Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 2/1 leq. 15
  • Na u Sebelisa Lebokose Leo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u Sebelisa Lebokose Leo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ikhopotse Lintlha Tsa Sehlooho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lintlha Tse Khōlō li Totobalitsoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Ithuta Hoa Putsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lokisetsa Liboka Tsa Phutheho le ho li Thabela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 2/1 leq. 15

Na u Sebelisa Lebokose Leo?

KAHA U balile Molula-Qhooa selemong se fetileng, na u hlokometse sehlooho se secha se hlahang lihloohong tse lokiselitsoeng ho ithutoa ke phutheho? Ke lebokosana le kang leo u tla le fumana maqepheng a 22 le 28. Lebokosana lee ke la eng?

Re ka ʼna ra re ke ‘lebokose le rutang,ʼ hobane ke oona mosebetsi oo le o reretsoeng. Batho ba limillione ba ba teng lithutong tsa Bibele tsa phutheho, ba sebelisa Molula-Qhooa. Empa basebeletsi ba bangata ba abetsoeng ho ruta libokeng tsena ba tlalehile hore batho ba bang ba thatafalloa ho utloisisa lintlha tsa sehlooho tsa lithuto tse ling. Hona ha ho makatse hobane moapostola Petrose o ile a lumela hore Bakreste ba bangata ba tlotsitsoeng lekholong la pele la lilemo ba ne ba fumana hore mangolo a Pauluse a na ‘le litaba tse thata.’ (2 Petrose 3:16) Hape, babali ba bang ba Molula-Qhooa ba ile ba hlalosa hore ba ka hopola ho hongata haeba ba ne ba ka ba le tlhahlobo e qetellang ea lintlha tsa sehlooho. Karabelong ea likopo tse joalo, ha qaloa mabokosana ana.

Joale, kamorao ho likhoeli tse seng kae, na mabokosana aa a rutang aa ananeloa le ho sebelisoa? Khaitseli oa Mokreste oa Ohio a ngola: “Ke le leboha haholo ka lintlha tsa tlhahlobo tse hlahang qetellong ea sehlooho se ithutoang ho Molula-Qhooa. Ruri li nthusa ho utloisisa lintlha tsa sehlooho tse lokelang ho hopoloa.”

ʼMè oa bara ba babeli a hlalosa: “Ke rata ha le ka tseba hore re ananela le ho thabela lipotso le lipolelo lebokoseng la tlhahlobo tseo le li ngolang qetellong ea sehlooho se seng le se seng se ithutoang. Ruri li molemo kannete bakeng sa ho hlahloba bekeng eona eo le bekeng e latelang ha re ithuta taba e latelang.” Ha a atolosa tlhaloso ea hae ka se seng se hlahile, Mokreste oa New York a re: “Ke na le tšepo ea hore ke thato ea Jehova hore lipotso tseo li tla hlaha litokollong tsohle tsa kamoso. Ruri li u thusa hore u utloisise seo ho ithutoang ka sona.”

Litlhaloso tse latelang tse entsoeng ke ʼmali oa kamehla oa England mohlomong li ka u thusa ho bona litsela tseo u ka sebelisang lebokosana lena la tlhahlobo ka tsona: “Ke fumana lithuto tsa morao tjena tsa Molula-Qhooa le mabokosana a tsona le lipotso qetellong e le thuso e khōlō ho ʼna hore ke fumane ho hongata lithutong. Hoa tsoteha hore na ho teba ho hongata hakaakang. Hoba ke bale sehlooho ka lekhetlo la pele hase kamehla nka arabelang lipotso tsohle tseo ke neng ke nahana hore nka li araba. Kahoo ke bala taba lekhetlo la bobeli kapa le la boraro ho fihlela nka arabela potso e ʼngoe le e ʼngoe. ʼMe ke fumana hore ke thusehile haholo hore ke hopole ho hongata.”

Ha u qetile boithuto ba hao ba botho sehloohong, ke hobane’ng ha u sa ee lintlheng tse rutang tsa lebokose ka bonngoe. Haeba, ntle ho ho khutlela sehloohong u ka arabela potso e ʼngoe le e ʼngoe kapa ua hopola ntlha e ʼngoe le e ʼngoe ea sehlooho, ho hotle haholo! Empa haeba u sa tsebe karabo eitseng, kapa u ikutloa hore kutloisiso ea hao ka taba ha e-ea toba hantle hore u ka e hlalosetsa ba bang, khutlela karolong e tšoanelehang ea sehlooho. Ho hlahloba hona hoo ho tla ntlafatsa haholo kutloisiso ea hao ʼme ho tla tiisa lintlha ho u thusa ho li hopola. Ho ke ke ha nka nako e ngata, empa moputso o tla ba moholo.

Haeba u tsamaisa thuto ea Molula-Qhooa ea phutheho, u na le lebaka le leng la ho sebelisa mabokose a tlhahlobo. Potla-potlakisa thuto e le hore u ka ba le nako ea tlhahlobo ho isa qetellong, e be joale u hlokomelisa ka lebokose. Ho e-na le ho bala lintlha feela, kapa u etsa tlhahiso ea hore bamameli ba etse joalo malapeng, leka ho sebetsana le ntlha e ʼngoe le e ʼngoe. Ha e le lipotso, mohlomong u tla lakatsa ho li botsa bamameli ‘ba sa shebe lirapeng.’ Ka tsela ena bohle ba teng ba tla bona hore na lintlha tsa sehlooho tsa thuto e ne e le life. Uena le bona le tla hopola lintlha tsa sehlooho hamolemo!

Re na le tšepo ea hore tšobotsi ena e tla tsoela pele ho u thusa ha u batla ho tseba ʼnete e ka lokollang batho le ho ba isa bophelong bo sa feleng.—Johanne 8:32; 17:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela