Lekala le Lecha Korea
E NE E LE ka 1952 ha limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li qala ho hatisoa ka puo ea se-Korea. Lilemong tsena tse ngata, ho fihlela ka 1982, ho hatisoa ha limakasine ho ne ho etsoa ke bahatisi ba khoebo naheng eo. Ka Lipaki tsa Jehova tse 30 000 tseo ha joale li kopanelang boboleling ba ’Muso Korea, ho hatisoa ha limakasine joale ho nyolohetse ho tse 100 000 khatiso ka ’ngoe, kapa tse batlang li fihla ho millione ka selemo! Na ho hatisoa ha limakasine tsena ho ka etsoa ke Lipaki tsa naha eo ka botsona, joaloka ha ho le joalo linaheng tse ling ho pota lefatše?
Ho khakoloa ha lekala le lecha le leholo Korea ka May 8 ho lokela ho etsa hore hona ho etsahale. U ka bona setšoantšo sa lekala le lecha leqepheng le latelang. Le hahiloe liakereng tse robong tsa naha likilomithara tse 64 ka boroa ho motse oa Seoul sebakeng se setle sa mapolasi a Kongdo, naheng ea Ansung.
Kaha sebaka se ne se le sieo bakeng sa ho amohela batho bohle ba neng ba tla ba teng ka letsatsi la khakolo, ba 1 882 ba neng ba le teng ba ile ba mengoa ka ho khethehileng. E ne e le nako e thabisang joang ho bona, ha ba utloa bao e leng khale ba le ’neteng ba boela ba pheta mahlohonolo a Jehova ka keketseho ea mosebetsi oa ’Muso mona! Har’a ba neng ba le teng e bile Don le Earlene Steele, baromuoa ba pele ba Korea. Ha ba fihla Korea ka Phato 1949, lilemo tse 33 tse fetileng, ba fumane Lipaki tse ka tlase ho tse mashome a mabeli. Boholo ba bona bo tsoa chankaneng le ho hlorisoa nakong ea ntoa ea Japane.
Lebaka ke Entseng hore Lekala le Lecha le Hahuoe
Baromuoa ba ile ba fallela lehaeng le letle leralleng la Sodaemun, motseng oa Seoul. Le hoja ntoa ea Korea, e qalileng ka 1950, e ile ea ba qobella hore ba tlohele naha eo ka nakoana, Don le Earlene Steele, kapele ba ile ba khona ho khutla hape ’me ba lula ntlong ea bona ea khale, eo joale e neng e e-na le likheo tsa libetsa tsa ntoa. Kamor’a moo kholo ea mosebetsi oa ’Muso ea potlaka. Ka 1953 ho ne ho e-na le baboleli ba 417. Ka selemo seo ofisi ea lekala e ile ea hahuoa naheng eo.
Baromuoa ba bang ba ile ba fihla ho tla kopana le ba ha Steele, ’me lilemong tse latelang keketseho e kholo e ile ea phamisetsa palo ea bahoeletsi ho 5 538 ka 1964. Selemong seo lenaneo la pele la ho haha le ile la etsoa Seoul. Ha hahuoa ofisi e kholo ea lekala, ha eketsoa matlo a litho tsa Bethele le Holo ea ’Muso ea eketsoa ho ea khale.
Lilemong tse latelang baboleli ba ’Muso ba amoheloa ka mofuthu ke batho ba Korea. Ka 1972 lenane la bahoeletsi le ipheta hararo, ho isa ho ba fetang likete tse leshome le metso e mehlano. Ho kena hona ha batho phuthehong ha hloka hore ho eketsoe sebaka sa ho sebeletsa. Ka hona ha eketsoa lehlakore le leng hape mohahong oa lekala Seoul, o ileng oa phethoa mathoasong a 1975.
Leha ho le joalo, keketseho mohahong hape e ile ea hlokahala, haholo-holo haeba libuka tsa Bibele li ne li tla hatisoa Korea. Kaha khatiso e joalo e ne e ke ke ea etsahala lekaleng la Seoul, ho ile ha nahanoa hore ho batloe sebaka se seng hape ’me ho hahuoe libaka tse ncha tsa mosebetsi. Ka tumello ea sehlopha se busang sa Lipaki tsa Jehova, ho ile ha qalelloa ho batla sebaka se loketseng sa ho haha lekala le lecha.
Ka baka la melao ea naha, ho ile ha bonahala hore haeba sebaka sa khatiso le seo ho luloang ho sona se ne se tla hahuoa sebakeng se le seng, ho ne ho tla hlokahala hore ho falleloe kantle ho motse. Qetellong, ho ile ha fumanoa sebaka limaele tse mashome a mane ka boroa ho Seoul. Sebaka sena se ile sa ngolisoa ’musong.
Sebaka sena se meru se na le lifate tse ntle tse telele, haesita le lirapa tsa lifate tsa apolekose. Se pota-potiloe ke mapolasi ao ho ke keng ha hlola ho hahuoa ho oona, kahoo, mapolasi ao a sireletsa hore ho se hlole ho hahuoa haufi le mohaho oa rona. Ekasita le pele ho rekoa ha naha ho phethoa, tumello ea ho haha sebaka sa ho hatisa libuka e ile ea kopjoa ’me ea fumanoa. Kamor’a moo ho ile ha etsoa kopo ea ho rema kotara ea lifate tsa sebaka seo ’me ea fumanoa, ha rengoa lifate tse makholo a supileng ho hleka sebaka moo ho tla hahuoa lehae la Bethele, mohaho oa ofisi le oa feketheri.
Hape ho ne ho e-na le mabitla a mashome a tšeletseng a metso e supileng sebakeng seo, hobane ke moetlo oa batho ho pata bafu ba bona lifateng tseo tse telele. Hoba tsebiso e ngoloe likoranteng, mabitla a leshome le motso o le mong a fumana beng ba ’ona, ’me a setseng a ile a fallisetsoa sebakeng sa mabitla a batho bohle. Kamor’a moo theko ea naha e ile ea phethoa ’me sebaka seo sa ngolisoa molaong ka lebitso la Watch Tower Bible and Tract Society of Korea.
Ho Hahuoa ha Lekala le Lecha
Hore ho tle ho fihlelloe lihlokahalo tsa molao oa naha le hore sebaka seo se tle se sebelisoe joaloka ha ho lumellanoe, ho ne ho lumellanoe ka lilemo tse peli feela tseo mohaho o neng o lokela ho phethoa ka tsona le ho sebetsa. Kahoo naha e ile ea lokisoa, mehala ea motlakase e ile ea kengoa ’me ha kengoa le mehala ea fono-fono. Tumello ea ho haha e ile ea fumanoa ka March 1981 ’me mosebetsi oa ho haha oa simolla kapele-pele.
Joaloka ha u bona setšoantšo se leng leqepheng le ka pele ho lena, mohaho oa ofisi o mekato e ’meli o hakahantsoe le mohaho o moholo oa mokato o mong oo ho tla hatisetsoa ho oona. Mohahong oa ofisi ho hahuoe liofisi tsa ho fetolela, le tseo ho hlahlojoang liphoso tsa libuka ho tsona, tsa lichelete, le tsa lefapha la tšebeletso, esita le liofisi tsa lehae la Bethele le tsa balebeli ba feketheri. Mokatong oa pele ho na le Holo e ntle ea ’Muso e sebelisoang ke lelapa la Bethele le phutheho e leng sebakeng seo ea Kongdo. Ho hopotsoe hore pele selemo se fela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka se-Korea li tla be li hatisoa sebakeng sena sa ho hatisa.
Mohaho oa ofisi le oa feketheri o ne o hakantsoe le mohaho oa lehae la Bethele ke tselana e leng kantle, ’me mohahong ona ho na le mohaho o leng ka tlase. Batho ba 70 ba lula lehaeng lena ka boiketlo ’me kamore e ’ngoe le e ’ngoe e na le bate ea eona. Ho boetse hape ho na le phaposi ea ho hlatsoetsa, libaka tsa ho terekela le ho roka, esita le ntlo e kholo ea ho phehela le ea ho jela. Ha ho ne ho lumelletsoe batho ba lulang sebakeng seo ho tla bona mohaho, matsatsinyana pele ho khakolo, mookameli oa banka e rutang batho mosebetsi a botsa: “Ke bomang ba lulang mohahong ona o kang hotele?” O ile a tsota mohaho oo.
Mehaho ena e metle e hahuoe ke bomang? Ho e kang basebetsi bohle e ne e le Lipaki tsa Jehova. Hobane ba hlokomela malapa, ha se bohle ba ileng ba sebetsa ba sa lefuoe. Empa basebetsi bana ba nang le malapa ba ne ba sebeletsa moputso o monyenyane. Hape, bo-pulamaliboho ba bacha basebeletsi (ba nako e tletseng) ba ka bang mashome a mararo ba ile ba biletsoa ho tla sebetsa. Le hoja ba ne ba se na phihlelo e itseng ea mosebetsi oa ho haha, ba ile ba koetlisoa ba ntse ba sebetsa, ’me ba fetoha basebetsi ba molemo mosebetsing oa ho haha. Ho feta, Lipaki tse ling tse likete tsa ithaopela ho sebetsa matsatsi a se makae.
Mosebetsi ona oa baithaopi o ile oa etsa hore litšenyehelo tsa ho haha li fokotsoe. Ho e ka bang lichelete tsohle tsa ho haha li ne li tsoa ho Lipaki tsa Jehova tsa Korea, hammoho le meneelo e menyenyane e tsoang liphuthehong tse thabelang e meng e tsoa ho batho ba leng linaheng tse ling. Meneelo ea amoheloa ho tsoa ho batho ba sa tšoaneng, ho bana ba banyenyane le ho batho ba tsofetseng.
Ho fallela lekaleng le lecha ho nkile nako e ka tlase ho libeke tse tšeletseng. Ha se feela lintho tsa botho tsa ba lulang lehaeng la Bethele tse ileng tsa fallisetsoa ho tloha Seoul empa le lintho tsohle tse sebelisetsoang ho ntšetsa pele mosebetsi oa lekala. Ha lefapha le itseng le fallisoa, le ne le fihla le qalella hang feela ha le fihla, le hoja mosebetsi oa ho phetha mohaho o ne o ntse o etsoa ka nako eo. Bohle ba ne ba ikemiselitse hore pele nako ea khakolo e fihla ba be ba se ba falletse ’me ba lutse hantle. Hobane’ng ha nako ena e bile ea bohlokoa ho rona?
Ke hobane lekala la Korea le ne le lebelletse ho amohela molebeli oa sebaka Robert Wallen ea tsoang ntlo kholo ea Brooklyn, le litho tse peli tsa Sehlopha se Busang, Fred Franz le Lloyd Barry, ba neng ba tla kopanela lenaneong la khakolo. E bile ka May 8, 1982 ha baemeli ba Lipaki tsa Korea ba 1 800 ba ne ba kopane ka thabo le moena Franz ha neela mehaho ena ea lekala ho Jehova Molimo le mosebetsing oa hae.
Lipaki tsa Jehova Korea li thabela ho ba le libaka tsena tse ncha tsa mosebetsi. Takatso ea bona ke ho li sebelisa ka botlalo ho phetheng mosebetsi oa ho ruta le ho bolela o ntseng o tsoela pele naheng ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lehae le lecha la Bethele, le leng sebakeng se ka holimo letsohong le letšehali, le hokahantsoe le mohaho oa ofisi le oa feketheri ka tselana.