Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 2/15 maq. 3-5
  • Mahlaahlela a Tumela-Khoèla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mahlaahlela a Tumela-Khoèla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phela ka ho Tšaba Bafu
  • Empa ke Hobane’ng a Ile A Shoa?
  • Ho Khaola Mahlaahlela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • “Molimo ha O Ee ka Tšobotsi”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lerato le Kopanya Malapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 2/15 maq. 3-5

Mahlaahlela a Tumela-Khoèla

NA U lumela khoèla? Haeba u joalo, ha u mong. Mofuputsi e mong o fumane litumela-khoèla tse fapaneng tse fetang makholo a mane a likete likarolong tsohle tsa lefatše. Taba ea hore lihotele tse ngata ha li na mokato oa leshome le metso e meraro, kapa hore batho ba leka ho qoba ho tsamaea tlas’a lileri kapa hore ha ba batle ha katse e ntšo e feta ka pel’a bona, e bontša hore ho na le tumela-khoèla lefatšeng le ka Bophirimela. Tšusumetso e mpe joalo ea tumela-khoèla e totobetse Afrika, joale ka ha phihlelo e latelang e bontša.

Hoo e ka bang lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng monna oa Wawa o ile a shoa kamor’a ho kula ho holelele. Kamor’a matsatsi a mararo a shoele, Wawa a rapalla pel’a moalo oo a shoeletseng ho oona a lla le ho bokolla, ha batho ba mashome-shome ba llang, ba bokollang, ba tantšang le ba noang ba tšoere tebelo. Ba bangata ho ba bofifing ba ne ba tšoarehile hoo ba ileng ba hloleha ho ea robala le ho ea mosebetsing. Hobane’ng? Ba ne ba batla ho bontša moea oa monna ea shoeleng le lelapa la hae hore e ne e le metsoalle ea hae.

Ho Phela ka ho Tšaba Bafu

Ka letsatsi la boraro setopo sa isoa mabitleng, ’me e mong le e mong a ea le sona. Lekese la theoleloa ka lebitleng ’me majoe a masesane le liqujoana tsa mobu tsa akheloa holim’a lona. Hobane’ng? Wawa o re, “ho re tsamaea hantle ho moea oa monna oa ka.” ’Me pele lebitla le koaheloa, Wawa a hlapanya ka pel’a e mong le e mong hore o ’nile a tšepahala ka mehla ho monna oa hae. A bolela, “haeba ha ho joalo, moea oa hae o mpolaee.” Ho tloha ka nako eo bophelo ba Wawa bo ne bo tlameha ho busoa ke tšabo ea hae ea moea oa monna oa hae ea shoeleng.

Ba lelapa la ha bo monna ba se ke ba phetsa ho ’molella hore: “Haeba u etsa eng kapa eng kirikiri [“e se nang kelello,” ka puo ea se Sango], moea oa hae o tla khutla o tl’o u bolaea.” Ho bontša hore o ne a hlile a rata monna oa hae, ha a ka a tola ka likhoeli tse tharo, a apara liaparo tse sa reng letho ’me a robala fatše holim’a moalo oa setoroi. Wawa o ne a lumela hore monna oa hae ea shoeleng o alositse metsamao ea hae. Monna eo a mo ratileng o ne a bonahala a fetohile sera se seholohali ho eena.

Meloko e meng e hloka hore mohlolohali ea bofifing a nke thipa ho itšireletsa phutuhelong ea moea oa monna ea shoeleng. Ha a hotetsa mollo a se ke a o sheba ka tšabo ea hore a se ke a mo bona. O tsoha ka hora ea boraro kapa ea bone hoseng ho hong le ho hong ’me a lle le ho bokolla ho bontša hore o ntse a mo rata. ’Me o mo ngoathela pele lijong tse ling le tse ling ka ho akhela tse seng kae tsa tsona fatše.

Qetellong ea likhoeli tse tharo Wawa a nkuoa ke ba lelapa la habo monna ba mo isa lebopong la nōka e haufi-ufi ’me ba mo akhela ka metsing. Lena e le letšoao la hore, kaha ho fihlela mono o bile bofifing ka ho khotsofatsang, o hloekile moeeng ofe kapa ofe o khopo. Ba bang ba re hona ho boetse ho bontša hore ha a na molato lefung la monna oa hae.

Empa ke Hobane’ng a Ile A Shoa?

Ka likelellong tsa batho ba bangata karolong ena ea lefatše, ha ho ea shoang feela tjee. Monna ea shoeleng o tlameha hore e be o bolailoe ke batho kapa ke matla a mang a bobe a phahametseng a tlhaho. Kahoo, ba bohali ba Wawa ha ba a ka ba mo thusa phihlelong ea hae e bohloko. Hang kamor’a lefu la monna oa hae, moena oa monna a mo tlakolohela a re: “U mo file moriana e le hore a tle a u rate, empa u ile oa o loisa haholo ’me o ’molaile!” Ba bang ba mo qosa ka hore: “U mo loile e le hore a shoe.”

Kamor’a khoeli ea boraro ea “ho itlhatsoa hore a hloeke” khathatso ea bona ea tota. Ba ne ba sa phetse hore a ba fe chelete, lijo kapa joala. Wawa ea futsanehileng a ikutloela bohloko: “Ke ’na ea hlokang. Ke hobane’ng ha e le ’na joale ea hlokomelang ba bohali ba ka?” Leha ho le joalo, o ne a ke ke a hana, ka lebaka la ho tšaba moea oa monna oa hae.

Qetellong, kamor’a lilemo tse peli tsa tšabo, nako ea bofifï ea Wawa ea fela. A fuoa monyetla oa hore a ka keneloa ke moholoane oa monna oa hae kapa baena ba hae. Ha a hana limpho tsena kaofela, o ne a lokolohile hore a ka khutlela h’abo. Empa, ho ntse ho le joalo, Wawa a lumela hore monna oa hae ea shoeleng o ntse a batla menyetla ea ho mo ntša kotsi.

Ntho e bohloko ke hore tšabo eohle ea Wawa e ne e se na motheo oa sebele. Ha ho “meea ea bafu” e khutlang ho tla ntša baratuoa ba eona kotsi. Bibele e re bolella hore bafu ba ‘theohela nqalong e khutsitseng.’ Haele hantle, bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng. . . . Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona li se li timetse.”—Pesaleme ea 115:17; Moeklesia 9:5, 6.

Ka bomalimatle, Wawa o sa tsoa ithuta sena. Joale oa tseba hore tšabo ea hae e tšabehang e ne e sa utloahale, e ne e le tumela-khoèla ’me e se na motheo leha e le ofe. Empa ba limillione tse ngata ba ntse ba e-na le tšabo e joalo. Hobane’ng? Ke eng ena e tlamellang batho tumela-khoèleng? Na mahlaahlela ao a ka khaoloa?

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 4]

Hoba monna oa Wawa a shoe, moen’ae a tlakolohela mosali: “U mo file moriana e le hore a tle a u rate, empa u ile oa o loisa haholo ’me o ’molaile!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela