Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Ho molemo hakae hore ngoana oa hao a lule le beng ka uena ba lefatše feela hobane ba ka mo nea melemo ea nama?
Mangolo a bontša hore batsoali ba na le tokelo le boikarabelo ba ho hlokomela bana ba bona, ho akarelletsang ho ba lokisetsa tlhokomelo ea moea. Ekaba ho se tebise litaba kelellong hore monna oa Mokreste le mosali ba hlokomolohe kabelo eo e fanoeng ke Molimo feela hobane ngoana a ka fumana melemo e bonahalang ka ho phela le mong ka bona eo e seng Mokreste.
Linaheng tse ling ho tloaelehile haholo ho rōmela ngoana ho ea phela le seng ka nako e telele. Hangata hona ho etsoa ke batsoali ba phelang libakeng tse hole le litoropo moo mekhoa ea thuto e fokolang. Ba rōmela ngoana motseng o moholo (kapa ho ea lula sekolong) e le hore ngoana a ka fumana thuto e molemo kapa a tloaelane le mekhoa e tsoetseng pele haholoanyane ea bophelo. Hangata ngoana o lebelletsoe hore a sebetse lapeng kapa a buse melemo eo a e etsetsoang ke beng ka eena ka tsela e ʼngoe.
Ho nahanoa hore tokisetso ena e na le melemo e bonahalang, empa ha e mekaalo kaha ho nahanoa. Lintho tse ʼnileng tsa etsahala hangata li bontša hore ho ba le liphello tse mpe ka hore ngoana a tlosoe tikolohong eo a e tloaetseng ʼme a qobelloe ho ea phela lapeng ha mong ka eena hole le batsoali ba hae. Hangata, ho e-na le hore ngoana a tšoaroe joaloka bana ba bang ka lapeng leo, o nkoa e le mohlanka oa lelapa ʼme o-oa khetholloa. Joalokaha u ka inahanela, ho nyahama le ho hlonama ho hlaha hangata ha mocha, ka lebaka kapa le le sieo, a ikutloa hore ha a tšoaroa hantle. (Bapisa Genese 27:30-41.) Pherekano e hlahang maikutlong le ho se thabe ho ka khathatsana le hore na ngoana o ithuta hakae, le haeba a kena sekolo se setle. Na e be o hlile o rua molemo? Botlokotsebe ke phello e ʼngoe e hlahang ha ngoana a amohuoa khalemelo ea kamehla ea batsoali ba lerato.
Keletso ea Lentsoe la Molimo e thusa ho thibela liphello tse mpe joalo. Hantle-ntle Bibele e phehella batsoali ho hlokomela bana ba bona. Koana, Jehova Molimo o ile a hlokomela hore maemo a mang a feteletseng a ne a tla hlaha ao ho oona batho ba bang ntle ho batsoali ba neng ba tla tlameha ho hlokomela bana.a Kahoo, a eletsa bahlanka ba hae ho thusa bana ba se nang bo-ntat’a bona kapa Iikhutsana ka baka la ho shoeloa ke batsoali ka bobeli. (Deuterenoma 14:28, 29; 16:9-14; 24:17-21; 26:12, 13; Pesaleme ea 10:14; Jakobo 1:27) Empa mangolo a hatisa haholo hore batsoali ba hlokomele bana ba bona nameng, moeeng le maikutlong.—Bapisa 1 Timothea 5:8.
Molimo o elelitse batsoali mabapi le mantsoe a oona: “Le a rute bana ba lōna, u bue ka ʼona ha u lutse tlung ea hao, leha u tsamaea tseleng, leha u robala, leha u tsoha borokong.” (Deuteronoma 11:18, 19) Na batsoali ba ka etsa hoo haeba ba ne ba ithaopetse ho romela bana ba bona ho beng ka bona ba lefatše ka nako e telele? Che, ho hlokahala hore bana ba be le batsoali ba bona ho ba khalemela ka tšoanelo le ho ba nea taeo ea botsoali, hammoho le tikoloho e lerato eo bana ba e hlokang. (Ba-Efese 6:4; Liproverbia 6:20) Ka ho hlakileng, ngoana oa Mokreste boiketlo ba hae ba nako e telele (leha e le ea ka ho sa feleng) bo ke ke ba ntšetsoa pele haeba a rōmeloa ho ea phela le beng ka eena ba lefatše bakeng sa thuto ea lefatše, ho teloa taeo ea moea lapeng l’abo. Bakreste lefatšeng lohle ba tseba hore tsamaisong ena ea lintho ho hōlisa bana hore ba sebeletse Jehova ke mosebetsi o thata, o hlokang taolo ea kamehla ea batsoali. Ruri tebello ea katleho e tla fokola haeba ngoana a tlosoa lapeng la Bokreste feela ho fumana melemo ea nama.
Ntlheng ena nahana ka mohlala oa Jesu, ea ileng a hōlela motsaneng oa Galilea oa Nazaretha. Ba mamela Molimo, Josefa le Maria ba etsa hore Jesu a lule Nazaretha, moo a ʼnileng “a hōla hlalefong, le boemong, le molemong, pelʼa Molomo le batho.”—Luka 2:41-52.
Tsamaiso ea hona joale ea lintho e hatisa thuto le katleho licheleteng. Batsoali ba lefatše ba utluoa ba bua lintho tse kang, ‘ha ke batle ha ngoanʼaka a hōlela ho ba lekhoba la motho e mongʼ. Le bona batsoali ba Bakreste ba ka tlala pono e joalo ka thuto le melemo e joalo e bonahalang. Empa batsoali ba tšepang bohlale ba Jehova ba tla etelletsa pele hore bana ba bona ba rale “motheo o molemo ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.”—1 Timothea 6:9, 19.
■ Jesu o ile a re ho monna eo a neng a mo phekotse: “U se ke ua hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se u hlahele.” Na o ne a bolela hore re kula hobane re entse libe?
Che, ho kula ho hong le ho hong hase hore ho tsoaloa ke sebe se itseng.
Johanne khaolo ea bohlano e bolela ka monna ea ileng a phekoloa ke Jesu kamor’a ho kula ka lilemo tse telele. Hamorao Jesu a bona monna eo tempeleng ʼme a re: “Bona, u folisitsoe; u se ke ua hlola u etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se u hlahele.”—Johanne 5:14.
Bohle re futsitse sebe le ho se phethehe ho Adama. (Ba-Roma 5:12) Bopaki bo bong ke hore re kula ka “tlhaho” ka linako tse ling. Ka ho totobetseng, monna ea phekotsoeng ke Jesu o ne a kula ka baka la ho se phethahale hoo a ho futsitseng. Monna eo a phekoloa ka mohau oa Molimo ʼme a bontšoa tsela ea pholoho ka Kreste. Joale a ka latela ʼMoloki, haeba, ho e-na le hoo, a ka khutlela sebeng ka boomo, o ne a tla oeloa ke ntho e ʼngoe e mpe ho feta ho kula; o ne a tla ba molato oa ho siteloa moea o halalelang, ho lokeloang ke ho timetsoa ka ho sa feleng.—Mattheu 12:31, 32.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boemo bo hlahang seoelo le bo bohloko ke ba ngoanana ea bang le ngoana ka baka la ho betoa. Ba pele ba amehang, ngoanana le batsoali ba hae, ba ka rera hore na ke tsela efe e molemo ka baka la mabaka ʼohle, a akarelletsang boemo ba ʼmele le maikutlo a hae. Mabakeng a mang a kang lena lesea le ʼnile la amoheloa le ho hlokomeloa ka lerato la Bokreste ka lapeng hʼabo ngoanana. Mabakeng a mang banyalani ba bang ba Bakreste ba batlang ho hlokomela ngoana , le ba boemong ba ho ho etsa, ba ʼnile ba lumelloa ho inkela lesea.