Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 3/1 maq. 25-29
  • Mohla Molemi a Thabelang Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohla Molemi a Thabelang Lentsoe la Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsa Bophelo ba Hae
  • Khatiso ea Pele ea Lengolo la Segerike
  • Erasmus le Luther
  • Desiderius Erasmus
    Tsoha!—2016
  • Bibele—Ea Ratoa Ebile ea Thibeloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Thuto ea 6—Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Bokreste ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Wessel Gansfort—“Mofetoheli oa Pele ho Phetohelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 3/1 maq. 25-29

Mohla Molemi a Thabelang Lentsoe la Molimo

“KE LAKATSA eka mantsoe ana a ka fetoleloa lipuong tsohle, hore ma-Scots le ma-Irish, le ma-Turks le ma-Saracens a tsebe ho e bala . . . ke lakatsa hore molemi a bine mantsoe ana ha a ntse a setse mohoma oa hae morao, molohi a a binele ka marameng ha a ntse a loha, motsamai a lebale bohole ba tsela ea hae ka oona.”

Ho ngotse joalo seithuti sa le-Dutch Desiderius Erasmus oa mehleng e qalang lekholo la mashome le metso e tšeletseng la lilemo. Kamehla tšepo sa hae le takatso ea hae e ne e le hore “mantsoe,” e leng Mangolo, a fetoleloe ka lipuo tse ngata hore le ‘molemi’ a tsebe ho a bala le ho fumana thabo Lentsoeng la Molimo.

Ho tloha mohlang oo Bibele e fetoletsoe ka bophara, ’me kajeno e ka baloa ka lipuo tse 97 lekholong tsa baahi ba lefatše. Ke ka lebaka le utloahalang hore Bibele e fetohile buka e rekoang haholo lefatšeng. Tšusumetso ea eona e susumelitse batho ba mefuta eohle ho sebeletsa tokoloho le ’nete. Haholo-holo sena se etsahetse lekholong la leshome le metso e tšeletseng Europa nakong ea ho Aroha. Ba bang ba neng ba tsebahala mehleng eo ba ne ba le sebete ba sa tšabe, joaloka Martin Luther, ha ba bang, ba kang Erasmus, ba ile ba sebelisa mano ho leka ho tlisa liphetoho. Ho joalo le ka Karoho hobane Luther o ile a bula monyako o isang ho eona kamor’a hore Erasmus a khethe senotlolo.

Erasmus o ne a rutehile haholo. Ka botho ba hae Catholic Encyclopedia e re: “O ne a e-na . . . le matla a hlollang a ho hlalosa; lipuo tse matla tse amang maikutlo, a le bonolo, ho ne ho se ea mo fetang.” Ka hona, ha Erasmus a etela Monghali Thomas More, Morena oa Engelane, le pele Erasmus a ipolela hore ke mang, More o ne a khahliloe ke moqoqo oa hae hoo a ileng a mo kena hanong ka hore: “U Erasmus kapa Diabolose.”

Se bontšang botho ba Erasmus ke kamoo a ileng a araba Frederick, mokhethi oa Saxony, ha a botsoa hore ke eng seo a se tsebang ka Martin Luther. Erasmus a re: “Luther o entse liphoso tse peli; o thetsitse mofapha-hlooho oa mopapa le mpa ea baitlami.”

Empa Bibele e ile ea susumetsa Erasmus joang, ’me hape o ile a etsa eng ho ntšetsa pele thuto ea hae ea Bibele le ho thusa ho e tlisa ho batho feela, joaloka ‘molemi?’ Pele a re ke re hloleng tsa bophelo ba Erasmus.

Tsa Bophelo ba Hae

Erasmus o hlahetse Rotterdam, Netherlands, ka 1466. E ne e le mora oa letla-le-pepuoe oa moprista oa le-Datche ’me o ne a phela ka thata bongoaneng ba hae. ’Mè oa hae o ile a hlokahala ha a le lilemo li leshome le metso e supileng, ’me hang kamor’a moo ntate oa hae le eena a hlokahala. Le hoja o ne a lakalitse ho ea univesithing, qetellong a ineela khatellong ea baholisi ba hae ’me a kenela mokhatlo oa baitlami oa Augustinian Steyn. O ile a ntšetsa pele lithuto tsa hae tsa Selatine, tsa bangoli ba tummeng le bo-ntate ba kereke. Le ha ho le joalo, kapele-pele a nyahlatsa mokhoa ona oa bophelo. Ha a le lilemo li mashome a mabeli a metso e tšeletseng, a tlohela ntlo ea baitlami ’me ea e-ba mongoli oa mobishopo Cambrai, Henry oa Bergen, mane Fora. Kamor’a moo a khona ho ntšetsa pele lithuto tsa hae univesithing ea Paris. Empa kamehla o ne a kula a sa phele hantle bophelong ba hae kaofela.

Ka 1499 a mengoa ho ea etela Engelane. Moo o ile a kopana le Thomas More, John Colet le ba bang ba ithutang lithuto tsa bolumeli London, ba ileng ba mo matlafatsa boikemisetsong ba hae ba ho ithuta lithuto tsa Bibele. E le hore a utloisise molaetsa oa Bibele hamolemonyana, a ineela ho ithuta Segerike, ho fihlela a khona ho se ruta ba bang.

Nakong eo o ile a ngola buka e bitsoang Handbook of the Christian Soldier, eo ho eona a eletsang bacha ba Bakreste ho ithuta Bibele, a re: “Ha ho letho leo u ka le lumelang ka ho teba ho feta seo u se balang mangolong ana.”

Ha a leka ho lokisa lintho ka baka la ho haelloa ke chelete, le ka ho leka ho phonyoha mathata, Erasmus a iphumana a le Louvain, Belgium, ka 1504. Mohla a etetseng ntlo ea baitlami ea Parc, a fumana mengolo e ngotsoeng ka letsoho ea seithuti sa Letaliana Lorenzo Valla e bitsoang Annotations on the New Testament. Pokello ena ea mengolo ea Selatine ea Mangolo a Bakreste a Segerike ea hotetsa thahasello ea hae ea ho batla liphoso mangolong, e neng e bolela ho bapisa liphetolelo tsa boholo-holo le mengolo ea Bibele e ngotsoeng ka matsoho hore a fumane se neng se boleloa ke libuka tsa pele tsa Bibele. Erasmus a ikemisetsa ho sebeletsa ho lokisa se neng se ngotsoe mangolong a pele a Bibele.

Erasmus joale a etela Italy ’me kamor’a moo a etela hape Engelane. Ha a haola ka lithaba tsa Alps a hopola mohla a neng a kopana le Thomas More, ’me a nahana ka lebitso la hae (moros, le bolelang “sethoto” ka Segerike) o ile a susumetseha hore a ngole buka ea metlae, eo a ileng a e bitsa Praise of Folly. Ho eona bothoto bo phahamisitsoe ’me bo kenelletse le likarolong tsohle tsa bophelo, empa ha ho moo bothoto bo bonahalang ka ho hlakileng ho feta ho ba ithutang lithuto tsa bolumeli le baruti. Ka tsela ena a pepesa tšenyo e entsoeng ke baruti, e ’ngoe ea lintho tse bakileng Karoho, eo joale e neng e se e tsapotse. “Ha e le ka bo-papa,” a ngola, “haeba ba ipolela hore ke balateli ba baapostola ba lokela ho hlokomela hore le bona ho lebeletsoe hore ba bonahatse lintho tse neng li etsoa ke baeta-pele ba bona.” Empa ho e-na le hore ba etse hoo, a re, ba nahana hore “ho ruta batho ke mosebetsi o boima haholo; ho hlalosa mangolo ke ho hlasela litokelo tsa batho ba rutehileng; ho rapela ke ho bontša ho hloka mosebetsi.” Ha ho makatse ha ho ne ho boleloa hore Erasmus “o na le matla a hlollang a ho hlalosa!”

Khatiso ea Pele ea Lengolo la Segerike

Ha a ntse a ithuta Segerike Univesithing ea Cambridge Engelane, Erasmus a tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa ho lokisa liphoso Mangolong a Segerike a Bakreste. Motsoalle oa hae, Martin Dorpius, a leka ho mo kholisa hore phetolelo ea Selatine ha e hloke ho lokisoa liphoso hore e lumellane le ea Segerike. Dorpius a hanyetsa, na ho ne ho ka etsahala, “hore kereke eohle ea Khatolike e etse phoso ka lilemo tse ngata hakana, ha e le moo e ile ea ’na ea sebelisa polelo ena le ho e tiisa?” Thomas More a ikopanya le Erasmus ho lokisa liphoso tsena, a hatella hore ho hlokahala Bibele e nepahetseng ho ea ka mangolo a boholo-holo.

Mane Basel, Switzerland, mohatisi e mong, Johannes Froben, a susumetsa Erasmus hore a qete mosebetsi oa hae kapele. O ne a utloetse hore Mokadinale Ximenes oa Toledo Spain, o ne a ntse a fetolela Testamente ea Segerike le Selatine ka 1514, empa o liehisitse khatiso ho fihlela ha Bibele eohle e phethoa. Qetellong e ile ea lokolloa e le Complutensian Polyglot ka 1522. Khatiso ea Erasmus e ile ea phatlalatsoa ka 1516, e le khetlo la pele “Testamente e ncha” ka Segerike sa boholo-holo e phatlalatsoa.

Ho potlakisoa ha eona hore e qetoe ho ne ho bolela hore e na le liphoso tse ngata.a Ho feta leha e le mang Erasmus ka boeena o ile a hlokomela sena, ’me likhatisong tse latelang o ile a lokisa boholo ba liphoso tseo ho neng ho khoneha hore li lokisoe. Luther le William Tyndale ba ile ba li sebelisa bakeng sa ho fetolela Bibele Sejeremaneng le Senyesemaneng. Sena e bile tšepo le takatso ea Erasmus, ’me o ile a ngola sena selelekeleng sa moqolo oa mangolo a Segerike: “Ke lakatsa ha mangolo ana a ka fetoleloa lipuong tsohle. . . . Ke lakatsa hore molemi a bina mantsoe ana ha ntse a setse mohoma oa hae morao.” Le hoja phetolelo ea Erasmus e ne e sa phethahala, e ile ea qalisa mosebetsi oa bohlokoa oa ho batla liphoso liphetolelong, e leng ho entseng hore liphetolelo tsa kajeno tsa Bibele li nepahale.

Leha ho le joalo, ha se bohle ba ileng ba thabela buka ena. Liphetolelo tse ling tsa Erasmus li ne li nyatsa baruti. Ka mohlala, nka lengolo la Mattheu 16:18 le reng: “U Petrose, ’me ka holim’a lejoe lena, ke tla haha kereke ea ka.” (Douay) Erasmus a makala a bolela hore mantsoe ana a ne a lokela ho sebelisoa ka ho khethehileng ho mopapa, a hana ka ho feletseng polelo ea hore Petrose o ne a phahametse ba bang bohle. Ena e bile polelo e sebete moqolong o neng o khethetsoe mopapa. Ha ho makatse ha bongata ba mangolo a Erasmus a ne a thibetsoe, ekasita le li-univesithing.

Se bontšang hore Erasmus o ne a amehile ka hore Bibele e utloisisoe, ke mosebetsi o ngotsoeng ke eena ka 1519 o neng o bitsoa Principles of the True Theology. Ena e ileng ea bontša mokhoa oa hae oa ho ithuta Bibele, le melao ea ho e hlalosa. Sena sa kopanyeletsa hore le ka mohla ho se tlosoe temana ho seo e se bolelang kapa ho seo mongoli a neng a se nahanne ha a ngola. O ile a bona hore mangolo ’ohle a lumellana. O ile a phea khang hore hlaloso ea eona e ka hare ho eona, e seng kantle ho maqephe a eona.—Bapisa Genese 40:8.

Erasmus le Luther

Ka 1518 Erasmus a ngola buka e bitsoang Familiar Colloquies, eo hape e ileng ea hlasela ho bola ho ka har’a kereke le matlong a baitlami. Selemo pele ho moo, ka sebete moruti Luther o ne a sa tsoa khokhothela lintho tse mashome a robong a metso e mehlano tseo a li nyatsang lemating la kereke ea Wittenberg, a hana lichelete tse lefisoang batho tseo li neng li se li entse sekhopi naheng tse ngata. Ka nakoana ho ile ha bonahala eka Erasmus le Luther ba tla kopana ho tlisa liphetoho tse hlokahalang empa mehopolo ea bona ea hore hoo ba ho etse joang e ne e fapane hole. Ha hoa ka ha nka nako e telele pele Luther a qala ho nyatsa Erasmus hobane Erasmus a ne a batla ho sebelisa mokhoa o bonolo ’me a lakatsa ho sebetsa ka kerekeng. Ho ka boleloa hore Erasmus o ne a nahana ’me a ngola, ha Luther eena a sebelisa se ngotsoeng ke Erasmus.

Lekhalo la buleha ka 1524 ha Erasmus a ngola buka e reng On the Freedom of the Will. Luther o ile a hana khopolo ea hore motho o lokolohile ho etsa seo a se ratang, empa Erasmus a bontša hore sena se ne se tla etsa hore Molimo o bonahale o hloka toka, hobane ho ne ho tla bolela hore motho a ke ke a tsamaea tseleng e isang polokehong.

Ha Karoho e hola Europa, maemo a qobella boholo ba baeta-pele ba eona ho arohana le Kereke e Khatolike. Le hoja ba sa ka ba bonela pele liphello tsa eona, ba tsoela pele ka tsela eo ba e khethileng, eo hangata e ileng ea fella ka hore ba bolaoe. Empa Erasmus a intša tsekisanong, eaba o hana hore a beoe Mokadinale, ka lekhetlo le leng a lumela hore ha a ka beoa tekong, a ka ’na a oa joaloka Petrose. (Mattheu 26:69-75) O ile a leka ho sebelisa mokhoa o bonolo. Le hoja Roma e ile ea nka mengolo ea hae e le bohanyetsi e ile ea e beha libukeng tse thibetsoeng, baeta-pele ba bangata ba Karoho ba mo nyatsa ka hore a ineetse ho itšireletsa. A hlokometse phoso e ’ngoe le e ’ngoe ’me a lakatsa ho rorisoa, Erasmus kamehla o ne a le masene, a tšaba liphello tse tla tlisoa ke ho tloha ha hae Roma.

Kamano ea Erasmus le ho aroha e ile ea hlalosoa ka mokhoa ona: “E ne e le Moarohi ho fihlela Karoho e fetoha ntho e tšabehang; sesoasoi sa marako a bopapa ho fihlela a sutha tseleng; mohlohlelletsi oa mangolo ho fihlela ha batho ba nka boikarabelo ba ho ithuta oona le ho a sebelisa; a nyatsa boikaketsi ba borapeli ho fihlela ha bo nkoa e le ba bohlokoa; ka bokhutšoanyane; serutehi, motho ea masene, ea mosa, ea ratehang, lekoala, motho ea lika-likang, eo ka ho jara boikarabelo, a hanneng ho rorisoa ka baka la ho lokolla monahano oa motho bokhobeng ka lilemo tse sekete. Karohano pakeng tsa tsoelo-pele ea hae le ea Luther e ile ea ’na ea ba kholo ho fihlela ha qetellong ba se ba sa ee tulong e le ’ngoe, ho fihlela ho e-ba le hloeano pakeng tsa bona.”—Edinburgh Review, lxviii, 302.

Baarohi ba ne ba sa lumellane ka bobona ha ho fihloa tabeng ea thuto le mokhoa oa ho e sebelisa, ka hona liphetoho tse ileng tsa etsoa lekholong la leshome le metso e tšeletseng la lilemo tsa hloleha ho tlosa metheo e meholo ea meetlo e ileng ea pupetsa ’nete ea Lentsoe la Molimo ka makholo a lilemo. Empa maiteko a ho etsa hore Bibele e fihle ho motho feela a ile a tsoela-pele ho fihlela lena le holimo. Ntoeng ena, eo ho eona Erasmus a ileng a nka karolo, ho hlahile liphetolelo tse tšepahalang le tse nepahetseng tsa Bibele.

Ka hona, kajeno, ‘molemi’ a ka nka Bibele, kapa bonyane karolo ea eona, hoo e batlang e le ka lipuo tsohle ’me a ka thabela ho ithuta ka merero e meholo ea Molimo bakeng sa batho. Ka mofuthu Mangolo a re khothalletsa ho etsa hona hoo. Joaloka ha a bolela ho Pesaleme 1:2, 3 ha a bua ka motho ea lokileng: “Empa a ithabela molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana motšehare le bosiu. Ho joale ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi a koellang, se beang litholoana tsa sona ka khoeli ea tsona, tseo mahlaku a sona a sa foforeheng; se a se etsang kaofela sea mo atla.” Re se lumelle letsatsi ho feta re sa fumana thabo Lentsoeng la Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hobane kopi ea hae ea lengolo la Tšenolo e ne e sa fella, Erasmus a boela e fetolela litemana tse haellang tsa Segerike ho tsoa ho Latin Vulgate ho ea Segerikeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Erasmus, ebile moarohi ho fihlela ha ho Aroha e fetoha ntho e tšabehang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela