Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 1/15 maq. 9-14
  • Mpho ea Molimo ea Mosebetsi ho Bahlanka ba Oona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mpho ea Molimo ea Mosebetsi ho Bahlanka ba Oona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlokoa ba Hore Motho a be le Mosebetsi o Molemo
  • Ea Sebetsang a Thabele Litholoana tsa Mosebetsi oa Hae
  • Jesu le Balateli ba Hae—Basebetsi
  • Mosebetsi o Thabisang oa Kamoso
  • U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Kamoo re ka Bang le Pono e Loketseng ka Mosebetsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Sebetsa Hammoho le Molimo—Hoa re Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 1/15 maq. 9-14

Mpho ea Molimo ea Mosebetsi ho Bahlanka ba Oona

“Ke u tlotlisitse lefatšeng, ke phethile mosebetsi oo u nong u ’neile oona hore ke o etse.”—Johanne 17:4.

1. Jesu o entse joang ka mosebetsi oo a neng a o neiloe ho o etsa lefatšeng?

JESU KRESTE. Mor’a ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo, ke eena mohlanka ea ka sehloohong oa ’Mōpi oa leholimo le lefatše. Ha Jehova a mo rōmela lefatšeng ka morero oa ho phahamisa borena ba hae ba bokahohle le ho lopolla lefatše la batho, Jesu ea e-ba ntho e makalloang, haholo-holo ke batho. Ha e-ba joalokaha ho hlile ha boleloa ho Esaia 52:13, 14: “Bonang, mohlanka oa ka o tla atleha; o tla hola, a phahame, a be moholo haholo. Joale ka ha batho ba bangata ba ne ba makala ha ba ’mona, kamoo sefahleho sa hae se neng se senyehile kateng ho fetisa tsa bohle, le tšobotsi ea hae e neng e fifetse ho fetisa ea bara ba batho.” Mosebetsi ona o tlang ka ngope’a setšoha a o phetha ka botšepehi, joalokaha a ile a ipolela thapelong ea hae ho Jehova Molimo, a re: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, ke phethile mosebetsi oo u nong u ’neile oona hore ke o etse.” (Johanne 17:4) Ke mohlala ho bahlanka bohle bahabo ba Molimo.

2. Re entsoe ka setšoantšo sa Molimo ka kutloisiso efe?

2 Ho hlokahala hore banna le basali ba sebetse. Ho tsoaloa ke tsela eo ba entsoeng ka eona. “A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna,” ke kamoo Jehova Molimo a ileng a bua ka nako eo a neng a bōpa monna e le mohlanka oa hae lefatšeng. (Genese 1:26) Tšoano ena ha e emele seemo leha e le sefe sa ho tšoana ka ’mele le Molimo, oo e leng moea le o sa bonahaleng mahlong a motho. Ho e-na le hoo, e bolela hore litšoaneleho tse itseng tsa Molimo li ile tsa neoa motho ea phethahetseng, litšobotsi tse kang toka, bohlale, lerato le tse ling tse khethollang motho ho liphoofolo tse tlase. Hore ena ke pono e nepahetseng ho bontšoa ke Ba-Kolosse 3:9, 10, moo bahlanka ba bang ba ineetseng ba Jesu Kreste ba bolelloang hore ba fetole botho ba bona, ka mantsoe ana: “Le hlobole motho oa khale le liketso tsa hae; ’me le apare motho e mocha, ea nchafallang tsebong ka setšoantšo sa ea ’mōpileng.”

3, 4. (a) Mantsoe a qalang a Bibele a bontša hore Molimo o seng? (b) O ile a khatholoha ka kutloisiso efe hoba a phethe mosebetsi oa hae oa popo?

