Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 2/15 maq. 5-8
  • Ho Khaola Mahlaahlela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khaola Mahlaahlela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšabo ea Li-sa-Tsejoeng
  • Ho Lumela Mehlolo
  • Na Bibele e Lumellana le Litumela-khoela?
    Tsoha!—2008
  • Bolumeli ba ’Nete bo Leleka Tšabo—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li Tšoarella Hakaale?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 2/15 maq. 5-8

Ho Khaola Mahlaahlela

HOO e ka bang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše, tumela-khoèla e laola bophelo ba batho ba bangata. Ha ba bangata ba Bophirima ba lumela hore tlhako ea pere kapa leoto la nakeli li tla ba sireletsa, Maafrika a mangata a roala khoetsa molaleng ho itšireletsa meeeng e khopo. Ka lebaka le tšoanang, ba boetse ba tlama lesea le sa tsoa hlaha khoetsa e tšireletsang ea letsoho. Meloko e meng e lumela hore ho tlamella lesatsoana la tšoene (gorilla) khoetseng ena ho tla etsa hore ngoana a hole haholo le ho ba matla.

Batho ba haufi le linōka ba lumela ho batho-litlhapi, ba bitsoang Mami Wata Riphabliking ea Afrika Bohareng. Bana ho nahanoa hore ba na le moriri o molelele o bolea ba bolèlè, ’me ho lumeloa hore ba hoka batho hore ba atamele haufi e le hore ba ka ba hohella ka metsing. Ba bang ba nka monyetla ka tumelo ena. Ba tšela mahlabelo ka nokeng ho khothaletsa Mami Wata ho hohela sera sa bona mohla se tlang lebopong la nōka.

Ha bohlokoa tumela khoèleng ea Maafrika ke ngaka ea litaola le mokuma-litlhare. Ngaka ea litaola ea sebaka e akhela nzeke (Likhetla tse nyenyane tsa leoatle) ho bona hore na bokamoso bo tšoere’ng. Mokuma-litlhare o fana ka phofshoana ea lerato ho tsosa lerato la molekane. Haeba lehalima le otla haufinyane, ho nahanoa hore eo u ngangisaneng le eena o batlile ngaka ea litaola hore a iphetetse. Ba bang ba lumela hore ngaka ea litaola e ka fetola banna basali, le basali banna, le batho liphoofolo!

Ho ba lumelang khoèla, liketsahalo tsa tšohanyetso ke pontšo ea hore ho na le bomalimabe bo tla hlaha. Haeba noha kapa lempetje li tlola tsela ka pel’a hau, e-ea hae ka potlako pele ntho e ’ngoe e mpe e etsahala. Haeba nonyana e fofela ka tlung ea hao, e mong o tla shoa moo. Haeba lintja li hlaba mohono bosiu, e mong o makhatheng a ho shoa, kapa o sa tsoa shoa.

Ho batho ba rutehileng Afrika le likarolong tse ling tsa lefatše, litumela-khoèla tse joalo li ka ’na tsa bonahala li sa utloahale. Empa ho thoe’ng ka batho ba rutehileng bao ka hloko ba qobang ho tsamaea ka tlas’a leri, ba hlakolang leeto le sa hlokahaleng ka labohlano la la leshome le metso e meraro, ba memelang motsoalle lijong ka tšohanyetso e le ho qoba ho lula ba le leshome le metso e meraro kapa ba hlahlobang li-“star” tsa bona pampiring ea litaba ea hoseng? Na le bona ha ba tlangoa ke mahlaahlela a tumela-khoèla?

Empa tumela-khoèla ke eng? ’Me ke eng ee e etsang hore e laole batho?

Tšabo ea Li-sa-Tsejoeng

Tumela-khoèla e hlalosoa ka hore ke “tumelo kapa tloaelo e tlang ka ho se tsebe, tšabo ea li-sa-tsejoeng, ho tšepa senohe kapa ntho ea tšohanyetso.” E tlama batho ha feela ba ntse ba lula ba sa tsebe ’me ba e lumela. Ha motho ea lumelang khoèla a fumana tsebo ea ’nete ’me a bona ho se utloahale ha seo a se lumelang, matla a tumela-khoèla holim’a hae a ile. ’Me mohloli o molemohali oa tsebo oa ho tobana le tumela-khoèla ke Bibele.

Wawa o fumane hona. Hoba a ithute hore na boemo ba bafu e hlile ke bofe, a lahla tšabo ea hae. A khaotsa ho etsa lintho tse batloang ke tumela-khoèla ’me a se ke a tsoa kotsi. Hona joale o oa tseba hore tšabo ea hae ea ho lumela khoèla e ne e sa hlokahale.

Maafrika a mangata a bile le phihlelo e tšoanang. Ha a bala ka Bibeleng hore Molimo o hlolile phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe ‘ka mofuta oa eona,’ ba hlokomela hore Mami Wata—thlapi ka tlase, motho kaholimo—e ke ke ea e-ba teng. (Genese 1:20-27) Ntle ho moo, ha ho motšoasi oa litlhapi ea kileng a tšoasa sebopuoa se joalo ka letlooeng la hae ’me a ea se bea pontšeng. Ka ho tšoanang, ba hlokomela hore ngaka ea litaola e ke ke ea fetola motho lengau kapa koena, ka ha tsena ke “mefuta” e fapaneng ka ho feletseng.

Hape, Bibele e bitsa liphoofolo e le “tse se nang kelello.” (2 Petrose 2:12) Ka hona nonyana kapa ntja li ka tseba joang hore ho na le motho ea tla shoa? Kapa noha kapa lempetje (kapa katse e ntšo, Europe) li ka tlisetsa motho eo li tšelang tsela ka pel’a hae kotsi joang? Haele hantle, ngakana ntšonyana e ka bolela bokamoso joang ha Bibele e re ke Molimo feela ea hlileng a tsebang ka bokamoso. (Esaia 44:6-8) Kelello e re bolella hore li ke ke, kapa hona hore linaleli le mafatše, tse libillione tsa limaele ka bohole li ka etsa phetoho ea eng kapa eng bophelong ba balumeli boleping ba linaleli mona holim’a lefatše.

Ba bang ba ka ’na ba hanyetsa, ‘empa noha e tlotse tsela ka pel’a ka, ’me matsatsi a mabeli hamorao mora oa ka oa letsibolo a kula!’ E, hoo ho ka etsahala. Empa ho thoe’ng ka bohle bao bana ba bona ba kulang ’me ba sa bone linoha kapa mampetje? Kapa ho thoe’ng ka ba bonang libopuoa tsena empa ba sa be le mathata hang kamor’a moo? Ha e hlalosa liphihlelo tsa batho, Bibele e re: “Bohle ba hlaheloa ke sebaka le nako ea ntho tseo.” (Moeklesia 9:11) E, lintho li ka etsahala feela ka tšohanyetso. Ka hobane motho a le sebakeng se itseng ka nako e sa tšoanelang, a ka ’na a ntšoa kotsi ke sefefo. Ho kula le likotsi ha li ea tlameha ho bakoa ke mano a sera se khopo. Ba bangata baa ho fumana hona, ’me hona joale bophelo ba bona ha bo sa laoloa ke tšabo ea tumela-khoèla.

Ho Lumela Mehlolo

Leha ho le joalo, ho teng boemo ba tumela-khoèla boo ho ke keng hoa iphapanyetsoa bona. Ka nako tse ling ho bonahala ho le teng matla ao e seng a tlhaho a amehang—ba bang ba ka ’na ba re ke mehlolo e phahametseng ntho e etsahalang e sa lebelloa kapa kotsi e pepenene. Ka Bophirimela batho baa tseba hore lintho tse makatsang li ka etsahala nakong ea ha ho buisanoa le meea. Mohlankana e mong o hlalositse phihlelo ea letlapa la litaola la “Ouija.” O itse eena le metsoalle ea hae ba ne ba lutse ho potoloha letlapa ho bona se tla etsahala, ha a akheloa hampe ho tloha setulong sa hae ’me a thulanyoa le lebota qetellong ea kamore hojana.

Le Afrika lintho tseo e seng tsa tlhaho lia tlalehoa. Batho ba tiisa hore ba bone mosali ea kang tlhapi ea motle a ba hoehlela nokeng. Kapa litlaleho li ea utluoa tsa liphoofolo tse buang ’me li bolela hore li kile tsa e-ba batho. Kapa ho bonahala ho kula ho e tla ka baka la polelo ea ngaka ea litaola. Re ka hlalosa see joang?

Lintho tse ling tseo e seng tsa tlhaho ka sebele lia etsahala, ’me Bibele e re bolella lebaka. Mona hape, tsebo ke tsela ea ho khaola mahlaahlela a tumela-khoèla. Ho ea ka Bibele, ho na le makhotla a meea e khopo a ratang ho re thetsa. Leha ho le joalo, hase meea ea bafu. ’Me motho a ka hanela matla a eona.

Pele ho tsohle, matla aa a moea ke bomang kapa ke eng? Ka Bibeleng a bitsoa bademona, ’me morena oa oona ke Satane. Ha rea lokela ho soma khopolo ea boteng ba bona. Jesu ka boeena o tsebile ka bona. Ba qalile hokae? Bibele e bontša hore e ne e le bahlanka ba Molimo ba mangeloi ba rabetseng ’me ea e-ba bahanyetsi.—Mattheu 12:26-28; 2 Petrose 2:4.

Bibele e boetse e re Satane o ‘thetsa lefatše kaofela.’ (Tšenolo 12:9) Ka hona, ha ho makatse hore o batla ha batho ba tlamiloe ka mahlaahlela a tumela-khoèla. Na a ka etsa mesebetsi eo e seng ea tlhaho e le hore a ka thetsa batho? E, a ka e etsa. Ka mohlala, Bibele e bolela ka “eo ho tla ha hae ho leng ka tšebetso ea Satane, ka matla ’ohle, le ka lipontšo, le ka mehlolo ea bohata, le ka thetso eohle ea bokhopo ho ba timelang.”—2 Ba-Thessalonika 2:9, 10.

Ka baka leo, haeba lintho tseo e seng tsa tlhaho li ka etsahala, e tlameha ho ba ka tšusumetso ea Satane le bademona ba hae. Haele hantle, Satane o matla ho feta motho ofe kapa ofe. Empa re na le thuso, hobane Molimo o matla le a fetang a Satane ’me O re file thuso ha re e batla.

Mongoli oa Bibele Jakobo o itse: “Ka baka leo, ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Wawa le Maafrika a mang a mangata ba amohetse memo ena. Hoba ba amohele ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele, ’me ba latele litaeo tsa Molimo ka hore na ba lokela ho itšoara joang, ba fumana hore tumela-khoèla ea Satane ha e na matla bophelong ba bona. Ba lokolohile tšabong ea pele.

Ka hona ke ka baka leo ba lokolotseng likhoetsa melaleng ea bona le maqhoele a tšireletsang baneng ba bona ’me ba chesitse lintho tsena. Ha ba kenakenane le meetlo ea tumela-khoèla ho khahlisa meea ea bafu; kapa hore ba tšaba lipolelo tsa ngaka ea litaola. Ba boetse ba itokolla linthong tse khopo tse kang boitšoaro bo bobe le pefo.

Na batho baa ba tsoile kotsi ka baka la sebete see? Le hanyenyane! Jesu o tšepisitse barutuoa ba hae hore: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutoa ba ka ka ’nete; le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) Sebe ha e sale morena oa batho bana. Ba tšireletsoa ke Molimo liketsong tse ka etsahalang tsa bademona, ’me tsebo ea bona e ncha e senola ho hloka molemo ha litumela-khoèla tsa bona tsa pele. ’Nete e khaotse mahlaahlela a bona!

Bolokolohi bo joalo bo ea fumaneha bakeng sa bohle ba bo lakatsang. Haeba u rata ho thabela bolokolohi tšabong boo Wawa a nang le bona hona joale, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa joale ka ha li mo thusitse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela