Na u sa Hopola?
Na u kile ua nahanisisa ka hloko ka litokollo tsa haufi tjee tsa “Molula-Qhooa?” Haeba ho joalo, u tla hopola lintlha tse latelang tse khahlehang.
◻ Ke hobane’ng ha thapelo ea Mohlala ea Jesu e tšoana le lehakoe?
Ke ea bohlokoa bo phahameng haholo. Tšobotsi e ʼngoe le e ʼngoe e khanya ka botle ba eona. Ha ho mohla ho tšoaneleha ha eona ho kileng ha fifala.—wSU 10/1/82, leq. 3.
◻ Haeba mohlanka ea ineetseng oa Jehova a suthela hole le phutheho, na ho bonolo hore a khutlele mohaung oa Molimo?
E, ho bonolo. Haeba motho ea khaolitseng ho kopanela le phutheho a ikutloa hore o molato ʼme o tšoenyehile pelong, hona ke bopaki ba hore ha a fetella hoo Molimo o ke keng oa mo tšoarela libe tsa hae. Lipapiso tsa Jesu tse fumanoang ho Luka khaolo ea 15 li bontša thahasello eo Molimo, Mora oa hae, mangeloi le baena ba hae ba moea ba nang le eona bohle ho tsosa motho ea joalo.—wSU 10/15/82, maq. 20-23.
◻ Letsatsi la Kahlolo le tla ba joang?
Letsatsi la kahlolo ke lilemo tse sekete. Moahloli, Kreste Jesu, e tla ba ea sa eeng ka leeme le ea etsang ka toka. (Esaia 11:3-5) Pele, batho ba tla sebetsa hammoho ho etsa lefatše lena paradeise e loketseng ho amohela bafu ba tla tsosoa. Joale, ba tsositsoeng ba tla ahloloa ka seo ba se etsang Letsatsing la Kahlolo—e seng ka seo ba se entseng nakong e fetileng. Ba ikhethelang ho sebeletsa Jehova ba tla fumana bophelo bo sa feleng. Hona ho etsa hore Letsatsi la Kahlolo e be le thabisang.—wSU 11/1/82, leq. 8.
◻ Ke joang buka ea liketso e leng molemo o totobetseng ho Bakreste kajeno?
Buka ea Liketso e phahamisa tšepo e khōIō ea ʼmuso ʼme e bontša kamoo Bakreste ba pele ba ileng ba susumeletseha ho ba lipaki tse sebete tsa Jehova le Mora oa hae, Kreste Jesu. Hona ho lokela ho susumelletsa Bakreste kajeno ho etsa joalo le ho hloka tšabo ha ba paka ka tumelo ea bona ʼmusong oa Molimo.—wSU 12/1/82, maq. 26-29.
◻ Ke eng e ka tlatsetsang bophelong bo thabileng ba lelapa kajeno?
Thabo ea lelapa e ka fumanoa lelapeng le leng le le leng haeba setho se seng le se seng se ithuta se bile se sebelisa keletso ea Molimo e fumanoang bukeng ea hae ea tataiso ea lenyalo, Bibele.—wSU 1/1/83, maq. 8, 9.
◻ Pono ea Bibele ke efe ka ho kalima chelete?
Bibele ha e nyatse ho kalima chelete ha ho hlokahala, empa e-ea lemosa: “Ea alimang ke mofo oa eo a alimileng ho eena.” (Liproverbia 22:7) Kahoo, ea alimileng a ka ʼna a ipotsa, ʽNa ho hlile hoa hlokahala?’ Haeba ho hlokahala, joale ho nea ea alimang le ea alimileng monyetla oa ho bontša lerato la Bokreste. (1 Ba-Korinthe 16:14)—wSU 1/15/83 3, leq. 31.