Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 2/1 maq. 16-17
  • Ho Rarolla Liphapang ka Lerato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rarolla Liphapang ka Lerato
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Barnabase—“Mora oa Matšeliso”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “O Ile a Khothatsa Batho ba Bang”
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • “A Matlafatsa Liphutheho”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Mareka ha aa ka a Nyahama
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 2/1 maq. 16-17

Lentsoe la Molimo lea Phela

Ho Rarolla Liphapang ka Lerato

JOHANNE MAREKA o tseleng e eang hae Jerusalema, moo ʼmʼae Maria a lulang teng. Ke ka nako ea leeto la pele la boromuoa la Pauluse le Barnabase.—Liketso 13:13; 12:12, 25.

Joale ke ka selemo se latelang. Pauluse le Barnabase ba itokisetsa ho qala leeto la bona la bobeli la boromuoa. Barnabase o batla ba tsamaee le motsoal’ae Mareka, hape. Leha ho le joalo, Pauluse ha a batle ho tsamaea le eena. O re: ‘Mareka o ile a nyahlatsa ha re mo nkile ka nako e fetileng.’ Empa Barnabase o tsitlella hore ba mo nee monyetla o mong.

Ka baka la maikutlo ana a sa tšoaneng, “Ha e-ba le phapang e khōlō hoo ba ileng ba arohana.” Barnabase a tsamaea le Mareka. Ba palama seketsoana ʼme ba leba sehleke-hlekeng sa Cypera ho ea bolela moo. Pauluse eena a ikhethela Mokreste e mong, Silase, ʼme ba qala leeto la ho bolela leo ka lona ba ileng ba qala Syria.—Liketso 15:36-41, phet. e ncha.

Ho thoe’ng ka bothata bona bo neng bo le pakeng tsa Pauluse le Barnabase? Hoja oa ba moo ʼme ua bona “phapang e khōlō” ena, na u ne u tla etsa qeto ea hore Pauluse le Barnabase ha se karolo ea batho ba Molimo ka baka la tsela eo ba ileng ba itšoara ka eona.

Ka sebele, hoo e ne e ke ke ea e-ba bohlale. Re lokela ho hlokomela hore kaofela ha rōna re futsitse ho se phethahale ha batsoali ba rōna ba pele Adama le Eva. (Ba-Roma 5:12) Ka baka leo Bibele e re “bohle re khopjoa nthong tse ngata.” (Jakobo 3:2; Ba-Roma 3:23) Empa Bakreste ba ʼnete bohale ba bona ha bo tsoelepele kapa hona ho nkana ka lipelo. Ba ela hloko taelo ea Bibele: “Le mamellane, le rekolohelane, ʼme ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha Kreste a le hauhetse, etsang joalo le lōna. . . . le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:13, 14.

Na Bakreste ba babeli ba tsebisahalang Pauluse le Barnabase ba ile ba rarolla phapang ea bona ka lerato? Ba bone mona. Ba kopana hammoho hape! (1 Ba-Korinthe 9:5, 6) ʼMe hamorao Pauluse a ngolla Timothea: “U ntlele le Mareka, u mo tlise, hobane u molemo ho ʼna tšebeletsong ea lentsoe.”—2 Timothea 4:11.

E, le hoja Bakreste ba pele ba ne ba e-ba le liphapang harʼa bona ka linako tse ling, ba ne ba li lokisa ka lerato. Ruri re ka etsisa mohlala oa bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela