Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 5/1 maq. 12-17
  • Lerato, ‘Tlamo e Phethahetseng ea Kopano’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato, ‘Tlamo e Phethahetseng ea Kopano’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botho boo Motho a ka Amehang ka Bona
  • Phapang le ba sa Kopanang
  • Ho Ikapesa ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lerato—Tlamo e Phethahetseng ea Bonngoe
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Lerato, le Ipaka le ‘Phethahetse’ Joaloka ‘Tlamo ea Kopano’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Bontša Lerato le Tumelo Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 5/1 maq. 12-17

Lerato, ‘Tlamo e Phethahetseng ea Kopano’

‘Empa, ka holim’a lintho tseo tsohle, le apare lerato, hobane ke tlamo e phethahetseng ea kopano.’—BA-KOLOSSE 3:14, “NW”

1. Ke hobane’ng ha taelo e ho Ba-Kolosse 3:14 e le e phephetsang kajeno?

HAR’A moluba-lube oa lefatše le tletseng lehloeo, le le arohaneng, taelo e eang ho Lipaki tsa Jehova kajeno e tsoang Lentsoeng le ngotsoeng la Molimo ho Ba-Kolosse 3:14 ruri ke e phephetsang. E bonahala eka ho hang e ke ke ea etsahala, hobane e li laela hore: ‘Empa, ka holim’a lintho tseo tsohle, le apare lerato, hobane ke tlamo e phethahetseng ea kopano.’ (New World Translation) Empa leha ho le joalo, taelo eo e bululetsoeng e-ea phethahala, tlotlisong ea hae.

2. Ho bonahala e le eng e kopanyang pakeng tsa lihlopha tsa Bojakane, ’me hona ho etsa Bojakane karolo ea eng?

2 Ho ke ke ha latoloa hore lerato joaloka tlamo e phethahetseng ea kopano ha le eo Bojakaneng, kaha bo arotsoe ka makholo a lihlopha tse loantšanang tsa bolumeli tse sa lumeleng ntho e tšoanang le tse sa tšoaneng ka mekhoa. Kamoo ho hlokomelehang, lintho tseo ho bonahalang li sebeletsa e le tlamo e kopanyang bakeng sa litsamaiso tsa likereke tsa Bojakane ke lehloeo la tsona le khanyetso ea tsona ho phutheho ea Bakreste ea batho ba Jehova ba ineetseng le ba kolobelitsoeng, lipaki tsa hae tsa kajeno. (Esaia 43:10, 12) Ka ho bontša lehloeo le joalo le khanyetso, liphutheho tsa bolumeli tsa Bojakane li iketsa karolo le thepa ea lefatše le tlas’a bookameli ba Satane Diabolose, “molimo oa lefatše lena.” (2 Ba-Korinthe 4:4) Ho joalokaha Mothei oa Bokreste, a boletse hore ho tla etsahala. Ha a bua le baapostola ba hae ba tšepahalang ka lekhetlo la ho qetela, hoba Judase Iskariota oa moeki a tsamaee, Jesu o itse: “Ke le laela tseo, le tle le ratane. Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna. Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.”—Johanne 15:17-19.

3. Ho hlaha potso efe ka mohlaseluoa oa lehloeo la lefatše?

3 Har’a lipolelo tsa Jesu, ho hlaha potso ka ho utloahalang, Ke sehlopha sefe sa bolumeli kajeno seo lefatše hammoho le Bojakane le se hloileng le bileng le se nkang e le se ikhethollang? Pale ea batho, haholo ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše, e thusa ntle ho phoso mang kapa mang ea batlang ho se tseba a tiile.

4. Taelo ea Pauluse ho Ba-Kolosse 3:14 e sebetsa ho bo-mang, ’me Ntate a le mong oa moea oa ba joalo ke mang?

4 Ka mantsoe a qalang a moapostola Pauluse lengolong le eang ho Ba-Kolosse, Lipaki tsa Jehova tsa kajeno lia tseba hore taelo ea hae e tobisitsoe tsona: “Le apare lerato, hobane ke tlamo e phethahetseng ea kopano.” Rea bala: “Ke le Pauluse, moapostola oa Jesu Kreste ka thato ea Molimo, ke e-na le Timothea, ngoan’eso, ke ngolla baena ba leng ho Jesu Kreste, bahalaleli le balumeli ba Kolosse, ke re: Le ke le neoe mohau le khotso ke Molimo, Ntat’a rōna.” (Ba-Kolosse 1:1, 2) Joale, he, Ntate a le mong oa leholimo oa Bakreste bao ba lekholo la pele la lilemo motseng oa Kolosse, Asia Minor e ne e le mang? E ne e le Ntate oa Moeta-pele oa bona oa moea, Jesu Kreste, ’me Ntate oa hae ke Molimo ‘ea renang a ’notši lefatšeng lohle’ le ‘eo lebitso la hae e leng Jehova.’—Pesaleme ea 83:18.