3 Tšobotsi e ’ngoe ea “setšoantšo” sa Molimo ke ea ho ba ea sebetsang. Jehova o lokolohile ka ho feletseng ho iketsetsa kamoo a khahloang, ’me o khahloa ke ho sebetsa. Mantsoe a qalang a Bibele a mo hlahisa ho rōna e le mosebetsi ea sa khathaleng: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Mosebetsi ona ha o ka oa mo tlohela a soahlamane ke mokhathala: “Jehova ke Molimo oa ka mehla eohle, ’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše . . . Ha a khathale, ha a fokole.”—Esaia 40:28.

4 Kahoo, e ke ke ea e-ba ka kutloisiso ea hore o ile a ikhatholla hobane ho ne ho hlokahala hore a hlaphoheloe mokhathaleng qetellong ea letsatsi la botšelela la pōpo: “Jehova o entse maholimo le lefatše, ’me ka la bosupa o phomotse, a khatholoha.” (Exoda 31:17) Molimo ha o ka oa phomola mesebetsing eohle, empa feela karolong ena ea mosebetsi o khethehileng oa ho bōpa. Ha a o phetha, a thuisa ka oona ’me a hlokomela hore o motle haholo, o lumellana le se phethahetseng ho eena, ’me a khatholoha le ho khotsofalla ho phethahala ha mosebetsi ona o tšoanelehang. Ho bona qetello ea mosebetsi ona o motle e ne e le thabo le ntho e khotsofatsang le e khathollang ho Jehova ’Mopi oa oona kaofela. (Genese 1:31; Johanne 5:17) Ho sena sohle re bona hore batho, ba entsoeng ka ho tšoana le Molimo, ka tlhaho hoa hlokahala hore e be basebetsi empa hape le ho khatholloa ka boikutlo ba hore ba phethile mosebetsi o entsoeng hantle.

Bohlokoa ba Hore Motho a be le Mosebetsi o Molemo

5. (a) Molimo o boetse o bontšoa hore o seng, ’me ke qeto efe e hlahang ka see? (b) Ho hong ho hlalosang ho oa ha mekhoa ea tšebetso ke hofe?

5 Ho phaella moo, Jehova ke Molimo oa morero le mesebetsi ea hae e na le morero. “Jehova o etselitse lintho tsohle [le batho] merero ea tsona.” (Liproverbia 16:4) Kahoo, ho totobetse hore mesebetsi ea motho le eona e tlameha ho ba le morero. “Ho loanela hore motho a itsebe seo a leng sona bophelong,” kamoo ho ngolang setsebi sa mafu a kelello Viktor Frankl, “ke matla a pele a susumetsang motho. . . . Kea tiisa, ha ho letho lefatšeng le ka thusang motho hamolemo hore a pholohe maemo a mabe ka ho fetisisa joaloka tsebo ea hore ho na le seo motho a se phelelang.” Empa ba bangata ba ho fumana ho tena ho etsa mosebetsi o le mong nthong eo ba sa e thabeleng kapa ba se motlōtlō ka eona. Moo ke karolo ea mohloli oa tahlehelo ea mekhoa ea tšebetso—boholo ba mosebetsi oa kajeno bo sitoa ho khahlametsa se hlokoang ke likelello tsa batho bakeng sa morero le se hlokoang hore motho a phethe ho hong.

6. Motho oa pele o ile a neoa mosebetsi ofe o nang le morero?

6 Kaha Molimo o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka morero, motho o entsoe ka morero. O entsoe a ba a beoa lefatšeng hore a sebetse. Mosebetsi oo Molimo o mo neileng oona hore a o etse o na le tlhaloso, o akarelletsa hore a sebelise kelello le matsoho ka tsela e beang. ‘Jehova Molimo a nka motho, a ’mea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela.’ Motho ea phethahetseng o ne a lokela hore a “buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng,” ’me “Jehova Molimo a bōpa ka mobu liphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa maholimo; a ntoo li tlisa ho Adama, a tle a bone hore o tla li rea mabitso joang, le hore mabitso ao Adama a tlang ho bitsa lintho tsohle tse utloang ka ’ona, e be mabitso a tsona.”—Genese 2:15; 1:26; 2:19.

