Ela Hloko ‘Litemoso Tseo re li Beetsoeng’!
1, 2. Lengolo la Juda le fana ka taeo efe?
JEHOVA ke Molimo o fanang ka litemoso. (2 Marena 17:12-15; Ezekiele 3:17-21) Batho ba hae baa tseba hore ha a rate ha ho timela lea mong ka baka la ho tsitlella tseleng e isang timelong. (Ezekiele 18:23, 32) ʼMe ruri Lipaki tsa Jehova li leboha hore Ntate oa tsona oa leholimo o lemosa, o tataisa le ho pholosa ba mo ratang.
2 Lengolo le bululetsoeng la Juda le fana ka temoso le tataiso. Sehloohong se fetileng, re ithutile hore na ke hobane’ng ha Juda a phehelletse balumeli hammoho le eena “ho loanela tumelo.” Joale ka thapelo re ke re nahane ka litemoso tsa hae tsa nakong e fetileng.—Ba-Roma 15:4.
Hlokomela ho Felloa ke Tumelo
3. Juda o ne a rata ho “hopotsa” balumeli hammoho le eena eng?
3 Juda o tsoela pele ka temoso e amanang le tumelo, a re:
“Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a loele sechaba sa hae naheng ea Egepeta, hamorao o felisitse ba sa kang ba lumela.” (Juda 5)
Ntle leha Bakreste ba “loanela tumelo” ka katleho, ba ka lahleheloa ke boemo bo amohelehang ka pel’a Jehova Molimo. Ho thibela sena, Juda o ne a ‘rata ho hopotsa’ balumeli hammoho le eena ba kotsing lintho tseo ba neng ba li tseba le ka seo Molimo o ileng oa se etsa ka ba sa tšepahaleng nakong tse fetileng.
4. Jehova o ile a ‘loela’ Baiseraele ba bohlankeng joang hona hobane’ng?
4 Temaneng ea bohlano Juda o qala ka ho bontša hore Jehova Molimo o ‘loetse’ kapa o lopolotse Baiseraele ba neng ba le bokhobeng Egepeta. Molimo o entse joalo kamor’a hore ba utloe ʼme ba boloke Paseka ea pele. Ka ho babatsehang Jehova o lopolotse batho bao e neng e le makhoba Egepeta hobane ba ile ba etsa ka tumelo.—Exoda 12:1-14, 31.
5. (a) Egepeta ea tšoantšetso ke eng, ʼme Jehova o boloka batho motheong oa eng ho eona? (b) Bakeng sa polokeho ea ho qetela, lipaki tse ineetseng tsa Jehova li lokela ho etsa joang?
5 Ha ho bapisoa, Jehova o loela batho Egepeta ea tšoantšetso, lefatše la batho ba ikarotseng ho eena. (Tšenolo 11:8) O etsa joalo hobane ka tumelo ba mo hlokomela hore ke Molimo oa poloko ea bona ʼme Jesu Kreste ke Konyana e neng e tšoantšetsoa eo mali a eona a ba rekang lefatšeng lena. (1 Ba-Korinthe 5:7) Empa hore e tle e bolokehe, leha e le leholimong kapa lefatšeng, paki e ineetseng ea Jehova e tlameha ho tšepahala ho Eena ho se mohla e koenehang le ho khutlela lefatšeng lena le khopo le bohlanka ba lona ba sebe, joalokaha Baiseraele ba lopolotsoeng ba ne ba sa lokela ho khutlela Egepeta. (Deuteronoma 17:16; Mattheu 24:13) Tumelo e mōkoka ke ea bohlokoa, hobane le hoja a ne a “loele sechaba” Egepeta, Jehova “hamorao o felisitse ba sa kang ba lumela,” ba neng ba batla ho khutlela Egepeta kapa litseleng tsa Egepeta. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 10:1-12; Exoda 32:4-6; Numere 25:1-18; 21:4-9; 14:35-38.) Hore ka sebele lipaki tse ineetseng tsa Jehova li tle li bolokehe kajeno li tlameha ho boloka tumelo ea tsona.—Ba-Heberu 3:12, 13.
Liphello Tse Sisimosang Tsa Boitšoaro bo Bobe
6. (a) “Tulo tseo e neng e le” tsa mangeloi ke life, ʼme ‘sebaka se a loketseng’ ke sefe? (b) Mangeloi a mang a ile a etsa sebe sa mofuta ofe? (c) Tsela ea boetsalibe ea mangeloi ao a marabele e ile ea bapa joang le ea “banyefoli” ba boleloang ke Juda?
6 Ha a fana ka mohlala oa bobeli o lemosang, Juda a ngola:
“Hape, o bolokile litlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ea letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba ʼona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa ʼona.” (Juda 6)
Mangeloi a bōpiloe e le libopuoa tsa moea, a lebelletse ho phela ka ho sa feleng leholimong. (Pesaleme ea 103:20; 104:4; Ba-Heberu 1:7) Ke moo a qalileng teng, “tulong tseo e neng e le tsa ʼona,” kapa moo a neng a reretsoe ho phela teng, maholimong a sa bonahaleng. Empa mangeloi a mang ka boikhohomoso a tlohela lehae la oona la leholimo. Moapostola Petrose o re a “sitiloe,” ʼme hang kamorao ho moo o qotsa liketsahalo tsa mehleng ea Noe. (2 Petrose 2:4, 5) Hona ho hlokomelisa ka nako ea ha “bara [Meqolo ea lekholong la bohlano la lilemo ea Alexandrine ea Septuagint Version e re, “mangeloi”] ba Molimo,” ka ho iphetolela ʼmeleng ea nama le ka ho se mamele ba inyalla basali ba batle. (Genese 6:1, 2) Kaha ho nyalana le basali e ne e se ntho ea tlhaho bakeng sa libopuoa tsa moea, mangeloi ana a ile a sitoa ka ho ineela takatsong e fosahetseng ho oona. (Jakobo 1:13-15) Ka ho tšoanang, “banyefoli” bao Juda a buang ka bona ba ne ba lakatsa ho ba le likamano tsa boitšoaro bo bobe le basali.
7, 8. (a) Ho etsahetse joang ka mangeloi a sa mameleng? (b) Kahoo, re tlameha ho etsa joang hore re bolokehe?
7 Ho etsahalletseng mangeloi a sa mameleng ho ile ha sebeletsa e le temoso ho Bakreste ba mehleng ea Juda, ʼme ho sebeletsa e le temoso ho Lipaki tsa Jehova tsa kajeno. Le hoja mangeloi ao a ile a pholoha lefu moroallong ka ho inkela ʼmele ea moea hape, a thibeloa ho khutlela “tulong tseo e leng tsa ʼona” e le libopuoa tse halalelang tse thabelang leseli la keletso le tse amohelehang ho Molimo. Ho e-na le hoo, a kentsoe “litlamong tse sa feleng,” ka matla a Molimo a thibelang, ho fihlela “kahlolo ea letsatsi le leholo” leo a tla timetsoa ka lona. Ho sa le joalo, ha ho pontšo ea hore a ka inkela ʼmele oa nama, ʼme ha a tšebeletsong ea Jehova, a lefifing le letšo la moea, ho se bitsoang “Tartaruse.”—2 Petrose 2:4.
8 Joalokaha mangeloi a sa mameleng a timetsoa, Lipaki tsa Jehova kajeno li hlokomela hore li tla ba boemong ba ho pholoha hafeela ʻli loanela tumelo ka matla.ʼ Ruri re tlameha ho hanela batho bafe kapa bafe ba tlōlang meeli e fanoeng ke Molimo ʼme ba batla ho silafatsa nama.
9, 10. (a) Baahi ba Sodoma le metse e mathōkong a teng ba ne ba le molato oa libe life tsa boitšoaro? (b) Ke mohlala ofe o lemosang o entsoeng ka Sodoma, Gomorrha le metse e mathōkong a teng?
9 Ha a fana ka mohlala oa boraro o lemosang, Juda o re:
“Ho bile joalo le Sodoma le Gomorrha, le metse e ka mathōko a teng, e neng e ineetse bootsoa bo le bong, ka ho khelohela ho batla nama esele; metse eo eohle e beiloe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ea mollo o sa feleng.” (Juda 7)
“Sodoma le Gomorrha, le metse e ka mathōko a teng” ho bonahala e ne e akarelletsa Adma le Tseboime ʼme mohlomong le metse e meng Seterekeng seo. Ka baka la bokhopo ba baahi ba eona, ka pula ea mollo le sebabole e theohang leholimong, Jehova a liha metse ena eohle ntle ho oa Tsoare oo “Lota ea lokileng” le barali ba hae ba ileng ba balehela ho oona. (2 Petrose 2:6-10; Genese 14:2; 19:18-29; Deuteronoma 29:22, 23) Ka ho sebelisa mantsoe “ho bile joalo,” ka ho totobetseng Juda o amahanya se etsahetseng metseng eo le se etsahetseng tabeng ea mangeloi a sa mameleng, a neng a entse hoo e seng ha tlhaho bakeng sa libopuoa tsa moea ka ho nyala basali. Mona The Jerusalem Bible e re: “Bohlola ba Sodoma le Gomorrha le metse e meng e haufi le moo le bona e ne e se ba tlhaho joalo.” Baahi ba eona ha baa ka ba etsa bohlola le basali feela empa ba khotsofatsa takatso ea bona e feteletseng bakeng sa banna ʼme mohlomong le liphoofolo. (Bapisa Levitike 18:22-25.) Mokhopi oa banna le bashemane ba Sodoma oa lakatsa likamano tsa botona le baeti ba Lota bao mokhopi o neng o nahana hore ke banna, empa oa hatikeloa ha mangeloi a mabeli a etileng a ba otla ka bofofu, kamorao ho moo a pholosa Lota motseng o ahlotsoeng.—Genese 19:1-17.
10 Sodoma, Gomorrha le metse e mathōkong a eona ea e-ba mohlala o lemosang “ha e ntse e le kotlong [ea Jehova Molimo] ea mollo o sa feleng,” timetso ea ka ho sa feleng. Bonyane lithako tse cheleng tsa Sodoma, Gomorrha, Adma, le Tseboime ho nahanoa hore li rapaletse ka tlas’a metsi a karolo e ka boroa ea Leoatle la Letsoai (le Shoeleng) kapa kae-kae hona moo. Kahoo metse eo kapa baahi ba eona ha e sa cha. Ka ho hlakileng metse ka boeona, e seng baahi ba eona, e ile ea timetsoa ka ho sa feleng, hobane ho bonahala hore bonyane ba bang ba kileng ba haha moo ba tla tsosoa. (Mattheu 10:15; 11:24; Tšenolo 20:12, 13) Empa ho ileng ha etsahala ka metse eo e theohileng ke temoso e matla khahlanong le boitšoaro bo bobe ʼme e lokela ho eloa hloko ke Lipaki tsa Jehova tsa kajeno.
U se ke ua Nyelisa ba Beiloeng Boholong ke Molimo
11. “Banyefoli” ba neng ba khukhunetse ka har’a batho ba Molimo ba ne ba bapisoa joang le batho ba theohileng boitšoarong ba Sodoma le metse e mathōkong a teng?
11 Joale Juda o bua ka “banyefoli” ʼme o re:
“Balori bao le bona ba itšilafatsa nama ka mokhoa o joalo, ʼme ba nyefola ba beiloeng boholong, ʼme ba nyelisa ba khanyang.” (Juda 8)
“Ka mokhoa o joalo,” kapa, ka tsela eona eo batho ba theohileng ba Sodoma le metse e mathōkong a eona ba ileng ba silafatsa nama ea bona ka likamano tse hlephileng le tseo e seng tsa tlhaho tsa boitšoaro bo bobe, ka ho joalo batho ba nang le merero e mebe ba khukhunelang har’a batho ba Molimo ba silafatsa nama. Ha ba re letho ka keletso ea baapostola ea ho “tšaba bofebe.”—1 Ba-Korinthe 6:18-20.
12. (a) Batšoenyi ba banyefoli ba ne ba kenella joang ‘litorong’? (b) Ke eng e emetseng ba boitšoaro bo bobe ba sa bakeng?
12 Batšoenyi bana hape e ne e le “balori,” mohlomong kahobane ba ne ba batla ho phahamisa maikutlo a bona ka litoro tsa boprofeta ba boinahanelo. (Bapisa 2 Petrose 2:1; Deuteronoma 13:1-5.) Ka baka leo, mohlomong litoro tsa bona li ne li akarelletsa ho nahana mehlolo ka likamano tsa botona le botšehali, kapa mohlomong polelo ena e ka bolela hore lithuto tsa bona e ne e le “lithetso” feela. (JB) Leha ho le joalo “banyefoli’’ bao ba ne ba batla litsela tsa ho ntšetsa pele menyetla ea bona bakeng sa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ʼme ba nahana hore ba ka tsoella ka boitšoaro bo litšila. Ho se be lea mong ho Lipaki tsa Jehova kajeno ea oelang lerabeng leo! Moahloli ea Phahameng ntle ho pelaelo o tla ahlola ba itšoereng hampe ba sa bakeng.—Genese 18:25.
13. Ke boikutlo bofe boo “balori” ba boitšoaro bo bobe ba neng ba e-na le bona ka ba beiloeng boholong hantle ke Molimo?
13 “Balori” bao ba se nang boitšoaro hape ba ne “ba nyefola ba beiloeng boholong, ʼme ba nyelisa ba khanyang.” ‘Ba ne ba nyefola ka boikhohomoso ba beiloeng boholong ke Molimo. (Liproverbia 21:4; 2 Petrose 2:10) Ho tšoana le mangeloi a sa mameleng, batho bao ba ne ba e-na le moea oa borabele ʼme ba lokeloa ke kahlolo e sehlōhō hobane ho hang ba ne ba sa re letho ka ʼMusi ea Phahameng le Mora ea ratoang oa hae.
14. “Ba khanyang” e ne e le bo-mang?
14 Banyefoli bao ba ne ba boetse ba bua hampe ka “ba khanyang,” (“likhanya,” ha ho sa fetoleloe taba), bao ho neng ho totobetse hore ba apesitsoe khanya eitseng ke Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Johanne 17:22; 1 Petrose 4:12-14) Bonneteng, kaha khanya e joalo kapa hlompho, e ne e tsoa ho Molimo, ha ho tlotla e neng e ka neoa batho ba hauhetsoeng lefatšeng ba neng ba e thabela. Leha ho le joalo, bohle ho Lipaki tsa Jehova ba lokela ho hlompha “khanya” e joalo ʼme ba e bue hantle, ka hlompho e khōlō bakeng sa Jehova Molimo.—1 Samuele 2:30.
15. (a) “Balori” ba silafatsang nama ba ne ba bua joang ka “ba khanyang”? (b) Re lokela ho etsa joang haeba re e-na le tšekamelo leha e le e nyenyane feela ea ho hlompholla ba beiloeng boholong ke Molimo?
15 Ka sebele, balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste ba sebetsang ka botšepehi e le balebeli ba khethiloeng ba Bakreste ba na le khanya, kapa hlompho, eo ba e neiloeng. Lipaki tse ling li lokela ho sebelisana le bona le ho ba tšehetsa tšebeletsong ea Molimo. Re se ke ra tšoana le “balori” ba silafatsang nama ba mehleng ea Juda ba neng ba nyelisa borena ba Jehova ʼme ba sa hlomphe likhanya tse tsoang ho eena, empa ba bua hampe ka ba apesitsoeng likhanya tse joalo. (Bapisa 3 Johanne 9, 10.) Kahoo, haeba re e-na le tšekamelo leha e le nyenyane feela ea ho hlompholla boholo bo fanoeng ke Molimo, e se eka ka thapelo re ka batla thuso ea Jehova ea hore re lokise maikutlo a rōna.
Mohlala o Motle Haholo oa Mikaele
16. Ke phapang efe e neng e le teng pakeng tsa lengeloi le leholo Mikaele le “balori” ba se nang hlompho?
16 Molemong oa rōna, Juda o qotsa mohlala o motle haholo, a re:
“Athe arekangeloi Mikaele, ha a na a tseka setopo sa Moshe le Diabolose, o tšabile ho mo ahlola ka nyefolo, a mpa a re: Morena a u khalemele.” (Juda 9)
E ne e le phapang e kaakang pakeng tsa “balori” ba se nang hlompho le Mikaele lengeloi le leholo le ileng la fetoha Morena oa rōna Jesu Kreste! (Bapisa Liproverbia 8:22-31; Johanne 6:62; Ba-Filippi 2:5-11; 1 Ba-Thessalonika 4:15, 16.) Ha ba bua hampe ka bahlanka ba Molimo, “balori” ba banyefoli ba inkela bolokolohi boo le Mora oa Jehova a sa kang a inkela bona ha ba tseka setopo sa moprofeta oa Moheberu Moshe. Ha ho khang ea sena e tlang pele ho mona ka Mangolong. Empa ka mokhoa o mong o sa senoloang Juda a fumana taba ena ʼme a e ngola molemong oa rōna.
17. (a) Ka khang e neng e entsoe ka setopo sa Moshe, Mikaele ha a ka a etsa joang, hona hobane’ng? (b) Mikaele o beetse batho ba Jehova mohlala joang mabapi le ho hlompha boholo bo beiloeng ke Jehova?
17 Ho ka etsahala hore e be Diabolose o ne a batla setopo sa Moshe ea shoeleng e le hore a ka qala sehlopha se seng sa bolumeli ka sona ʼme kahoo a silafatse batho ba Jehova. Empa Mikaele o ne a sa batle ho ahlola Diabolose ka nyefolo. Mikaele “o tšabile” ho etsa joalo ka baka la ho tšaba Jehova ka nepo. Leha e le hore o ile a etella pele nako e beiloeng ea Jehova ea ho ahlola Satane. (Tšenolo 12:7-9; 20:1-3, 7-10) Ho e-na le hoo, Mora ea ratoang oa Molimo o bontšitse hore o hlompha Moahloli e Moholo ʼme o mo nea ho khalemela Diabolose ka nepo. Kahoo, Mikaele a re ho Satane: “Morena a u khalemele.” Le hoja lipolelo tsa Mikaele li ne li se matla hakaalo, a bontša matla ka ho laola setopo sa Moshe, ʼme Jehova a epela Moshe sebakeng se sa tsejoeng. (Deuteronoma 34:1-6) Ruri ho sena sohle Mora oa Molimo o beetse batho ba Jehova mohlala o motle haholo oa hlompho bakeng sa boholo bo beiloeng ke Molimo. E se eka re ka o latela.
18. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore basilafatsi ba nama ba ne ba haelloa ke moea?
18 Ha ho bapisoa, Juda joale o re:
“Empa bao ba nyefola tsohle tsee ba sa li tsebeng; ʼme esita ho tsohle tseo ba li tsebang ka tsebo ea hlaho, joale ka liphoofolo tse se nang kelello, ba itšenya ho tsona.” (Juda 10)
Le hoja basilafatsi bao ba nama ba ne ba fokola haholo ha ba bapisoa le Mikaele, ea neng a ke ke a ahlola Satane ka nyefolo, ha ba bue hampe ka “ba khanyang” feela empa hape le ka ‘tsohle tsa moea tseo ba sa li tsebeng’ kapa ba sa li utloisiseng. “Ba se na moea” (Juda 19), ba sitoa ho utloisisa litaba tsa moea. (1 Ba-Korinthe 2:6-16) Mehopolo ea Jehova, litsela, litšebelisano le liketso e ne e le lisele ho “banyefoli” ba joalo.
19. “Banyefoli” ba ne ba tšoana le “liphoofolo tse se nang kelello” joang?
19 Ka baka la ho hlompha Jehova Molimo, leha e le lengeloi le leholo Mikaele kapa mangeloi a mang a lokileng ha a ka a bua hampe ka bao Molimo o ba apesitseng khanya eitseng. Empa “banyefoli” bana ba ho entse hobane ba ne ba ineetse ka ho feletseng takatsong ea bophoofolo. Ba ne ba sa utloisise lintho tsa moea empa tse ipiletsang litakatsong tsa bona tsa nama. Kahoo, joaloka liphoofolo tse shebileng lintho tsa nama feela, ba batla ho khotsofatsa nama e oeleng. Batho bao, ba ikemiselitseng ho khotsofatsa litakatso tse oeleng tsa nama, “ba itšilafatsa” sebeng sa nama. Kahoo ba iponahatsa hore ha ho moo ba fapaneng le “liphoofolo tse se nang kelello, . . . tse hlahileng hore li tšoaroe, ʼme li hlajoe” ho se tšepo ea tsoho.—2 Petrose 2:9-13.
20. Ha ho talingoa mantsoe a Juda ao ho buisanoeng ka oona ho tla fihlela joale, lipaki tse tšepahalang tsa Jehova li lokela ho phehella eng?
20 Ke habohlokoa hakaakang hore ho hang kajeno Lipaki tsa Jehova li hanele baruti ba bohata, ba silafatsang nama le ba sa hlompheng ba beiloeng boholong ke Molimo! Leha ho le joalo, haeba keletso eo ho buisanoeng ka eona ho tla fihlela mona lengolong la Juda e senola hore boikutlo ba rōna ba botho kapa litsela li fosahetse ka ho itseng, e se eka re ka potlakela ho fetola tsela ea rōna, ka thapelo re batle thuso ea Ntate oa rōna oa leholimo. ʼMe e se eka re ka fumana molemo ka baka la ho ela hloko ‘litemoso tseo re li beetsoeng.’
(Re tla qetela puisano ea rōna ka lengolo la Juda tokollong e tlang ea Molula-Qhooa.)
Na u hopola lintlha tsee?
◻ Phihlelo ea Baiseraele ba boholo-holo e re pakela joang hore re tlameha ho ba le tumelo e mōkoka hore re bolokehe?
◻ Mangeloi a sa mameleng a re lokiselitse mohlala ofe oa temoso?
◻ Sodoma, Gomorrha le metse e mathōkong a teng e fana ka mohlala ofe ho Bakreste?
◻ Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlompholla ba beiloeng boholong ke Molimo?
◻ Ke mohlala ofe oa hlompho ho ba beiloeng boholong o beiloeng ke Mikaele lengeloi le leholo, ʼme kahoo re lokela ho itšoara joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Joalokaha Molimo ‘o loetse sechaba Egepeta,’ Bakreste ba loetsoe lefatšeng lena le khopo. Empa ho hlokahala tumelo e mōkoka bakeng sa polokeho ea ka ho sa feleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho etsahalletseng Sodoma le metse e mathōkong a teng ke temoso ka boitšoaro bo bobe