Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 5/1 leq. 11
  • Kaha “E” Ebile E

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kaha “E” Ebile E
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ka Melomo ea Bana”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 5/1 leq. 11

Kaha “E” Ebile E

Ha phehella bonnete, Jesu Kreste ka lekhetlo le leng o kile a re, “Puo ea lōna e be e, e.” (Mattheu 5:37) Ka ho latela keletso ena hape le ka ho falimehela menyetla ea ho kopanela molaetsa oa Bibele le bang, Bakreste ba ka ba le liphihlelo tse hlollang haholo. Hona ho bontšoa ke tlaleho e latelang e tsoang naheng ea Europe bohareng:

Ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a ntse a lila likamore tsa mosali e mong, a buisana le eena ka Jehova Molimo, morero oa hae o babatsehang oa nakong e tlang bakeng sa batho le litaba tse ling tsa Mangolo. Empa Paki ea sitoa ho lokisetsa leeto la ho boela ’me ea ipotsa hore na ke eng e thibelang mosali, kaha e ne e tseba hore ke motho ea nang le botho bo botle le bo khabane.

Paki e-ea tlaleha: “Hoba ke qete mosebetsi oa ka, a ntefa, ’me a nkōpa hore na nka mo thusa ho khutlisetsa lintho ka tlung, kaha ho se motho ea ka mo thusang. Ka tšepisa hore ke tla khutla hoo e ka bang ka 9 mantsiboea ho thusa.” Paki ea khutla bosiung boo, e e-na le motho ea tlileng ho tla thusa, monna e mong, le eena e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Banna ba babeli bao ba nka metsotso e leshome feela ho khutlisetsa lintho malulong. Ba buisana le mosali eo hakhutšoanyane ka ’muso oa Molimo le mahlohonolo a oona, eaba baa ikela.

Lilemo tse peli hamorao, mosali enoa a boela a kōpa Paki ho lila likamore tsa hae. Ha a ngola lebitso la hae le aterese, Paki ea botsa mosali hore na o ’nile a nahana ka lintho tsa Bibele tseo a nang a mo rutile tsona. Mosali a arabela: “E, ’me ke bile ka kolobetsoa nakong e lipakeng.” Ha a botsoa hore na ho ile ha etsahala joang, mosali a arabela:

“U ile ua mpolella lintho tse ngata tse monate tse tsoang ka Bibeleng ’me ke ile ka rata seo u mpoleletseng sona. Leha ho le joalo, ha nka ka li nka ka ho teba. Empa eitse ha u tšepisa ho khutlisetsa thepa ea ntlo malulong, ke ile ka inahana: Haeba monna enoa o tseba ho boloka tšepiso ea hae, kannete ke mohlanka oa Molimo. Ha u khutla, u bile u e-na le ea tla u thusa, empa u sa batle chelete ea hona, ka etsa qeto ea hore ke tla ipha nako ea Bibele ka tieo eohle. Kamorao ho matsatsi a mabeli kapa a mararo ka ea ’marakeng. Teng ka teana le Paki ea Jehova e neng e se e kile ea buisana le ’na ka makhetlo ka Bibele . . . Nakoana kamorao ho moo mosali eo a qalisa thuto ea Bibele le ’na, ’me kamorao ho likhoeli tse robeli ka kolobetsoa.”

Ho tlile joalo hore mosali enoa a kolobetsoe tšoantšetsong ea boineelo ba hae ho Molimo. Ka nako eo, le eena joale e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Hona ha etsahala feela hobane Mokreste a ile a boloka tšepiso ea hae. “E” ea hae ea e-ba E.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela