Ho Mamella ka Tumelo ho Jehova
Kamoo ho phetang Carey W. Barber
HA SEBUI se fihla lebaleng la lipapali Plainfield, New Jersey, sa fumana hore sepolesa se koetse sebaka se hloellang sethaleng. Eare ha a hloella sethaleng a bona hore sepolesa se beile mechine-kane e ʼmeli kamorao ho masira e le hore a ka bua a eme ka pel’a eona. Mapolesa a bolela hore a boleletsoe hore ho tla ba le mofere-fere, ʼme a teng ho boloka molao. Leha ho le joalo, puo e neng e re “Ke Hobane’ng ha Bolumeli bo sa Neoe Litokelo tse Tšoanang Kajeno?” ea fanoa ntle ho khathatso ʼme ea ananeloa ka cheseho ke bohle ba teng, ho akarelletsa ʼna.
Sebui e ne e le J. F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society. Ka bo-1930 Plainfield e ne e le setsi sa khanyetso mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova. Ke ka baka leo Rutherford a ileng a fihlela qeto ea ho tšoara seboka seo sa pontšeng moo ka la 30 Phupu, 1933. Nka u tiisetsa hore moea o ne o phahame nakong ea puo ea ‘ho se neoe litokelo tse tšoanang tsa bolumeli!’
Ke liphihlelo tse kang eo qalehong ea bophelo ba ka tse ileng tsa ntiisa tumelong le ho nkhothalletsa ho mamella tšebeletsong ea Jehova ka lilemo tse fetileng tse mashome a tšeletseng.
Mosebetsi o Mocha o Hlollang
Ke hlahetse Trowbridge, Wiltshire, England, ka la 4 Phupu, 1905. Ka la 18 ʼMesa, 1921, kopanong e nyenyane ea Liithuti tsa Bibele tsa Machaba (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka nako eo) e neng e tšoaretsoe Winnipeg, Canada, ka kolobetsoa, ke le lilemo li leshome le metso e tšeletseng.
Hoo e ka bang nakong eona eo Watch Tower Society ea leka ka sebete ntho e ʼngoe e ncha. Ho e-na le ho sebelisa bahatisi ba khoebo ho etsa libuka tse khōlō tsa Mokhatlo, J. F. Rutherford a fihlela qeto ea hore, ka thuso ea Jehova, hona joale ho ka etsoa ke Bakreste ba ineetseng. Eaba ho rekoa sebaka sa khatiso 18 Concord Street, Brooklyn, New York, eaba joale ho etsoa pitso e eang ho baena ba phelang Canada le United States hore ba tle ʼme ba kopanele mosebetsing.
Kahoo, ka ʼMesa 1923, ʼna le ngoan’eso oa lefahla Norman, re s’o fihle hantle selemong sa leshome le metso e robeli, ra iphumana re itlaleha Bethele, ntlokholo ea Mokhatlo e Brooklyn, re loketse ho qalisa mosebetsi morerong ona o mocha.
Kabelo ea ka ea pele e ne e le ho fepela bukana Our Lord’s Return ka mochining o rokang. Molebeli a ntlhalosetsa hore na ke ho etse joang, a supa libuka tse bokeletsoeng ka bongata ʼme a re: “Etsa kapele ʼme u qete mosebetsi hobane Harmagedone e-ea tla!”
U ka ʼna ua re: ‘Ho se ho fetile lilemo tse ngata ho tloha nakong eo. Kannete ho ne ho se lebaka la ho potlaka.’ Ke ʼnete, letsatsi la bohale ba Jehova ha le s’o tle. Leha ho le joalo, ha u nahana ka phephetso e neng e le ka pel’a rōna—ho hatisa libuka ka morero oa ho bolela litaba tse molemo ‘lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona’—u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha re nka lintho ka potlako. (Mattheu 24:14, NW) Banna ba nang le tsebo litabeng tsa khatiso ba sisinya lihlooho tsa bona ʼme ba re, “Ho hang ho ke ke ha etsoa.” Ke u tiisetsa hore, ka linako tse ling, e ne e le ka ho nyahama ho hoholo rōna ba se nang tsebo re ileng ra ithuta ho hatisa le ho tlama libuka! Ruri e ne e le teko ea tumelo ea rōna le ea mamello ea rōna. Ke ka baka leo hangata ke neng ke nahana ka mantsoe a Ba-Heberu 10:36: “Le tšoanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ea Molimo, le tle le ntoo kotula tseo le li tšepisitsoeng.”
Ho Bolela ho Hloka Mamello
Mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo e ne e le ntho e ncha ho hang ho rōna ka nako eo, ʼme ho e-na le bahanyetsi ba bolumeli.
Kahoo, Moqebelo motšehare oa mantsiboea nakoana hoba ke tle Bethele, ʼna le ngoan’eso Norman, hammoho le moena e mong oa Bethele, ra tšoaroa re sa etetse beng ba matlo ho buisana le bona ka Lentsoe la Molimo. Ra tsebisoa hore ha ho tumellanong le molao sebakeng seo ho tsamaisa libuka tse buang ka Bibele ka ntlo le ntlo, eaba rea lefisoa. Re sa tsebe hore na re ka itšireletsa joang, ra lefa kahlolo.
Ra tšoenyeha ka boraro hore na mokhoa o joalo o ka sebelisoa naheng e “lokolohileng.” Ho e-na le hore ho kolobise boikemisetso ba rōna ba ho bolela litaba tse molemo, ha eketsa cheseho ea rōna. Ketsahalo ena e nyenyane e ne e le feela e le ʼngoe letšolong le neng le etsoa le le neng le tla tsoela pele le le matla ka lilemo. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li ne li ke ke tsa tela ntle ho ntoa! Re tla bua hape kahoo hamorao.
Ho Hlokomeloa Nameng
Ke ne ke se na chelete hoba ke lefe kahlolo le ho khutlela Bethele. Empa kannete nka bolela hore ho tloha ka nako eo ho fihlela kajeno, ha ho mohla nkileng ka haelloa ke lijo tse lekaneng, liaparo le ntlo. Ba bang bao ke ba tsebang ha baa ka ba kena tšebeletsong ea nako e tletseng ka baka la ho tšaba hore seo ba se hlokang tsatsi le leng le le leng ha se na ho fumaneha. Ba bang ba tlohela hobane ba ne ba ikutloa hore thuso ea chelete e ne e sa ba khotsofatse. Kapa ba ne ba se na tiiso ea hore ba tla hlokomeloa botsofaling ba bona, eaba ba ipatlela mesebetsi ea boipheliso. Empa tumelo ea ka litšepisong tsa Jehova hore o tla fana ka se hlokahalang bophelong e nthusitse ho mamella tšebeletsong ea nako e tletseng. (Mattheu 6:25-34) Ke na le tšepo e feletseng ea hore ha ho mohla Jehova a tla mphuralla.—Ba-Heberu 13:5, 6.
Le hoja menono e meng eona ke sa ba le eona, ke khotsofalletse ka mehla seo Jehova a fanang ka sona. Ke fihletse hore haeba motho ‘a batla ʼmuso le ho loka ha hae pele’ (Mattheu 6:33), Molimo o tla fana ka sohle seo a se hlokang hore a mamelle le ho thaba. ʼNa ka bonna nka paka bonnete ba Liproverbia 10:22: “lehlohonolo la Jehova le entša motho, hase mokhathala oa hae o mo ekeletsang leruo.”
Lintoa tsa Molao
Kamorao ho nako ka ithuta mochine oa khatiso, ʼme har’a mesebetsi eo ke ileng ka e abeloa e ne e le oa ho hatisa mangolo a molao a neng a sebelisoa ke Moena Rutherford le ba bang lintoeng tsa molao khahlanong le “ba fetolang bobe molao.” (Pesalema ea 94:20, phet. e ncha) Ha moea oa Ntoa ea II ea Lefatše o fihla tlhorong mathoasong a bo-1940, ha hla ha bonahala eka bahanyetsi ba rōna ba tla koala mosebetsi oa rōna. Empa ka khothatsoa haholo ke se ileng sa etsahala ka la 3 Motšeanong, 1943, ha Jehova a etsa hore batho ba hae ba hlole ka mokhoa o utloahalang hohle. Lekhotla le Phahameng la United States la re emela linyeoeng tse leshome le metso e ʼmeli ho tse leshome le metso e meraro!
Nyeoe e hlileng ea totobala kannete eo ke e hopolang e ne e le ea Murdock a qosoa ke ba Pennsylvania, e le nyeoe ea lengolo la tumello ea khoebo. (Khang e ne e le hore na Paki e lokela ho fumana lengolo la tumello ea khoebo le ho lefa lekhetho e le hore e bolele.) Lekhotla la etsolla qeto e neng e entsoe nakong e fetileng ʼme la re: “Khang ke hore, leha ho le joalo, ʼnete ea hore lekhetho la lengolo la tumello ea khoebo le ka hatella kapa la laola mosebetsi ona hase ea bohlokoa haeba le sa ho etse. Empa hoo ke ho hlompholla morero oa lekhetho lena—lekhetlo le qaqileng le behetsoeng ho sebelisa tokelo e fanoeng ke Molao oa litokelo. Setereke se ke ke sa bea qoso bakeng sa ho thabela tokelo e fanoeng ke molao oa motheo oa naha.” Ea e-ba tlhōlo bakeng sa batho ba Molimo!
Liketsahalo tsena le tsela eo ka eona Jehova a ileng a tsamaisa litaba e bile mohloli oa matla ho ʼna, li bontša hore a ka etsa hore lintho tsohle li sebetse hamolemo molemong oa ba mo ratang.
Likopano tse Thabisang!
A re ke re khutleleng ho 1922 hape. Ho tloha ka selemo seo ho fihlela ka 1928, Liithuti tsa Bibele tsa e-ba le likopano tse supileng tse khōlō. Ke bile le tokelo ea hore ha ke sa be ho tsona kaofela ke be le kabelo ea ho hatisa le ho tsamaisa liqeto tse thabisang tse ileng tsa etsoa ho e ʼngoe le e ʼngoe. Ho ba har’a ba kopanong le ho kopanela ho sohle se etsahalang ha haha tumelo ea ka, ʼme ke ne ke tseba hore nka mamella ka thuso ea Jehova.
Ho ne ho e-na le linako tseo ka tsona mahoo-hoo a bohale a neng a leka ho qhala likopano tsa rōna tse nang le khotso. Ka mohlala, ke ne ke le teng Madison Square Garden motseng oa New York ka Sontaha sa la 25 Phuptjane, 1939, ha Mahoo-hoo a K’hatholike a leka ho thibela puo ea phatlalatsa “ʼMuso le Khotso” ea J. F. Rutherford. Empa re ne re le malala a laotsoe.
Palo eitseng ea rōna ba tsoang Bethele le baena ba bang ra abeloa ho bea batho litulong. Ka 4 motšehare oa mantsiboea boholo ba lebala bo ne bo tletse Lipaki, ntle ho lebala le phahameng kamorao ho moo sebui se leng teng. Nakoana hoba seboka se qale, mokhopi oa ba ka bang 500 ba balateli ba Charles E. Coughlin, “moprista oa sea-le-moea” ea tsebisahalang oa K’hatholike ka bo-1930, oa tla ʼme oa tlala sebaka seo se kamorao ho sebui. Hamoraonyana e mong a halimisa khanya karolong eo e le pontšo e neng e lokiselitsoe hore mokhopi o tle o nke bohato.
“Heil Hitler!” “Ahe Franco!” le mehoo e meng ea utloahala lehlakoreng leo. Rutherford o ne a tla etsa joang?
Moena Rutherford a re, ‘Bona kajeno Manazi le Mafasi a rata ho qhala seboka sena, empa ka mohau oa Molimo ba ke ke ba ho etsa.ʼ Ha utloahala mahofi, re mo tšehetsa. Eaba bahlokomeli ba leleka batšoenyi.
Ea e-ba kopano e thabisang hakaakang! Liphihlelo tse kang eo tsa qala ho leka boineelo ba rōna le tumelo hore na ruri Jehova o tla phahamisa batho ba hae. Liketsahalo tse joalo tsa phelisa tumelo ea ka ho Jehova ʼme tsa nkhothalletsa hore ke mamelle tšebeletsong ea hae.
Khang ea ho se Nke Lehlakore ha Bokreste
Qalehong ea Ntoa ea II ea Lefatše khang ea ho se nke lehlakore ha Bokreste likhohlanong tsa lefatše ea etella pele, ʼme hang hape ka iphumana ke le khabong!
Rōna ba neng ba le lilemong tsa ho ea ntoeng ra biletsoa ho itlhahisa ka pel’a lekhotla la moo la sesole. Ra hlahlobuoa ʼme ra kōpa hore re lokolloe, kaha molao o ne o ho lumella. Lekhotlana la sesole la leka ka masene ho hana kōpo ea rōna. Empa hang hape Jehova o ne a eme le rōna—ha ho lea mong ho rōna ea ileng a tlosoa kabelong ea hae Bethele. Hoja baena bohle ba bacha ba Bethele ba ne ba nkiloe, mosebetsi oa bohlokoa oa boboleli ba Bokreste o ka be o ile oa sitisoa habohloko.
Ka baka la ho felloa ke bolokolohi linaheng tse ngata, hape e le boitlhokomelo bakeng sa lelapa la Bethele, ho ne ho hahiloe sebaka sa tširelo South Lansing, New York. Ha ho mohla se kileng sa sebelisetsoa morero oo, leha ho le joalo. Ho e-na le hoo, tlas’a tataiso ea Jehova mohaho hamorao o ile oa fetoloa ntlo ea boroko le sekolo, se bitsoang Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Hona ho etsahetse ha ho ntse ho hlanakoa Ntoa ea II ea Lefatše. Ka 1943 sehlopha sa pele sa liithuti tse 100 sa qala. Sekolo (seo ke neng ke tla rua molemo ka sona hamorao) se ne se tla sebelisetsoa ho koetlisa baromuoa bakeng sa ho jala litaba tse molemo tsa ʼmuso oa Molimo.
Kabelo Esele
Ka nako ena ke ne ke e-na le lilemo tse mashome a mabeli Bethele, ʼme le hoja liketsahalo tsa lefatše ho ne ho bonahala li fihla tlhorong, e ne e le hona lintho li qalang ho ahlama kamoo mosebetsi oa ho bolela lefatšeng lohle o neng o ameha kateng.
Lilemo tse ngata hamorao, ka 1948, ka neoa kabelo esele. Ka rōmeloa ntle ke le moemeli ea tsamaeang oa Mokhatlo, ʼme ena e tla ba kabelo ea ka ka lilemo tse latelang tse mashome a mararo. Le ho leka ho hlalosa sohle se neng se tla latela nakong eo ho thata!
Kabelo ea ka e ne e le District No. 6, United States ka bophirimela. Eabe e le seterekehali! Se ne se qala San Diego, California ʼme se saroloha ho ea fihla moeling oa Canada, sebaka se arohaneng ka 2 400 km. Se tloha Lebopong le ka Bophirima ho ea lithabeng tsa Rocky ho kenella Washington ka bochabela, Idaho le Montana. Joale se leba boroa, se nka Wyoming kaofela, Utah, Nevada, New Mexico, Motjoli oa Texas le Arizona, le ho khutlela California hape. Mehleng eo likopano tsa potoloho tsa beke le beke tsa Lipaki tsa Jehova li ne li arohane ka hoo e ka bang 1 600 km. Kahoo ke ne ke tlameha ho tsamaea sebaka se selelele ka koloi ea ka ho ba teng.
E ne e le tokelo e babatsehang ho ʼna, leha ho le joalo, hore ke tsamaee hohle United States ʼme ke kopane le baena le likhaitseli ba tšepahalang borapeling ba bona le tšebeletsong ho Jehova Molimo. Ho sebetsa le bona ho bolela litaba tse molemo ruri ho ne ho tiisa tumelong.
Khaitseli e mong ea tšepahalang eo ke mo hopolang ke Emma, ea neng a phela New Mexico. Emma o sebelelitse ka lilemo e le ʼmoleli oa nako e tletseng oa litaba tse molemo. O ne a tsamaea ka maoto sebakeng se seholo sa lehoatata seterekeng seo. O ne a paka ka ntlo le ntlo letšehare lohle, ʼme haeba a ka khaoletsoa ke bosiu, o ne a lula le lelapa le ka mo amohelang kapa a ithoballe feela tlas’a marulelo afe kapa afe a ka mo sireletsang. Ka linako tse ling balisana ba likhomo ba palameng lipere ba ne ba mo hlokomela ha a ntse a tsamaea e be baa mo bitsa, “Na u batla ‘liftʼ Nkhono?” ebe o palama le bona lik’hilomithara tse seng kae. Lerato la hae le leholo le cheseho bakeng sa Jehova tsa nkhothatsa haholo hore ke mamelle tšebeletsong ea Molimo.
Kamorao ho lilemo tse robeli ka fihlela phetoho e ʼngoe e khōlō. Ka biletsoa sehlopheng sa mashome a mabeli a metso e tšeletseng sa Gileade ka 1955. Sehlopheng sona seo ho ne ho e-na le khaitseli oa pula-maliboho (ʼmoleli oa evangeli oa nako e tletseng) ea bitsoang Sydney Lee Brewer oa Canada. Hoba re qete sekolong, ho e-na le ho ipetsa ke le mong, ʼna le Sydney ra nyalana tseleng e tlohang Sekolong sa Gileade ho ea kabelong ea rōna, eo e neng e le ho etela liphutheho le ho li khothatsa sebakeng sa Chicago. E ne e le ka la 18 Tlhakola, 1956. Ha e le hantle, matsatsi a qalang a ho nyalana ha rōna ra a qeta re sebeletsa liphutheho. Sydney o sa ntsane a sebetsa le ʼna e le molekane ea tšepahalang. Boiteko ba hae bo masene e bile mohloli oa khothatso ho ba bangata.
Kamorao ho lilemo tse ka bang mashome a mararo tšebeletsong ea ho tsamaea, mafelong a 1977 ka fumana lengolo le tsoang ntlo-kholo le mpiletsang ho sebeletsa ke le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Eaba joale ke khutlela lehaeng la ka la khale—Bethele ea Brooklyn. Ho ba le kabelo e nyenyane mesebetsing ea Sehlopha se Busang sa batho ba Jehova ke hlompho e ʼngoe le tokelo e fetang kutloisiso.
Ha ke hetla morao lilemong tse ka bang mashome a tšeletseng tšebeletsong ea Jehova, ke tla re’ng? Ke bone Lipaki tsa Jehova li eketseha ho tloha liketeng tse seng kae ka 1923 ho ea ho limillione tse fetang tse peli ka 1982. Ke bone boiteko bo etsoang ke bahanyetsi ho emisa mosebetsi oa boboleli, empa ba hlōlehile. Ke thabetse tokelo ea ho kopana le ho tloaelana le batho ba Jehova ba likete ka hare ho United States le linaheng tse ling tse ngata. Le hoja ke bile le liphihlelo tse ling tse phephetsang, tumelo ea ka ho Jehova le boikemisetso ba ka ba ho mamella tšebeletsong ea hae, li ʼnolofalelitse hore ke mamelle sena sohle.
Ke ikutloa joaloka morena Davida oa boholo-holo, ea ileng a susumeletseha ho rorisa Jehova ka baka la hore a tšoane le molisa ea lerato ho eena. (Pesaleme ea 23) Le ʼna joaloka Davida, ‛ha kea haelloa ke letho.’ Ruri Jehova o noselitse le ho khatholla moea oa ka ka lilemo tsena tsohle. Tšepo ea ka ke hore ke ʼne ke eketse tumelo le lerato ho Molisa ea Khabane, Jehova Molimo. Ke kopa hore a mphe matla a hlokahalang hore ke tsoelepele ho mamella ka bokhabane ‘ka tlung ea Jehova ho isa qetellong ea matsatsi a ka.’—Pesaleme ea 27:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
J. F. Rutherford a bua Madison Square Garden ka 1939