7, 8. (a) Ke hobane’ng ha ka nepo tšebeletso ea Molimo e ka bitsoa neo e tsoang ho eena? (b) Ke hobane’ng ha mesebetsi e etsoang ho ikhatholla e hlōleha ho koala sekheo sa mosebetsi?

7 E ne e le hore motho a nyakalle, a thabe le ho khotsofala ha a mo abela mosebetsi o tšoanelehang. Mosebetsi o ne o tla tlatsa bophelo ba hae, o leleke ho teneha leha e le hofe kapa bolutu, ’me o mo kenye boikutlo ba ho khotsofala ba hore o na le thuso. E ne e tla ba mosebetsi o nang le morero hobane o fanoe ke ’Mōpi oa lefatše le bokahohle, Molimo o Matla ’ohle o nang le morero. Ho e-na le hore litšoaneleho tsa bomolimo li koebetelloe kapa li hlōlisoa tšebetsong kapa li senyehe ke ho se sebelisoe, joalokaha ho atisa ho etsahala mosebetsing oa lefatše, kabelo ea mosebetsi e tsoang ho Jehova e ne e lumella monna oa pele le mosali, Adama le Eva hore ba itlhalose ka bolokolohi. Leha motho a se a lelekiloe tšimong ea Edene le kamor’a hore a bolelloe hore mosebetsi o tla etsoa ‘ka mofufutso oa phatla ea hae,’ o ne o ntse o le molemong oa motho.—Genese 3:19.

8 Boithuto ba morao tjena ba mahlale bo tiisa hore ke ’nete hore motho o ne a etselitsoe hore a sebetse. Bo bontšitse hore boholo ba batho ba hōlileng ba phelang hantle ha bo batle ho phomola mosebetsing, hore hangata ho phomola mosebetsing hoa tena ha ho thabise. Bafuputsi ba lumela hore ho phomola mosebetsing ho etsa hore batho ba tenehileng le ba likhoba ba felloe ke takatso ea ho phela ’me ba hle ba khutsufatse bophelo ba bona. Mesebetsi e etsetsoang feela ho ikhatholla ha e nke sebaka sa mosebetsi ka mokhoa o khotsofatsang bophelong ba batho ba phomotseng mosebetsing. Mesebetsi e etsoang ho ikhatholla feela e ka thabeloa ka lihora tse seng kae ka beke e le ho faposa kelello le ho phomola mosebetsing oa motho oa kamehla, empa e fetoha e khathatsang ha e se e etsoa ka nako eohle. E haelloa ho re etsa hore re ikutloe hore bophelo ba rōna bo sebeletsa morero o nang le thuso. Morena Salomone ea bohlale o ile a ngola: “Ha kea ka ka hanela pelo ea ka thabo efe le efe; pelo ea ka ea ’na ea thabela mosebetsi oohle oa ka; ke sona seo nkileng ka se rua mosebetsing oohle oa ka. Ha ke re, ho molemo ho motho ke hore a ’ne a je, a noe, a batlele moea oa hae boiketlo ka ho sebetsa ha hae na? Empa le teng, ke lemohile hobane hoo ho tsoa letsohong la Molimo.” Kahoo mosebetsi tšebeletsong ea Molimo ke mpho e tsoang ho Molimo.—Moeklesia 2:10, 24.

Ea Sebetsang a Thabele Litholoana tsa Mosebetsi oa Hae

9, 10. (a) Ke lipapiso life tse bontšang hore motho o lokela ho thabela litholoana tsa mosebetsi oa hae? (b) Jehova o utloa lillo tsa bo-mang?

