo tsa hae. A bontša ka monna oa leloko la borena ea ileng a ea hole ka nakoana ’me a sia chelete ho bahlanka ba hae. Ha a khutla a ba bitsa ho lokisa litaba le bona, ’me a fumana hore boholo ba bahlanka ba ne ba sebelisitse chelete hore ba fumane phahello. Bana ba babatsoa. Mohlanka e mong, leha ho le joalo, o ne a sa sebelisa chelete; kahoo ho se phahello eo a ka e bontšang. O ne a sa e kenya le bankeng—hantle-ntle a e alima banka hore e sebelisetsoe khoebo. Mohlanka enoa a nyatsuoa ke morena oa hae.—Luka 19:11-24.
Kajeno teng? Basali ba babeli ba Bakreste ba ne ba kopanetse khoebo. E mong o ne a kalima e mong chelete e ka lekanang le R21,00 tsatsi le leng le le leng. Ea kalimiloeng o ne a rekisa lijo e be o li rekisa ’marakeng. Qetellong ea letsatsi leo o ne a e-na le chelete e ka bang R26,25, eo ho eona a neng a khutlisa R22,00 e be o ipolokela R4,25. Naheng eo R4,25 ke moputso o tloaelehileng bakeng sa mosebetsi oa letsatsi.
Karolong e ’ngoe ea lefatše, monna oa Mokreste o ne a entse khoebo ea lelapa. Ka baka la mekhoa e mecha ea tšebetso, o ne a tseba hore haufinyane khoebo e tla fela. Empa ho ne ho e-na le monyetla oa ho fapohela lekaleng le leng. Bothata feela e le hore o hloka chelete e ngatanyana. Eaba o kalima ho Mokreste e mong, a tšepisa ho lefa phahello eitseng khoeli le khoeli ho seo a se alimileng.
Na litokisetsong tsee ho na le e ileng ea hanana le moea oa molao oa Molimo ho Baiseraele hore ba se ke ba alimana ka phahello? Le hanyenyane! Ha motho a se maphatha-phatheng, empa a lakatsa ho kalingoa—mohlomong ka mabaka a khoebo—ha ho lebaka la hore ea alimang a se ke a kōpa phahello. Phahello ea bokae? Har’a lintho tse ling, ho tla itšetleha ka kalimo e etsoang, hore na mahlakore ka bobeli a lumellana ka eng, le molao oa naha. Tokisetsong ea pele e sa tsoa boleloa, phahello ea 5 lekholong ka letsatsi e ka ’na ea bonahala e phahame. Empa hantle ea alimileng o ne a fumana phahello ea 25 lekholong ’me a thabela ho abelana sena le ea mo alimileng.
Koana, ha ho hlaha mathata hamorao, ha ho bonahale ho utloahala hore ea molato a belaele hore phahello e phahame, haeba ka bolokolohi le ka boithatelo a ile a lumela ha litaba li qala. Le hona mona, ke bohlale hore litumellano tsa kalimano li ngoloe, ho qoba ho hloka kutloana kamoso.
Menyetla ea ho Bontša Lerato
Ha litšebelisano tse joalo li tsoella ka mofuthu, li ka ba molemo ho bohle. Empa lena lefatše ha lea tsitsa, ’me lintho li atisa ho fosahala. Ka mohlala, ho ne ho tla etsahala joang haeba mosali ea boletsoeng pele ea kalimileng R21,00 tsatsi le leng le le leng a ka utsoetsoa? Kapa ha re re tokisetsong ea khoebo pakeng tsa banna ba babeli mosebetsi o sa ka oa tsoella kamoo ho neng ho lebelletsoe ’me ea alimileng a sitoa ho lefa phahello eo a e tšepisitseng?
Bibele ha e fane ka melao ea hore na mathata a joalo a ka sebetsoa joang, empa tlameho eona e ntse e eme: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Mattheu 22:39) Haeba mahlakore ka bobeli a leka-lekanya thahasello ea sebele bakeng sa e mong ho e mong ka moea oa bohlale bo sebetsang, a sheba boemo kamoo bo hlileng bo leng kateng le ho amohela likhothalletso tse utloahalang, litaba li ka rarolloa ka tsela e ntle.
Ka sebele, moapostola Pauluse ha a ka a buella hore Bakreste ba ise bana babo bona khotla ka mabaka a lichelete. O itse: “Athe e se e le molato ruri ho lōna, ha le e-na le litseko. Ha le ikhethele ke’ng ho etsoa hampe. Na ha le ikhethele ke’ng ho senyeheloa?”—1 Ba-Korinthe 6:7.
Mokreste ea molatong, a sa ‘batle leruo ka thetso,’ ruri o lokela ho rata ho lefa molato oa hae. (1 Timothea 3:8) Bibele e re bolella hore “e mobe oa alima, ’me ha a buse.” (Pesaleme ea 37:21) Le hoja mathata a neng a sa lebelloa a ka ’na a hlaha, o sa ntsane a batla ho beoa sebakeng se le seng le motho eo ‘ho seng letho leo a le kolotang,’ ha e se lerato. (Ba-Roma 13:8) Kahoo, o lokela ho itšoara ka mokhoa o hlomphehang a se ke a batla menyetla ea ho ipholosa ho se mo tlamileng.
Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore ea kalimileng a utloisise seo a se lebelletseng. O hlokomela hore ho kalimana ho ama kotsi eitseng. Kahoo, a se ke a hatella ea kalimiloeng ntle ho mabaka. Mohlomong ke feela hore chelete ha e eo hore a ka lefuoa. Bakreste ba bangata ntlheng ena ba bontšitse hore ke ‘ba sa rateng chelete’ ka ho atolosa nako ea tefo, kapa ka ho amohela tokiso e molemo. (1 Timothea 3:3) Ba bang ba bile ba hlakola molato ho hang.
Ho bolela mathata a ka ’nang a hlaha kalimong ea chelete ho hlahisa potso e ’ngoe: “Na ho hlile hoa hlokahala?” Bibele ha e nyatse ho kalingoa ha chelete ha ho hlokahala. Empa hangata ha ho hlokahale. Hangata “takatso ea mahlo” e matla ho feta se ka khonoang ke matla a motho, ’me batho ba kalima chelete hore ba reke menono e hlileng e sa hlokahaleng. (1 Johanne 2:16) Qetellong molato o lokela ho lefuoa. Kahoo ka kotloloho Bibele e-ea hlokomelisa: “Ea alimang ke mofo oa eo a alimileng ho eena.”—Liproverbia 22:7.
Leha ho le joalo, ha Bakreste ba lokela ho kalimana, hona hangata ho fana ka monyetla oa ho bontša litšoaneleho tsa Bokreste. Ka mohlala, takatso e tšepahalang ea ho phethahatsa litlamo, kameho e tebileng pelong ka katleho ea ba bang le ho qoba lerato la chelete li tla thusa ho tiisa hore ho kalima chelete ho etsoa ka lerato la Bokreste. Ka tsela ena molao oa Bibele o tla mameloa hore: “Litaba tsohle tsa lōna li etsoe ka lerato.”—1 Ba-Korinthe 16:14.