5. Bao Pauluse a ba ngollang lengolo ba tlameha ho rapela mang, ’me hona ho bontšitsoe joang ke Jesu le moapostola Johanne?

5 E, bao Pauluse a ba ngollang lengolo la hae e tlameha ho ba ba rapelang Jehova Molimo, joalokaha ho le joalo ka Jesu Kreste! Thabeng ea moleko Jesu o ile a hana ha Diabolose a mo nea lefatše lohle haeba feela Jesu a ka mo khumamela le ho mo rapela. Jesu a leleka Moleki ka tšoanelo ’me a qotsa taelo e bululetsoeng: “Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.” (Mattheu 4:8-11; Luka 4:8; Deuteronoma 6:4, 5, 13) Ha ba etsisa Jesu barutuoa ba hae ba tlameha ho rapela oona Molimo oo a o rapelang ka linako tsohle, Jehova. (Johanne 20:17) Tumellanong le sena, ha moapostola Johanne a oa ho rapela ka pel’a lengeloi le ileng la mo tlisetsa Tšenolo, lengeloi la hana, le re: “Khumamela Molimo; hobane bopaki ba Jesu ke Moea oa boprofeta.”—Tšenolo 19:10; 1:1.

6. Ke kamorao ho tsela efe ea Bojakane taelo ea Tšenolo 18:4, 5 e bileng e potlakileng haholo, ’me ke bo-mang ba nkileng bohato ka taelo eo, hona e le ka phello efe?

6 Kamorao ho tlaleho e tlontlollang Molimo eo Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata e iketselitseng eona Ntoeng ea I ea Lefatše, taelo ea Molimo joalokaha e ngotsoe ho Tšenolo 18:4, 5 ea e-ba e potlakileng haholo ho feta nakong ea tokollo ea Molula-Qhooa (ea Senyesemane) ea Tšitoe 1880 kapa pelenyana ho moo: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.”a Ka ho utloa taelo eo, ba batlang ho ba “sechaba” sa Jehova Molimo ba ile ba tsoa Babylona e Moholo ’me ba khobokana hammoho lebitsong la kopano ea Bokreste, ho hōlisa lerato leo, leo e leng ‘tlamo e phethahetseng ea kopano.’ Ba tebisa pelong mantsoe a moapostola a ho 1 Ba-Korinthe 14:33: “Molimo hase Molimo oa moferefere, empa e le oa khotso.” Kahoo, ha re sheba liphutheho tse fetang likete tse mashome a mane a metso e meraro tsa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno, re tlameha ho bua mantsoe a Pesaleme ea 133:

“Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang! Ho joale ka oli e hlokoang, e tšeloang hlohong, e qhitsetsang litelung, litelung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa mosehong oa seaparo sa hae. Ho joale ka phoka ea Hermone, e theohelang lithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 133:1-3.

7. Ke bo-mang ba tlamehileng ho boloka kopano ee, ’me ke ka morero ofe Molimo o ileng oa boloka lipaki tsa oona Ntoeng ea I ea Lefatše?

7 Joalokaha ho bile joalo phuthehong ea Kolosse nakong ea seo ho thoeng ke lekholo la rōna la pele la Mehla ea Bokreste, ke tlamo ho Lipaki tsa Jehova tsa kajeno ho boloka kopano ena e ratehang ea phutheho har’a lefatše lena le arohaneng. Ho joalo haholo ho tloha bofelong ba “mehla ea lichaba” selemong sena se hlasetsoeng ke ntoa sa 1914! (Luka 21:24) Ntoa ea pele ea lefatše e ile ea bea kotsing boteng ba Lipaki tsa Jehova joaloka phutheho ea Bokreste kannete. Empa ka lebaka la ho boleloa ha ‘Evangeli ena ea ’muso lefatšeng lohle e le bopaki ho lichaba tsohle,’ Molimo o Matla ’Ohle ha o ka oa lumella lira tsa Bojakane le bohedene hore li felise lipaki tsohle tsa oona tse tlotsitseng lefatšeng. (Mattheu 24:14; Mareka 13:10) Selemong sa pele hoba ntoa e lale ka 1919 C.E. Jehova Molimo a li lokolla litlamong tsa tsona ’me a li rōma ho ea mosebetsing oa ho bolela har’a lichaba tsohle.

8. Kaha o hlōlehile ho senya kopano ea Bokreste a e hlaha ka ntle, Satane o tsoetse pele joang ho leka ho etsa see?

8 Satane Diabolose o ne a hlōlehile ho timetsa Lipaki tsa Jehova ka mekhoa e li hlahang ka ntle, ’me ho tloha ka nako eo o lekile ho senya kopano ea tsona ka tsela ea bolotsana, ka ho li bora le ka hare, a li nyokola ka phuthehong. Ntlha ena e hlile ea boleloa ho Tšenolo 12:17, ka mantsoe ana: “Drakone ea halefela mosali, ’me ea tloha ho ea loantša masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.”

Botho boo Motho a ka Amehang ka Bona

9. Lipaki tsa Jehova li lokela ho ikalosa litšileng life, ’me Pesaleme ea 91 e re’ng ka see?

9 Lehloeo leo lefatše le khopo le silafalitsoeng ka lona lea nama, Joalokaha Jesu Kreste ka boeena a hlile a bolela boprofeteng ba hae bo buang ka “ho fela ha lefatše,” a re: “Ho tla hlaha baprofeta ba bohata ba bangata, ’me ba tla thetsa ba bangata. ’Me lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo. Empa ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” (Mattheu 24:3, 11-13) Moea oa lehloeo o tšoaetsanoa habonolo, kahoo le tsona litho tsa phutheho e bonahalang ea Jehova Molimo ho hlokahala hore li ikalose hore li se tšoaetsoe. Hore na hona re ka ho etsa joang, mopesaleme ea bululetsoeng o-oa ho bontša, a re: “Ea lutseng sephiring sa Mookameli ea phahameng, o phomola moriting oa Ea matla ’ohle. Ke re ho Jehova: U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka, Molimo oa ka oo ke o tšepang! U ke ke ua tšaba letsoso la bosiu, leha e le motsu o bebang motšehare, leha e le lefu le khukhunang lefifing, leha e le tšenyo e bolaeang motšehare o moholo. Leha batho ba ka oa ba le sekete lehlakoreng la hao, ba le likete-kete letsohong la hao le letona, uena, lefu le ke ke la u atamela. Feela, u tla iponela ka mahlo a hao, u be u bone moputso oa ba bolotsana.”—Pesaleme ea 91:1, 2, 5-8.

10. Re tla qoba joang ho ba le botho bo re etsang hore re tšoane le balefatše, hona Molimo o re talima joang ha re bapisoa le lefatše le shoeleng?

10 Re tiisetsoa hore Molimo o tla re sireletsa, empa re tlameha ho ba maemong ao tšireletso e fanoang tlas’a oona. Haeba re qoba ho ba kamanong e haufi bo bolaeang moeeng le lefatše le kulang, re tla be re sa ikapese botho bo tla re etsa hore re tšoane le batho ba lefatše. Re tla be re sa ikapese ka lehloeo la lefatše. Lehloeo ke ntho e fapaneng ho hang le lerato, lerato ho Jehova le Kreste oa hae le baena le likhaitseli ba rōna moeeng. Botho bo totobatsang tšoaneleho ena ke botho boo moapostola Pauluse ea bululetsoeng a re bolellang hore re bo apare joaloka barutuoa ba Jesu Kreste. Ha re etsa sena re tla be re ipuella hore re bahlanka ba Molimo ka “lerato le se nang boiketsiso.” (2 Ba-Korinthe 6:4-10) Lerato lena le simoloha ho Molimo, ’me ha re e-na le lona ke ho bolela hore re kamanong le oona ka hore re furalle lefatše tabeng ea hore re ka ba pelo le moea le lona. Molimo o talima lefatše le shoele ’me bao e leng karolo ea lona le bona e le bafu; ka sebele ba shoele ho oona. Mahlong a Molimo rōna barutuoa ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste rea phela; e, re phela re le karolo ea phutheho ea Oona, e busoang ke lerato. Ka baka leo hase ho feteletsa taba hore e be 1 Johanne 3:14 e re bolella hore: “Moo re tsebang hobane re faletse lefung ho kena bophelong, ke ha re rata banab’abo rōna. Ea sa rateng ngoan’abo o sa lutse lefung.”

11. Lerato le re kenya boeneng bofe?

11 Kahoo rea bona hore lerato le re kenya boeneng boo Jesu Kreste, Mora oa Molimo, e leng moholoane oa rōna. Tšoaneleho ena ea Bokreste ke seaparo, seo re lokelang ho bontša ka sona hore na re seng ntle ho boiketsiso. Ke tšobotsi e ka sehloohong eo Lentsoe la Molimo le reng re lokela ho e hlaolela le ho e sebelisa.

12. Ke mehato efe e lokelang ho nkuoa hore ho finyelloe lerato leo, ’me na lintho tse bōpang mehato eo li ka lahloa kamorao ho moo?

12 Ka ho utloahalang, ho na le mehato eitseng eo morutuoa ea nang le kutlo ho hlokahalang hore a e nke e le hore a ka finyella lerato la ’nete. Ho ba habileng moputso o khanyang oa botho ba bomolimo leholimong, 2 Petrose 1:5-8 e re: “Le lōna, le ke le ntšeletse hona hoo matla ’ohle a lōna, le eketse tumelo ea lōna ka matla, le matla a eketsoe ka tsebo, le tsebo ka boitšoaro, le boitšoaro ka mamello, le mamello ka borapeli, le borapeli ka lerato la boena, le lerato la boena ka lerato la bohle. Hobane ntho tseo ha li le ho lōna, ’me li eketseha ho lōna, li ke ke tsa le fa sebaka sa ho ba botsoa le sa ho nyopa tsebong ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.” Lintho tse ngata tse tlatselletsang ha lia lokela ho lahloa ha tšoaneleho e ka sehloohong ea lerato e se e finyelletsoe. Che, empa tumelo, boitšoaro, tsebo, bohloeki, mamello borapeli le lerato la boena li tlameha ho lula e le likarolo tse setsing tsa botho ba rōna bo phethahetseng. Li tlameha ho fumaneha ka bongata le lerato. Tabeng eo ba nang le litšobotsi tsa botho bo joalo kamehla ba tla fumana moputso matsohong a Molimo ka nako ea oona.

13. Pauluse o atolosa mehato eo ea pele Joang ho Ba-Kolosse 3:12-14?

13 Ho atolosa linthong tseo ho hlokahalang hore re li etse ka borona e le hore re ka fumana moputso o tšoanelehang, ke hantle ha ho boleloa mona litšoaneleho tseo moapostola Pauluse a reng re tlameha ho li apara e le pontšo ea botho ba rōna. Pele a supa hore na tlamo e phethahetseng ea kopano ke eng, Pauluse o re: ‘Le apare ke hona ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello. Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le lebaka la komang le e mong, joale ka ha Jehova a le hauhetse, etsang joalo le lōna. Empa, ka holim’a lintho tseo tsohle, le apare lerato, hobane ke tlamo e phethahetseng ea kopano.’—Ba-Kolosse 3:12-14, NW

Phapang le ba sa Kopanang

14. Litho tsa phutheho ea Bokreste e ne e le batho ba mofuta ofe pele li nka bohato ka litaelo tsa baapostola?

14 Litaelo tseo tsa baapostola li bontša hore na litho tsa phutheho ea Bokreste e lokela ho ba batho ba mofuta ofe. Ka nako e fetileng e ne e le karolo ea lefatše le se nang lerato la banyefoli ka litšobotsi tsohle tsa lona tsa bodiabolose. E be ka nako eo e ne e le batho ba mofuta ofe? Ho 1 Ba-Korinthe 6:9-11 moapostola Pauluse o supa sena, a re: “Ana ha le tsebe hoba bakhopo ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo na? Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le baboki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona; empa le hlatsoitsoe, empa le halalelitsoe, empa le beiloe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moea oa Molimo oa rōna.”

15. Ke hobane’ng ha batho ba lefatše ba se na ‘tlamo ea kopano’ e tšoarellang?

15 Ho ne ho tla ba thata bakeng sa batho ba lefatše ba hlalositsoeng ka holimo hore ba be le ntho e ’ngoe eo e seng ea boithati e hloekileng, e ka sebeletsang e le tlamo e sa senyeheng le e phethahetseng ho bona. Ka sebele, ha ba na ‘tlamo e phethahetseng ea kopano.’ Kahoo, mokhatlo oa batho ba ka ntle lefatšeng la khale ha o-oa momahana. Ka nakoana ba ka ’na ba kopanngoa ke lintho tsa boithahasello. Empa kamorao ho nako, ha ho tlosoa lintho tsena tsa boithahasello, balefatše ba felloa ke ho thahasellana. Litlamo tse kopanyang lia qhalana. Kahoo, ba qetella ka ho tlenelana feela joalokaha e le batho ba ke keng ba balehana ba ahisaneng.

16. Ha ba lokolohile linthong tse ba kopanyang ka nakoana, batho ba lefatše ba khutlela ho eng, hona hobane’ng?

16 Bosechaba! Ho rata naha! Ho ikarola ka lihlopha tsa bolumeli! Ho ikarola ka morabe! Lintho tse susumetsang maikutlo joalo, ha li fehloa hore li bele, li apesa ba amehang ka boikutlo ba ho phetha tšoanelo le tlameho. Empa, ha moea oo o fetile, batho ba sala e ntse e le bona bane bao motho a inahanang boeena pele. Kahoo, ha ba phethile tšoanelo, ha ba lokolohile hore ba ikhotsofatse ka seo ba se ratang motho ka mong le seo ba sa se batleng, ba itlhahatsa hore e ntse e le bona batho bane ba maoba-le-maobane ba ithahasellang bobona. Le hoja ka lebaka la litšebeletso tse khethehileng tsa lefatše, kapa ka baka la boineelo bo sa thekeseleng tseleng ea lefatše, batho ba lumellanang le lefatše lena ba ka phahamisetsoa holimo maholimong ’me ha boleloa hore ba lokeloa ke hlompho le khanya ea leholimo, ka litekanyetso tsa Bibele ba ke ke ba nkoa e le ba tšoanelehang ho fumana sebaka ’Musong oa Jehova Molimo hore ba buse le Kreste.

17. ’Muso oa Molimo o hloka eng ka lehlakoreng la ba o batlang pele, ’me ke eng e ba thusang ntlheng ee?

17 ’Muso oa Molimo ha o na bolekane le lefatše lena le ba ineetseng ho lona. Ho hlōleheng ho matla ha lefatše le tlas’a Satane ho kopanya ba le khomaretseng, ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste o hloka ketso e kopaneng le tšebeletso ka lehlakoreng la Bakreste ba ineetseng le ho kolobetsoa, ba batlang oona pele. ’Muso ona ke tholoana ea lerato la Molimo. Moea o laolang ’muso ona oa khanya ke lerato, ka holim’a tsohle lerato bakeng sa Molimo le lehloeo bakeng sa sera se seholo sa oona, Satane, le lefatše leo e leng “molimo” oa lona. Ho sa tsotellehe boikitlaetso bohle bo sitisang ba Satane, lerato lena le tsoang ho Jehova Molimo, Ntate oa leholimo, le ntse le sebetsa e le ‘tlamo e phethahetseng ea kopano’ ho bohle ba khomarelang phuthehong ea hae e bonahalang ea lefatšeng, e, bakeng sa lelapa lohle la Molimo le leholimong le le lefatšeng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Leqepheng la 6 tokollo ena e ne e e-na le sehlooho se reng “Babylona e Moholo.”

Na u sa Hopola?

◻ Bakreste ba ’nete ba kopane joang, ha ba bapisoa le Bojakane?

◻ Satane o leka joang ho senya kopano ea rōna ea Bokreste?

◻ Re ka ‘ikapesa ka lerato’ joang ho sa tsotellehe lehloeo la lefatše?

◻ Lerato le ka re kopanya hammoho joang ho feta lintho tse kopanyang tsa lefatše?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Bakreste ke karolo ea boena bo lerato boo Jesu Kreste e leng moholoane ho bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela