Sephiri Seo Bafilippi ba Ithutileng Sona
KE MANG ea sa thabeleng ho tseba sephiri? Kannete u ’nile ua thabela hore e mong a u kenye lekunutung la hae e be u o bolella sephiri, mohlomong phetoho e thabisang eo motho a tšepang hore u tla e boloka ho fihlela ha eena a e phatlalatsa.
Sephiri se seng ke tsebo, kapa temoho, e haellang ba bang. Sephiri sa mofuta ona e ne e le sa bohlokoa ho sehlopha sa Bakreste lekholong la pele la lilemo, phutheho e neng e le motseng o Macedonia oa Filippi. Ho utloisisa hore na sephiri seo se khethehileng e ne e le eng, le ho bona hore na re ka rua molemo joang ka sona, ka bokhutšoanyane re ke re ithute ho hong ka lebaka la hore Bafilippi ba ngolloe lengolo, lengolo leo hona joale e leng karolo ea Bibele.
Pauluse—Ho Ba-Filippi
Moromuoa Pauluse o ne a le litlamong Roma hoo e ka bang ka lilemo tsa 59-61 C.E. Ka nako ena o bile le hona ho busa monahano ka liphihlelo tse ngata tseo a ileng a li thabela maetong a hae. O ne a hopola baena ba bangata ba tšepahalang bao a teaneng le bona le liphutheho tseo a bileng le tokelo ea ho li qalisa tseleng ea ’nete le ho bona ha li hōla. Ho hang o ne a sitoa ho lebala phutheho ea Filippi. E ne e e-na le sebaka se khethehileng haholo pelong ea hae ka baka la liphihlelo tse sa tloaelehang tse amanang le eona.
Ke leetong la bobeli la Pauluse la boromuoa, hoo e ka bang ka selemo sa 50 C.E., moo moea oa Molimo o ileng oa mo thibela (le Silase) hore ba ka bolela seterekeng sa Asia, Mysia, le Bithynia. Eaba Pauluse o ea Troase, moo ka bosiu bo bong a bileng le pono. “Monna e mong oa Macedonia o na a le teng, a eme pel’a hae, a mo rapela, a re: Tšelela Macedonia, u re thuse.” (Liketso 16:9) Hang feela Pauluse le metsoalle ea hae ba kena seketsoaneng se eang Samothrace ’me ba leba koung ea likepe Neapolise. Eaba joale ba tsamaea ka maoto ho leba Filippi.
Mohlomong ho makaleng ha bona, ba fumane Bajode ba seng ba kae motseng oo ’me ho bonahala ho ne ho se ntlo ea thapelo moo. Ka Sabbatha Pauluse le Silase, ho e-na le ho ea tlung ea thapelo joalokaha e ne e le tloaelo ea bona, ba tsoela ka ntle ho motse mathokong a nōka ’me ba qala ho buisana le basali ba neng ba bokane moo. (Liketso 16:13) U ka fumana ho hongata ka leeto lena le tletseng liketsahalo Filippi ka ho bala Liketso 16:11-40. Ho paka ha Pauluse ha fella ka ho qaleha ha phutheho Europe, ’me hamorao o ne a tla boetse a etele phutheho ena ea Filippi, mohlomong e bile e le ka makhetlo a mabeli.—Liketso 20:1, 2, 6; Ba-Filippi 2:24.
Pauluse, ha a le litlamong Roma, o ne a hopola Bakreste ba molemo bao a ileng a kopanela le bona Filippi. Lydia o ne a bontšitse [moea] o fetisisang oa ho amohela baeti. Evodia le Syntyke ba ne ba sebelitse le eena Pauluse ho jaleng “evangeli.” Leha e le hore Paulue o ne a ka lebala molebeli oa teronko le ba ntlo ea hae, hammoho le phihlelo ea mohlolo e amanang le ho nka ha bona Bokreste.
Ha Pauluse a ntse a busa menahano ka lerato, mosa le kameho ea Bafilippi, o ne a e-na le lebaka la ho ba ngolla lengolo. (Ba-Filippi 1:3, 12) Le senola lerato leo a neng a ba rata ka lona le “litholoana tsa ho loka” tseo ba neng ba li bontša.—Ba-Filippi 1:11.
Sephiri Seo ke Sefe?
Lengolong la hae Pauluse o bua ka sephiri seo a ithutileng sona ka boeena, ’me bopaki ke hore Bafilippi ba ne ba ithutile sona ho eena. Ke sephiri se neng se thusitse Pauluse har’a meleko e sa tšoaneng ho theosa le lilemo. A ngola: “Ke tseba ho kokobetsoa, ke tseba le ho ateloa ke lintho; kahohle le nthong tsohle, ke ithutile ho khora le ho lapa, ho ba naleng le ho ba bofumeng. Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:12, 13) Kahoo e ne e le sephiri sa bophelo ba Bokreste, ho sa tsotellehe hore na maemo a motho ke afe, ha ka linako tsohle a ntse a itšetlehile ka Jehova.
Bafilippi ba ne ba ithutile sephiri sena, ’me sa ba ama ka litsela tse ngata. Ntlheng e ’ngoe, phutheho e ne e chesehela boboleli haholo. Pauluse a ngola: ‘Le khanya . . . joale ka maseli lefatšeng.’ (Ba-Filippi 2:15) Ba nka evangeli ka thabo e kholo ’me ba tsoela pele ho ntšetsa pele evangeli eo. Pauluse o bile le hona ho ba hlalosa e le ba ileng ba ‘kopanela le ’na . . . ho sireletseng le ho theeeng ka molao litaba tse molemo.’—Ba-Filippi 1:7, NW.
Ha Pauluse a ngola lengolo lena o ne a tseba hore ba tla thahasella liphihlelo tsa hae chankaneng. A hlalosa hore, le hoja a le litlamong, litaba tsa hae “li thusitse haholo ho ntšetsa Evangeli pele” hoo kamoo a bolelang “ho tlangoa ha ka ka baka la Kreste ho bile ha tuma hohle tlung ea borena.” (Ba-Filippi 1:12, 13) A ba a pheta hore Bakreste ba bangata ba Baroma ba bontša ho ba sebete haholo ho bua ka lentsoe la Molimo ba sa tšabe ka baka la litlamo tsa hae. E tlameha e be ho ile ha khothatsa Bafilippi ho tseba hore Pauluse, le hoja a le litlamong, o ne a ntse a chesehela boboleli ba ’Muso joaloka bona.—Ba-Filippi 1:14.
Ntho e ’ngoe eo mohlomong e ileng ea isa sephiring se boletsoeng ho Ba-Filippi 4:12, 13 (New World Translation) ke ho ba ha bona le boikutlo bo nepahetseng ba kelello. Boikutlo ba bona e ne e se ho ikhahlisa, empa ho thusa ba bang. Ka sebele, ba ne ba thusitse Pauluse haholo. Ha a ntse a le Thessalonika, ba ile ba mo thusa nameng ka makhetlo a mabeli, e le eona phutheho feela e ho etsang. (Ba-Filippi 4:15, 16) Hamorao, ha ho etsahala hore ka lebaka la mahloriso, phutheho ea Jerusalema e be le mathata ’me e hloke ho thusoa, Ba-Filippi, le hoja ba ne ba futsanehile ka bobona, ba ntša ka bolokolohi. Pauluse a ngola hore ho fana hona ho ne ho “fetisa matla” a bona. (2 Ba-Korinthe 8:3) Hamoraonyana hape, ha Pauluse a le litlamong Roma, ba romela lintho tse bonahalang ka Ephafrodite.
E, Bafilippi ba ne ba ameha ka botebo ka Bakreste ba bang. Ba etsa kamoo Pauluse a neng a ba phehelletse, ho se fanye ho ‘hlokomela tsee e leng tsa bona feela, empa le tsa ba bang.’ Hoo ho ile ha bontša moea o khathollang hakaakang! Ha fana ka maikutlo a hore Ba-Filippi likelellong tsa bona e ne e le baikokobetsi, joaloka Jesu, ’me ba sa nyatsa-nyatse ba bang.—Ba-Filippi 2:1-5, 14.
Re ka Ithuta le ho Sebelisa Sephiri sa Bona
Ho se ho fetile nako e telele haholo hoo re ke keng ra kopanela botsoalle le moapostola Pauluse ka ho toba. Re lokela ho leboha hakaakang hore e be Jehova Molimo o ile a re bolokela Lentsoeng la hae le bululetsoeng lengolo la Ba-Filippi! Kahoo re ka sebeletsa ho ithuta le ho sebelisa keletso e babatsehang e ka ho lona, ho akarelletsa sephiri seo Pauluse a ileng a ithuta sona ’me kahoo a se kopanela le bona.
Ho Ba-Filippi sephiri seo se ne se akarelletsa tsebo, boikutlo le boitšoaro. Pauluse a ba khothalletsa ho ‘itsamaela ka mokhoa o tšoanelang Evangeli ea Kreste.’ (Ba-Filippi 1:27) Ha ba latela khothalletso ea Pauluse, e ne e tla ba ‘ba hlokang sekoli le letheba, bana ba Molimo, ba sa nyatseheng har’a moloko o khopo.’ (Ba-Filippi 2:15) Koana, ho boloka boitšoaro bo hloekileng joalo ho ne ho tla hloka temoho, le mabapi le monahano oa bona. Le hona mona ho na le seo re ka ithutang sona. Re ka ’na ra rata ho etsa se entsoeng ke ba bang ba batlang ho sebelisa “sephiri” sena—ho bea kelellong le ho nahana ka mehla ka seo Pauluse a se ngotseng ho Ba-Filippi 4:8 ka monahano oa rōna. Na u ka pheta serapa seo ka hlooho?
Sephiri sa ho itšetleha ka Molimo le ho o sebeletsa ka thabo le haeba u e-na le ho honyenyane kapa ho hongata linthong tse bonahalang se ka tlisa bophelo bo khotsofatsang haholo. Tabeng ea Pauluse, nahana ka khotsofalo eo a neng a ka ba le eona ke ho nahana tholoana ea mesebetsi ea hae e bontšoang ke phutheho ea Filippi. O ne a bone ha phutheho e hōla leratong bakeng sa ’nete ea Bokreste le chesehong ea ho jala litaba tse molemo. Hape a bona lerato la bona ha le sebetsa ho Bakreste ba bang. O ne a ka khotsofala haholo ke ho bona hore le bona, ba ithutile sephiri sa ho itšetleha ka Molimo ho sohle seo ba se etsang le ho mo sebeletsa ka sohle seo ba nang le sona.
Mokreste e mong le e mong kajeno ke hantle ha a ka ipotsa hore na eena ka boeena o ithutile bohlokoa ba sephiri seo Pauluse a se boletseng ho Ba-Filippi 4:12, 13 (NW). Bopaki bo bong ke ho ba ha rōna le tlhohonolofatso ea Jehova, ho ‘tlala litholoana tsa ho loka.’ (Ba-Filippi 1:9-11; 4:17) Hape, haeba re ithutile sephiri seo sa bohlokoa ’me re se bonahatsa, ba re potolohileng ba tla thuseha ho tla tseleng eona eo. Re tla be re bea mohlala o motle bakeng sa ba bang, joalokaha ho entse Pauluse, e le hore a ka eletsa Ba-Filippi: “Banab’eso, bohle hammoho le be baetsisi ba ka, ’me le ele hloko ba tsamaeang ka mehlala eo re le etselitseng eona.” (Ba-Filippi 3:17; bapisa litemana tsa 13, 14.) Bakeng sa rōna le ba bang, sephiri seo ke sa bohlokoa haholo; se tla tlatsetsa ho fumaneng bophelo bo sa feleng.