9 Jehova ha a batle ha motho a amohuoa litholoana tsa mosebetsi oa hae. Moapostola Pauluse o ngolile hore, “Ea lemang ka matla, ke eena ea tšoanetseng ho kotula [ho latsoa pele, NW] litholoana.” A tsoela pele ho hlalosa motheo ona oa bomolimo ka hore, “Ke mang ea hlomang merara, ’me a sa je lijo tsa oona na? Ke mang ea lisang mohlape, ’me a sa je lebese la mohlape na? Hleka taba tseo ke li bolela ka mokhoa oa batho na? Molao ha o rialo le oona na? Hobane ho ngoliloe molaong oa Moshe, ho thoe: U se ke ua thiba molomo oa khomo, ha e pola. Hleka le re, Molimo ha o rialo, ke ho hlokomela likhomo na? Ha ke re, taba tseo o li boletse haholo ka baka la rōna na? Efela ke ka baka la rōna ho ngoliloeng hore ea lemang o tšoanetse ho lema ka tšepo, le ea polang a pole a ntse a tšepile hobane le eena o tla ja.”—2 Timothea 2:6; 1 Ba-Korinthe 9:7-10.

10 Le tsona liphoofolo tse sebetsang li ne li lokela ho ja litholoana tsa mosebetsi oa tsona. Haeba Jehova a sireletsa lithahasello tsa phoofolo e sebetsang, ekaba o tla phahamisa tsela ea basebetsi ba batho hakaakang! Ha e le hantle, o bontša ka ho hlakileng boikemisetso ba hae ba ho etsa sena: “Bonang, moputso oa basebetsi ba kotutseng masimo a lōna, oo le o jeleng o ntse o hoeletsa; ’me lillo tsa bakotuli bao li fihlile litsebeng tsa Morena oa makhotla.”—Jakobo 5:4.

Jesu le Balateli ba Hae—Basebetsi

11. Jesu o ile a ikutloa joang ka mosebetsi, hona ke hobane’ng ha re lokela ho ba le pono ea hae ka oona botebong ba lipelo tsa rōna?

11 Jesu le ntate oa hae oa leholimo Jehova, ke basebetsi. O itse: “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa.” (Johanne 5:17) O etsa mosebetsi oo a o abetsoeng ke Jehova. Ka boithatelo le ka boithaopo o etsa mosebetsi ona ’me o bontša ho thabela ho o etsa. O fumana e le o matlafatsang, le o khotsofatsang le o khathollang joaloka lijo. Haholo hoo, ha e le hantle, ka lekhetlo le leng ha barutuoa ba hae ba ne ba mo phehella hore a je, a ileng a arabela hore: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) Thabo ea ho finyella ho hong e ne e tla mo khatholla qetellong ea mosebetsi, e qhala ho khathala leha e le hofe ’me e mo sia a khotsofetse a bile a nyakalletse. Ba ipolelang hore ke Bakreste ba lokela ho tebisa pelong tsela ena le boikutlo ba Jesu Kreste. Hobane’ng? Hobane Bibele e bontša hore Kreste ‘o re sietse mehlala re tle re hate moo a hatileng.’—1 Petrose 2:21.

12, 13. (a) Ke papiso efe e bontšang hore ho loketse ho babatsa ba sebetsang hantle, ’me ba neoa moputso ofe? (b) Ho ile ha etsahala joang ka mohlanka ea botsoa? (c) Phomolo e sebeletsa morero ofe?

12 Jesu o bontšitse ka papiso hore moputso oa mosebetsi ke thabo. Motho o ne a nkile leeto. A bitsa bahlanka ba hae ’me a ba abela lintho ho ea ka matla a bona a sa tšoaneng. Ha a ka a ba kōpa ho etsa se imelang matla a bona, empa a lebella hore ba sebetse ho latela matla a bona. Hoba a be sieo ka nako e telele, a khutla ho tla lokisa litaba. Ea neng a neiloe litalenta tse hlano a li atisa ka tse hlano, ea filoeng tse peli a li atisa ka tse peli, empa ea neng a neiloe talenta e le ’ngoe ha a ka a etsa letho ka eona. Basebetsi ba babeli ba mahlaha-hlaha ba ile ba putsoa joang? Ka Phomolo? Che, ka mosebetsi! Morena a babatsa e mong le e mong ho bona, a re, “Ke hantle, mohlanka ea molemo ea khabane!” eaba joale o phaella ka hore: “U bile khabane linthong li se kae, joale ke tla u bea holim’a tse ngata; kena thabong ea morena oa hao.” Thabo ea morena e ne e le mosebetsing ona, ’me ka ho fumana o mongata bahlanka ba mahlaha-hlaha ba kena haholoanyane thabong ea hae. Empa ho thoe’ng ka mohlanka ea botsoa? Qeto e bile hore: “Mo amoheng talenta hle, le e nee ea nang le litalenta tse leshome.”—Mattheu 25:14-30.

13 Joale mohlanka ea botsoa o ne a ka chalaka. Empa na ho ile ha mo thabisa? Che, a qetella ka ho ‘lla le ho tsikitlanya meno!’ Hore re thabe, re hloka mosebetsi o nang le thuso. Leha ho le joalo, hape ho hlokahala hore re be le linako tsa ho phomola. Ho fapana le Jehova, rea khathala. Empa ha phomolo e khutlisitse matla a ’mele ea rōna le methapo ea rōna le ho tsosolosa meea ea rōna, re loketse mosebetsi o eketsehileng—ha e le hantle, re laba-labela ho khutlela mosebetsing. Ho joalo ntle leha mosebetsi e le o tenang o phetang ntho e le ’ngoe, o se nang morero le o sa reng letho ho ea o etsang, joalokaha ho le joalo ka mosebetsi o mongata oa boipheliso kajeno.

14. Tsela ea lintho tse bonahalang ke ea molemo ka nako e kae?

14 Empa ntle ho hore mosebetsi o sa khahliseng o theole mekhoa ea tšebetso, ba bangata kajeno ba tšoasitsoe ke lintho tse bonahalang. Leha ho le joalo, matlotlo a bonahalang ke a molemo oa nako e kae ha a bokelloa ho tlōla moeli oa se hlokahalang? Joalokaha batho ba kajeno ba re, “Li sala hona mona.” Salomone o ho hlalositse ka matla haholoanyane: “Joale ka ha a tsoile mpeng ea ’m’ae, o tla ikhutlela a le feela, a ikele joale ka ha tlile; o tla ea a sa nke letho mokhathaleng oa hae, leo a ka eang le lona a le fuparetse ka letsoho. Hoo le hona ke kotsi e bohloko; kamoo a neng a tlile kateng, o ikela joalo; ’me o rua’ng ka mokhathala oa hae oa lefeela.”—Moeklesia 5:15, 16.

15. Ba bang ba tšoasoa ke mafeela afe a mang?

15 Ba bang ba ikenya lefeeleng le leng: ho sebeletsa “ho lekana le ba ha ’Nyeo,” kamoo ho eeng ho boleloe. Kapa, hangata, ho hlolisa ba ha ’Nyeo. Salomone o itse: ‘Hape ke ithutile hore na ke hobane’ng ha batho ba sebetsa ka thata hakana hore ba atlehe. Ke hobane ba honohela lintho tseo ba ahisaneng le bona ba nang le tsona.’ Kapa, ‘ke ho tsohelana bora.’ (Moeklesia 4:4, Today’s English Version; NW) Ruri mesebetsi le bophelo ba ba khopo ke tsa lefeela. “Le tla ba joale ka sefate sa eike seo mahlaku a sona a hlohlorehileng, le joale ka tšimo e se nang metsi. Morui o tla fetoha toala, mosebetsi oa hae e be hlase ea mollo, ba tla cha hammoho, ea ba timang o tla hlokahala.”—Esaia 1:30, 31.

Mosebetsi o Thabisang oa Kamoso

16. Ke mosebetsi ofe o khotsofatsang o letetseng batho ba utloang?

16 Hase kamehla lefatšeng batho ba tlang ho lelekisa lefeela. E tla ba mosebetsi o nang le morero le o molemo joaloka o neng o abetsoe batho ba babeli ba pele Edeneng. Morero oa Jehova oa hore lefatše e be paradeise kaofela e hlokomeloang ke libopuoa tse phethahetseng tsa batho o tla phethahatsoa. (Esaia 55:11) Lefatše le joalo le tšetseng batho ba phethahetseng le tla busoa ke ’muso oa Molimo tlas’a Kreste. Ha ho mohla bophelo e tla ba bo tenang kapa bo bosula tsamaisong eo e ncha, hobane mosebetsi o tla ba mongata haholo—e seng mosebetsi oa lefeela le o sa reng letho oa lefatše lena la khale o etsang hore beke ea tšebetso e be ntho e tenang le e etsang hore batho ba bue ka ho qaleha ha eona e le “Blue Monday.” Che, e tla ba mosebetsi o monate le o hapang oa ho ntlafatsa lefatše, ho busa liphoofolo ka lerato, ho hōlisa bana, le ho ruta batho ba tsositsoeng, ho fihlela ha lefatše le tlala moloko o lokileng le menyaka e meng e ke keng ea lekanngoa. Batho ba tšoarehileng ‘ba tla thabela mosebetsi oa matsoho a bona ’me o tsofalle matsohong a bona.’—Esaia 65:22.

17. Ke eng e bontšang hore ha ho mohla bophelo e tla ba bo tenang hobane re ithutile sohle le ho etsa sohle?

17 Ntle ho mesebetsi ea matsoho ho tla ba le lintho tse batlang ho rarolloa tse sebelisang matla a ho nahana ka ho feletseng. Ha ho mohla batho ba tla ba le tsebo e feletseng, hobane “ha ho motho ea utloisisang mesebetsi e entsoeng ke Molimo, ho qala qalong ea eona ho isa qetellong ea eona.” “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa oona ha li hlalohanngoe hakakang? Litsela tsa oona ha li na ho fihleloa hakakang!” (Moeklesia 3:11; Ba-Roma 11:33) Kamehla ho tla ba le lintho tse ncha le mehlolo tse lokelang ho fuputsoa le ho shejoa ka botebo. Le hoja bahlanka ba Jehova ba tla phela ka ho sa feleng, ho se fele ha nako ka bohona e ke ke ea e-ba ntho e lekaneng hore ba tsebe sohle ka lefatše le bokahohle tse bōpiloeng ke Jehova.

18. Ke eng e lokelang ho etella pele neo ea Molimo ea mosebetsi lefatšeng la paradeise?

18 Leha ho le joalo, pele mosebetsi oo o thabisang e ka ba lefa la rōna, ho na le mosebetsi kajeno oo re tlamehang ho o etsa ho tiisa hore re tla ba moo ho ba karolo ea paradeise eo ea lefatšeng. Hona joale ke taba ea lefu kapa bophelo ho rōna hore re ithute hore na mosebetsi oo oa bohlokoa ke ofe.

◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batho ba sebetse?

◻ Jehova o phomotse ka kutloisiso efe hoba a etse maholimo le lefatše?

◻ Ke mosebetsi ofe o nang le sepheo oo Molimo o ileng oa o nea motho hore a qale ka oona?

◻ Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore le boemong ba motho ba ho se phethahale ho hotle ho eena hore a sebetse?

◻ Ke eng e bontšang hore batho ba ne ba reretsoe ho thabela litholoana tsa mesebetsi ea bona?

◻ Jesu o bontšitse boikutlo ba hae joang ka mosebetsi?

◻ Ke mosebetsi ofe o motle o emetseng bahlanka ba Molimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Molimo o ile oa nea motho mosebetsi o molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela